sotho.1095.cellphones
IKAMAHAHANYE
O kgathetse ke bonokwane? Kgoba matshwafo. Mohlomong sebetsa sa ho bo lwantsha o se tshwere. Afrika Borwa yohle baahi ba amme ka sebetsa se le seng - mohala wa letsoho, o ba ka lwantshang dinokwane tsena tse kgathatsang
BEN KHUZWAYO o ne a leba leboya a tloha Pietermaritzburg, o ne a bone koloi ya moetso wa Ford, e mmala o bolou e mo seha tsebe bohlaswa e ba e seha le koloi ya moetso wa VW Polo e neng e le ka pela hae. Ben o ne a bone Polo eo e tswa taolong mme mokganni wa yona a otlana fenstereng e ka pele ya koloi.
Ka ho panya ha leihlo, Ford e ne e se e le ka pela Ben. O ne a tlamehe ho tsokolla ya hae a e ntsehetsa ka thoko ho mmila.
O ne a bone setshwantsho se kang sa motho haufi le lebidi la koloi eo e nngwe. Bona, botahwa bona ba hao bo mpaketse hore ke be ke tswe mmileng, ho bolela Ben nakong eo a neng a tsokolla koloi ya hae a e busetsa mmileng.
Ho ne ho se mapolesa sebakeng seo sa ketsahalo mme Ben a a tlalehela sena ka selefounu. O ne a latele koloi eo ya Ford metsotso e ka bang e mene. Ka ho panya ha leihlo, mapolesa a ne a fihle mme mokganni eo a kwallwa.
"Re thabela seo o se entseng," ho bolela le leng la mapolesa ho Ben. "Letawa lena le bakile e nngwe kotsi bosiung bona!"
Kgwedi le kgwedi Afrika Borwa, batho ba letsa mehala e ka bang 50 000 ho tlaleha diketsahalo tse mpe tse kang tsa ba kgannang ba tahilwe, bonokwane le ho kwetelwa ha makoloi.
Mapolesa a bolela ha beng ba diselefounu e le mahlo le ditsebe tsa bona mona mebileng.
Ho buisana
Bongata ba Maafrika Borwa a na le diselefounu mme ba re ha e sa le ntho ya ho kgaba empa ke e nngwe ya ditlhoko tsa motho.
Ka lebaka la botshepehi ba tegniki ya teng, basebeletsi ba tsa pholoso ba tshepela ho yona nakong ya diketsahalo tsa koduwa tse kang dikgohola, difefo, ho reketla ha lefatshe le hlaha.
Le mapolesa a sebedisa tsona ha a kgathetse ke lerata lena la diradio tsa ona.
Ha jwale, bongata ba batho bo tshwarisa bakganni ba kgannang ba tahilwe mmoho le ba tlolang molao.
Hoseng ha letsatsing le leng, ha re etsa mohlala, mathwasong a Pherekgong, koloi e nngwe ya moetso wa Tazz, e mmala o bolou, e ne e thinye borokgong mme ya shebana le e neng e palamisitse bana ba sekolo.
Ka ho panya ha leihlo, mokganni wa Tazz eo, o ne a akgele seqhomane koloing ya baithuti, a lematsa e mong wa bona.
Ka ho panya ha leihlo, mokganni e mong o ne a letsetse mapolesa ka selefounu. Rasethunya eo o ne a nyamele hara dikoloi moo ha a qeta ho thunya.
Baahi ba ne ba bone koloi e neng e pshatlehile fenstere lehlakoreng e pakile haufi le sebaka se kobollang dikoloi. Ba ne ba phakise ba hopola ketsahalo eo ba neng ba e utlwile hoseng mme ba letsetsa mapolesa. Dihoreng tse ka tlase ho tse 18 ho thunya ho etsahetse, rasethunya eo o ne a se a tshwerwe.
Ho thibela
Diselefounu ke e nngwe ya ditsela tsa ho thibela bonokwane, haholoholo basading ba kgannang ba le bang bosiu.
Grace Mhlongo, o ne a fuwe selefounu ke ntatae, Jacob, ha a ne a kopanya dilemo tse 24.
"O dutse o kganna," ke yena eo. "Tsamaya le yona e tla o thusa ka nako ya tshohanyetso."
Pele ho fela dibeke tse tharo ka mora moo, Grace o ne a leba lapeng ha a tla bona lori e bolou e neng e tsamaya bahlankanyana ba babedi e tla e mo latela. E ne e mo tobe, ba leka ho mo ntsha tseleng, empa ka lehlohonolo, o ne a kgone ho ba qoba a ba a boela tseleng hape.
Leha e se e mo fetile, lori ena e ne e ntse e ya kwana le kwana.
Grace o ne a hlokomele hore motho a ka nna a shwa neng kapa neng mebileng. Leha ho le jwalo o ne a se mong. Mmila o ne o le ngwese. Seo a neng a se bona feela, ke polasinyana thokwana mane eo le yona ho neng ho sa hlake hore ho teng batho ba phelang ho yona kapa tjhe. Ha a sheba setulong se ka thoko ho yena, a bona selefoune. A tobetsa nomoro ya tshohanyetso mme a bolela sepolesa se neng se etsahala. "Kgoba matshwafo", ho bolela ya neng a tshwere mohala. "O se ke wa ba wa leka wa ema, mapolesa a tseleng."
