sotho.1846.force
Tlhompho e ikgethang
Re tla dula re o hopola
BONA e hopola metsotso ya qetelo ya Bra Force Khashane mosebetsing le ka moo ba neng ba fonanisane ha monate ka teng le abuti wa bona eo ba neng ba mo rata ba bile ba mo hlonepha
BA ha BONA ba ne ba tshohe, ba sulafallwa ha ho thwe Bra Force Khashane o se a re siile. O ne a thunngwe lapeng la hae mane Soweto kgweding e fetileng. Ba bang ba rona ba ne ba re ho yena ka nako eo a tsamayang mosebetsing, "Re tla bonana hosane" athe ba bang bona ba ne ba tshepisane hore ba tla qoqa le yena mohaleng ha ba bang ba ne ba itse ba tla mo romella melaetsa ya e-mail empa tseo tsohle ha di a hlola di phethahala.
Letsatsi la hae la ho qetela mosebetsing ebile le ikgethang haholo leo re tla dula re mo hopola ka lona hobane o buile le batho ba bangata le hona ka ditaba tsa kgotso feela.
Moqolotsi wa rona Kamogelo Sebola o re Bra Force o ne a tle ho yena le setshwantsho sa mokwetlise Steve Khompela. A mo botsa hore o bona a le motle na kapa tjhe, bobedi ba tsheha haholo, ba bona botlokotsebenyana bo neng bo bonahala mahlong a hae.
Moqolotsi wa tsa boithabiso, Ntokozo Maseko o ne a ngola pale ka diketsahalo tsa mehwanto ya Meadowlands mme a sa fumane ditlhalosetso hantle ho internet. "Ka botsa Bra Force hobane ke ne ke tseba hore o na le tsebo e ntle, ka fela ka thusahala." Eitse ha a se a tsamaya a re ho yena: "Ha ke re ho monate ho dula le nna?" Seo ke neng se sa se tsebe ke hore, ke a qetela ho mo bona kapa hona ho qoqa le yena.
Tsatsing leo, Bra Force, ha a ka fonanisa basebetsimmoho le yena ha Bona jwalo ka tlwaelo. O ne a etse se ikgethang. E ne e ka ha ho motho ya tatetseng ho balehela sephethephethe le ba phakisang ho tsamaya, ba ne ba dule.
O ne a kwale kantoro ya hae, a sheba tse ding tsa ditshwantsho tsa dipale tseo a neng a di ngotse, a fonanisa hantle pele a tsamaya.
A kgutla tseleng mme jwale a fihla a iqoqela le banana bao ba ha Bona, a ba botsa ka bonngwe hore diboko tsa bona ke bomang, a re ba thelle a utlwe monate.
A ba mamela mme a tsheha ba neng ba sa itsebe, le yena a thella ka motlotlo. Eitse pele a ba furalla, a ba botsa hore ba tseba lentswe lena 'riperile' na kapa tjhe.
Thato-ya-Ona Lerefolo, setsebi sa feshene sa Bona sa mo bolella hore ke la Seshangaane le bolelang hore "letsatsi le diketse." A oma ka hlooho mme a le toloka le ka Sezulu, Sepedi le Setswana - pele a tsamaya.
Mohlomong e ne e le tsela eo a re rutang ka yona kapa e ne e le tsela ya hae e ikgethang ya ho re fonanisa. Leha dipelo tsa rona di sa ntse di le bohloko empa re kgotsofaditswe ke ka moo a re fonanisitse ka teng, aubuti wa rona eo re neng re mo rata re bile re mo hlonepha.
Robala ka kgotso Bra Force.[s]
Ka: Ntokozo Maseko
Basebetsimmoho le yena ba tla dula ba mo hopola Force.
Dorah Ditshwene wa Mageu
Number 1 ya neng a sebetsa le mofu ho Bona Empowerment Club o bala Bibele.
O siile mohatsae Palesa.
Moholwana mofu ya utlwileng bohloko Solomon Khashane.
Ho tloha ho le letshehadi: Mohlophisi wa BONA Sbu Mpungose, baqolotsi Ntokozo Maseko le Kamogelo Sebola moketeng wa sehopotso sa mofu.
Bahlophisi ba mehleng ba City Press, Khatu Mamaila (ya hare) le Mathata Tsedu (le letona) ba ne ba le teng le bona ha Bra Force, Orlando mohla phupu ya hae.
Robala ka Kgotso, ntate Force Khashane.
Moradi wa mofu, Maphoko, 8 (le letshehadi) le abutiae Khashane (15) ba tshediswa ke ba lelapa.
Sebui sa Orlando Pirates, Mickey Modisane o re Bra Force o ne a ena le boikokobetso a bile a rata bolo haholo.
Moqolotsi Joe Khumalo o tshositswe ke sehloho seo a mofu bolailweng ka sona.
Mofu Force o iswa nqalong ya hae ya qetelo.
