sotho.1845.boss
KELETSO
Ba nehe seo ba se batlang...
Ha o sheba sekgeo sa kgebo mmarakeng, o tlameha ho ba sedi, o tsebe se etsahalang, o je masapo a hlooho o shebe hore ke eng e ntjha wena o ka hlahang le yona!
Sa bohlokwa ho di feta, o tlameha ho neha batho seo ba sa batlang, e seng seo wena o nahanang hore ba a se hloka
FRAN PIGGOTT, setsebi sa dipapatso
Itshebetse!
Mang le mang o labalabela ho ba le kgwebo - ho monate ho itshebetsa, o be le tjhelete e ngata - empa he ha ho bobebe. Nnete ke hore, di mmalwa haholo dikgwebo tse atlehang ho fele selemo. Empa ha o le bohlale, o ka atleha! Tlo re o hlahlelle... Pale ka Grace Khuzwayo
NGWANA Mosotho o ne a sa fosa ha a ne a re 'ha di fumanwe di tonositse;' bona feela, le ha o ka ba le monahano o motle hakakang wa kgwebo, empa hore o atlehe, e be kgwebo e sebetsang, o tlameha ho sebetsa ka thata, le ka boinehelo. Paleng ena e ikgethang, BONA e a o hlahlella...
O be motho ya jwang - tseba seo o tlamehang ho ba sona.
Tseo o ka di lekolang - tseba tseo o tlamehang ho di etsa pele o ka qala.
Sheba sekgeo - sheba tlhokeho ya tshebeletso kapa thepa eo o ratang ho hweba ka yona.
Bua le batho - bapatsa kgwebo ya hao.
O na le se hlokahalang?
Mona o tlameha ho tshepahala e le ka nnete. O tla pakelwa haholo ke ho bona batho ba seng ba atlehile ka lebaka la boinehelo ba bona. Le wena o tla ipona o se o le maemong a bona, o se o tshwere ya hao kgwebo. Ka nako eo, o tlameha ho ipotsa hore, e be o motho ya nepahetseng bakeng sa kgwebo eo ya hao kapa tjhe. A na ho jwalo...
LERATO!
O tlameha ho rata mosebetsi wa hao, o se etse hlahlafethe mosebetsi ha o etsetswe makgethe hobane feela o batla tjhelete.
NNETE!
Tseba hore ha di fumanwe di tonositse.
SEBETSA KA THATA!
Ha o itshebetsa, e ba malala-a-laotswe ho sebetsa dihora tse ngata. O tlameha ho itshwara hantle jwalo ka monga mosebetsi. Se ka fihla mosebetsing ka mora nako kapa hona ho thisa ntle le mabaka.
TSAMAISANA LE MAEMO!
Eba motho ya kgonang ho fetola mawa ha mathata a hlwa manolo hodimo!
E BA BOHLALE!
Eba le mekgwa le ditsela tsa ho bapatsa kgwebo ya hao.
EBA HLOKOLOSI!
Tseba bohlokwa ba tshwaro e ntle ya bareki.
Papatso
O SE o loketse kgwebo? Ke nako ya hore jwale o tsebise setjhaba ka morero wa hao o ntse o sa lebala hore morero o moholo haholo ke wa ho etsa phaello!
"Haeba e le mofuta o motjha wa kgwebo, ho tla nka nako le tjhelete e ngata hore kgwebo e tsebisahale, ka hoo, o tlameha ho ba le tjhelete e lekaneng bakeng sa papatso," ho bolela e mong wa ditsebi tsa dipapatso.
Mokgwa o betere o bileng o sa bitseng wa ho bapatsa, ke wa ho "bapatsa ka molomo," ho be teng le bareki ba buang ka yona ho ba bang. Sena se ka etswa ke bareki ba kgotsofetseng ka kgwebo ya hao feela.
Leha ho le jwalo, o ntse o hloka mokgwa o mong wa ho bapatsa.
O ka bapatsa dikoranteng kapa o etse dipampitshana.
O ka bapatsa dithupeng tsa mabone a mmileng le meqomong ya matlakala mmileng. Etsa dipatlisiso ka mekgwa ena ya papatso mme o bone hore o ka kgona kapa tjhe.
Eba le letlapa la papatso moo o sebeletsang teng, o bapatse le koloing ya hao.
