sotho.1847.soccer1
Nako ya mokete wa dipontsho tsa matjhaba esitana le bokgoni ba bolo ya maoto - ke bua ka Jeremane 2006!
E fihlile...!
pale ka MARK GLEESON
photos by GETTY IMAGES/TOUCHLINE PHOTO
Ke makgaolakgang - Berlin Olympic Stadium.
HA SE feela o bitswang mokete o moholo ho feta yohle lefatsheng bolong ya maoto. O bile hape o feta le Dipapadi tsa Diolimpiki. Ena ke papadi e tshwarwang jwalo dilemong tse nne.
Mohope wa Lefatshe o se o fihlile mme jwale o se o ka betjha tlhodisanong ena eo ho yona ho ba teng ba llang le ba nyakallang!
Ke nako eo hape dihlopha tse 32 di tla beng di nkgisetsana mahafi, di tseka mohope ona wa kgauta o bontshang bokgoni bo boholo bolong ya maoto.
Dimilione tsa balatedi ba bolo di tla kopana mane Jeremane moo di tla thabela lehlabula la Yuropa ka papadi eo ba e ratang haholo.
Ho bonahala e hlile e tla ba mokete o pele jwalo ka ha ditekete tsa teng di ne di qale ho rekiswa dilemong tse pedi tse fetileng - mme dibilione tse ding tsa balatedi di tla be di bohile mokete ona thelevesheneng.
Ho na le ditlabotjha tse hlano tlhodisanong ena - tse tharo tsa tsona ke tsa mona Afrika - mme sena ke se seng sa dintho tse tla natefisa tlhodisano ena.
Empa he ho bonahala e ka e ntse e le dihlopha tse tsebisahalang tse tla ikgapela tlhodisano ena.
Dithatohatsi tse pele tlhodisanong ena ke Brazil le baahisane ba yona e leng Agentina, empa le ha ho le jwalo, le tsena tsa Yuropa dihlopha ha di a ipeha fatshe.
Dinaha tse kang Fora, Englane, Italy le Spain di hlile di mpe, athe o ntse o sa lebala le yona naha eo ho bapallwang ho yona e leng Jeremane leha hona jwale e sa na le mathatanyana.
Ho na le tse ding tse kang Czech Republic, Portugal kapa yona naha ya Netherlands e nang le balatedi ba diketekete mme le tsona di bonahala di tla qothisa Brazil le Agentina lehlokwa.
Afrika le yona ha e a ipeha fatshe, le yona e rata ho iponahatsa, leha ho le jwalo, letshepa la yona le ho Cote d'Ivoire le Ghana tseo ho tshetjwang hore di tla fetela mokgahlelong wa mantshano.
Ka nqa e nngwe, ha o a tlameha ho lebala dinaha tse kang USA le Korea Borwa.
Mona re tla bona dibapadi tse pele lefatsheng ka bophara mme ona e tla ba monyetla oo ho ona dibapadi di tla bontsha bokgoni ba tsona maemong a matjhaba... [s]
BONA SESOTHO - June 2006
Tlhodisano e kgolo lefatsheng!
Sheba dibapadi tsena tse pedi
Brazil le yona e na pale e ntle, jwalo ka ha dibapadi tsa mona Afrika tse maemong a matjhaba di hotse ka thata bolong, le yona naha ena e ne e tshwere ka thata. Naheng ena e tummeng ka bolo, ho na le moshemane ya hlwahlwa.
Kaka, ya bapallang AC Milan, o hlahetse Brazil mme tjhebeho ya hae, e mo etsa a ratwe dimakasineng le dikoranteng.
Mane Brazil ba mmitsa mokaubere. Ke sebapadi seo o ka se shebang papading e nngwe le e nngwe hobane moo a fetileng teng, ha ho mele jwanng.
Kaka, kapa yena Ricardo Izecson Santos Leite jwalo ka ha e le mabitso a hae ka botlalo, a kgahla Sao Paulo. Mmapala hare enwa ya hlwahlwa, o se a hlabile dintlha tse 22 dipapading tse 56 tsa liki mme Milan ya mo nka. O tshajwa ke dibapadi tse ngata tse hlwahlwa. Pele o re ke sebapadi se pele lefatsheng ha Zico yena a mo tshwantsha le mokapotene wa mehleng wa Brazil, Socrates.
Ho ile ha hlaka dipapading tse hlekelang Mohope wa Lefatshe hore Cote d'Ivoire e ka nna ya fihlela ho makgaolakgang mane Jeremane. Ona ke monyetla wa Didier Drogba, wa Chelsea wa hore a iponahatse.
Dikgweding tse mmalwa tse fetileng, o sa tswa etella pele naha ya Ivory Coast ho makgaolakgang a Mohope wa Dinaha tsa Afrika, e leng letshepa la hore dinaha tse ka bophirima ho Afrika di ka nna tsa etsa betere moo Jeremane.
Drogba o hlahetse Abidjan, Ivory Coast, pele ba habo ba fallela Fora ha a le dilemo di hlano. Malomae, Michel Goba, eo a neng a dula le yena hobane ntatae a batla a kene sekolo Fora, o ne a bapala liking ya bobedi ya Fora. Drogba o ne a bapale Levallois a sa le monyane a bapalla liki ya bobedi dilemo tse nne kaofela.
O ne a ngodiswe ke sehlopha sa Guingamp mathwasong a 2002 mme a hlaba ntlha ya pele kgahlano le sehlopha sa Metz mme a hlaba tse ding tse pedi pele selemo seo sa bolo se fela. Dintlha tseo a neng a di hlabe ho Guingamp, di ne di mo etse a nkwe ke sehlopha sa Olympique Marseille, moo a neng a qete selemo se le seng a ba a bapala le Mohopeng wa UEFA moo a neng a qetelle a se a kgethilwe jwalo ka sebapadi se pele naheng ya Fora.
Chelsea e ne e etse pale ka ho reka sebapadi sena sa Afrika, Drogba ka tjhelete e ngata, mme a tlela sehlopha sa hae le tlholo ya bompodi ba liki a ba a se hlabela le ntlha kgahlano le Liverpool.
Ha sehlopha sena se ntse se mo beha maemong a bonaledi, yena o ne a ikahela lebitso sehlopheng sa naha. Dintlha tsa hae tse robong tseo a di hlabetseng naha ya habo, di ne di netefatse hore naha ya habo e feta Cameroon mme ya ba betlela tsela e lebang mohopeng wa lefatshe.
Moshemane ya bohlale wa Brazil...
BONA SESOTHO - June 2006
Na mohlabadintlha wa Chelsea, Didier Drogba o tla hlaba ntlha kgahlano le Cote d'Ivoire"
u
Mohope wa Lefatshe 2006
BONA SESOTHO - June 2006
Ditlhodisano di hlophisitswe ka hlompho ya FIFA, mme di ka nna tsa tjhentjhwa ntle ho ditsebiso. Dinako tsona di nahanelwa ka Nako ya SA. Bala le dikoranta ho di netefatsa.
BONA SESOTHO - June 2006