Lori ena e ne e tshekalle mme ya kwala tsela. Grace jwale a tlameha ho ema.
Ka nako eo, Grace o ne a behile mohala tsebeng mme a tonetse mokganni wa lori eo mahlo. "Mokganni eo a hlokomela hore ke letsetsa mapolesa." A tjhetjhise lori ya hae mme a tshola tlhako morong.
Grace a nka dinomoro tsa lori eo a di neha mapolesa. Ka mora moo, o ne a letsetse ntatae a ntse a thothomela ke letswalo: "Ke leboha mpho ena e makatsang."
Ha morao batho bao ba lori eo, ba ne ba tshwarwe.
Ho bolokeha
Nakong eo diselefoune di qalang ho hlaha, mapolesa a ne a ngongorehiswa ke taba ya hore di tla baka dikotsi tse ngata ha batho ba bua ka tsona ba kganna.
Ho ne ho thehwe molao o motjha o bolelang ha ho se molaong ho kganna o bua le selefounu. Ke ntho e kotsi. Empa haeba o e sebedisa ka nepo - molemong wa ntho bohlokwa, diselefounu tsena di ka etsa hore ho bolokehe mmileng, haholoholo ho tlaleheng bakganni ba kgannang ba tahilwe.
Ngwahola, Freddie Mkhize nakong eo a neng a kganna a leba ka lebopong le ka leboya ho KZN, o ne a bone papatso e neng e bolela ka moo o ka tlalehang ka teng bakganni ba tahilweng nomorong ya tshohanyetso.
Haeba bakganni ba kentse dinomoro tsena mehaleng ya bona, ba tlameha ho e tjheha ka nepo hore motho a tobetse nomoro e le nngwe feela, ba hokahane le ba ditshebeletso tsa tshohanyetso.
Freddie, jwalo ka mosebeletsi wa masepala, o ne a be motlotlo hore le bona ba thakgole lenaneo la mofuta oo lebatoweng la habo.
Bosiung bo bong, e ne e re a tsamaya le morahae, Vusi, a bona koloi eo ba neng ba e latela e ntse e ya kwana le kwana e tjhentjhanya mela.
"Ha re mo behe merebele," ho rialo Vusi. Freddie a fela a e behe merebele mme a nka dinomoro tsa yona a letsetsa balaola sephethephethe.
Mokgwa oo, o ne o sebetse!
O ne a e latele ka hloko ho fihlela koloi eo e emisa karatjheng e nngwe moo mapolesa a neng a fihle a mo tshwarela teng. O ne a fetisitse tekanyetso e dumeletsweng ya jwala ho phetilweng hararo.
"Re tlisitse polokeho mmileng kajeno," ho rialo Freddie ho Vusi nakong eo ba neng ba se ba leba lapeng.
Ho a makatsa
Maafrika Borwa a nang le diselefounu jwalo ka nna le wena, a ka etsa dinokwane tse ngata di kwallwe ka mokgwa o makatsang.
Hoseng ho hong ka kgwedi ya Tshitwe, Robert Dlamini a iphetela haufi le banka ya hae mane Verulam, o ne a bone monna e mong a tshwara banka poho. Dinokwane tseo di ne di tshole tlhako morong ha di qeta mosebetsi wa tsona, tsa kena koloing e nngwe. Robert o ne a ba sale morao a ntse a letsetsa mapolesa.
"Ke bua le wena tjena ke setse koloi ya dinokwane tse sa tswa tlatlapa banka morao," ke yena a bolella sepolesa.
Robert o ne a sale dinokwane tseo morao ho fihlela di mo lahlehela. O ne a eme moo, mme ya re ka mora metsotso e seng mekae, mapolesa a fihla.
"Ha re ye," ke lepolesa le bolella Robert hore a kene koloing ya lona ba latele dinokwane tseo. Eitse ha ba kenella mmileng o moholo, ba fumana dinokwane tseo di se di emisitswe ke a mang mapolesa.
"Ke bona," ho bolela Robert.
Robert o ne a le motlotlo haholo ka mohala wa hae nakong eo a boelang koloing ya hae. O ne a o rekela kgwebo, o ne a sa ipolelle hore ka le leng o tla tshwarisa dinokwane ka ona. Re a utlwisisa hore motho a ka ba mathateng, empa leha ho le jwalo, ho teng seo o ka tshepelang ho sona, selefounu ya hae! [s]
Tsela e ntjha ya ho lwantsha bonokwane S.A.
BONA SESOTHO June 2008
pale INKOSAZANE SITHOLE SETSHWANTSHO ALEXIS DIACK
'Hela wena! O ntjhebe hantle! Ke bitsa mapolesa jwale!'
BONA SESOTHO June 2008
BONA SESOTHO June 2008
Bosiung bona mebila e tla bolokeha