Dintho di pedi, o tlameha ho tseba hore ke bo mang bareki ba hao, ho seng jwalo, o tla be o itshenyetsa nako le tjhelete.
Ha re tla tabeng ya matlapa le dipampitshana tsa ho bapatsa, netefatsa hore di etswa ka bokgabane bo boholo. Ho ngola leha e le ha jwang feela, ho ke se hohele bareki.
BONA SESOTHO September 2008
IMATLAFATSE
KELETSO
Se je lepotlapotla...
Haeba o qala kgwebo o sebetsa, se potlakele ho dihela mosebetsing pele kgwebo ya hao e "setlela."
Re ka etsa mohlala ka hore, haeba o rata kgwebo ya ho pheha, qala ka ho pheha ka mafelo a beke feela. Haeba ho bonahala hore mosebetsi o mongata mme o a o imela, seo e tla ba sesupo sa hore kgwebo e tla hantle.
DOREEN NGCOBO, monga kgwebo e atlehileng ya mopheho
BAKENG SA DINTLHA:
SEDA (Small Enterprise Development Agency) e fana ka dikeletso ho ba ratang ho iqalla dikgwebo tse nyane - ho kenyeletsa le mabitso a dibaka tse adimanang ka ditjhelete bakeng sa kgwebo. Ba na le makala Afrika Borwa ka bophara.
Ba letsetse ntlokgolo ya bona: 086-010-3703; kapa 012-441-1000; email: info@seda.org.za; Web: www.seda.org.za [s]
Ho fumana sekgeo
HLOKOMELA! O tlameha ho ba sedi pele o ka kwala sekgeo sa kgwebo seo o se bonang mmarakeng wa tsa kgwebo, ho rialo Fran Piggott, eo e leng moeletsi wa beng ba dikgwebo tse nyane le tse bohareng.
"Ipotse, mabaka?
"Hobaneng ho se motho ya etsang kgwebo ya mofuta oo?"
Ka ho le leng, ho ntse ho nepahetse ho rata ho bula mofuta wa kgwebo oo ho seng batho ba bangata ba nang le yona.
O tlameha ho qothisana lehlokwa le ba bang, seo ha se bolele feela hore o tlameha ho sebetsa ka thata, empa se bolela hore batho ba a e hloka thepa kapa tshebeletso ya hao.
Tsela e bobebe ya ho kena mmarakeng, ke ho sheba mathata mofuteng oo wa kgwebo mme wena o tle le tharollo. Seo se tla o netefaletsa katleho.
Re a fumana kae mathata ana? Mamela hore batho ba tletleba ka eng.
Ba tletlebela eng? O ka tla le tharollo?
BONA SESOTHO September 2008
Ya dikgwebo di putlama le pele di qeta selemo - lebakabaka e ba ho se rere ka nepo - ha ho lebaka le ka etsang hore kgwebo e se atlehe!
BONA SESOTHO September 2008
O na le sona se hlokehang?
PELE o ka qala kgwebo ya hao, ho na le dintlha tseo o tlamehang ho di ela hloko. Hara tsona re ka bala...
DITJHELETE
Ho tla ya ka mofuta wa kgwebo, o tla hloka tjhelete e lekaneng, e tla o sapota, wena le kgwebo ya hao nako e ka etsang bonyane dikgwedi tse tsheletseng ho ya selemong. Hopola - leha ho tla be ho se motho ya tla nne a o botse dipotso ka mosebetsi wa hao, empa hopola hore ha a yo motho ya tla o fa moputso kgwedi le kgwedi.
SEBAKA SA HO SEBELETSA
O tlameha ho sebeletsa sebakeng se loketseng kgwebo. Haeba o sebeletsa lapeng, netefatsa hore o sebeletsa moo o se nang ho phatsamiswa ke ba lelapa ka bonolo.
DISEBEDISWA
Di mmalwa matsatsing ana dikgwebo tse sebetsang ntle le dikhomputara. Hore kantoro e be e feletseng, e tlameha ho ba le khomputara e hoketsweng Internet, printer le motjhine wa fekese le tse ding disebediswa tseo o ka di hlokang.
BOKGONI
Ho molemo ho ba le bokgoni. Keletso ke hore o etse dithuto tsa kgwebo tse kang bookkeeping le marketing.
BONA July 2008
