SOTHO.1835.muthi
ka FORCE KHASHANE
SEJESO ke moriana o tshelwang dijong tsa motho ka kgopolo ya ho mo senyetsa bophelo - kapa ho mo etsisa se seng seo a sa se rateng. Hangata ha motho a jeswa ka kgopolo ya lerato o bitswa korobela ka puo ya lekeisheneng.
Hangata batho ba jeswa sejeso sena manyalong le meketjaneng. Malapeng a mang ha ho dumellwe mang kapa mang ho fepa baeti ba lelapa leo ba bohlokwa.
Bakeng sa lerato
Le ba jesang ba bang meriana ka kgopolo e "ntle" - mohlomong ya hore ba ba rate - ba lokela ho tseba hantle hore seo ha se a loka hohang.
Ho jesa batho korobela hobane o batla ba o rate kapa ba ananele sohle seo o se buang ho ka nna ha etsa hore ba kule hampe ho feta hore seo o se batlang se phethahale.
Hape ho bohlokwa ho hlokomela hore ho etsisa motho e mong seo a sa se rateng ke phoso e kgolo.
Na ha o thabele ho ratwa ke motho ya o ratelang seo o leng sona le ka mora hore a hlokomele ka moo o leng motho ya molemo ka teng ntle le hore ebe o jesitswe moriana" Na o ka kgolwa sohle seo o se bolellwang ke motho ya tahilweng"
Le kgale!
Ho jwalo le ka moriana, o tshwana le tahi. Ho molemo hore a o rate o le seo o leng sona ka ho rata ha hae ho ena le hore a be tlasa tshusumetso ya moriana.
Bakeng sa bobe
Jwale ba jesang batho ka kgopolo ya ho etsa bokgopo teng, ba batla ho ba utlwisa bohloko. Bang ba dumela hore ba ne ba jeswe ba robetse.
"Ke ne ke lore ke jeswa nama ya kgoho e nang le phoshwana e ntsho ka kgang. Hape ka hatellwa le hore ke je diboko hona moo torong," o boletse jwalo mobadi e mong lengolo la hae.
"Ha ke phaphama ka utlwa ho ena le ntho e sa tlwaelehang e ntsamayang ka mpeng. Ke ne ke e utlwa ka letsoho ha ke ithetsa, e solla ekare e batla ho tswa."
Ka nako eo o ne a le tjhankaneng mme o dumela hore e ne e be ho qaleha ha mathata a bophelo a hae."
"Ka mora matsatsi a mmalwa ka boela ka lora hampe hape. E ne e ka ke shebile karolo ya mpa ya ka e ka lehlakoreng le letshehadi mme ke bona ho ena le ntho e harahaneng jwalo ka kgofu. Phofotshwana ena e ne e ja letlalo la ka ke e shebile.
"Ka phaphama ke ena le sekaqa moo. Ha ke se pepeta ha utlwahala leratanyana.
"Kalafo eo ke e nehilweng ke ngaka ha e nthuse hohang. Ngaka e nngwe ekile ya mpolella hore ha e tsebe sena se ntshwereng."
E mong hape ya jesitsweng o itse lengolong la hae: "Ha ke eja dijo tse tswekere, ke nyekelwa ke pelo.
"Ka mora moo sefuba sa ka se ope ha bohloko. Dingaka tsa setho di re ke na le sejeso.
"Leha ke kapa ha ke thusahale ka letho. "
Kalafo
Ho itshireletsa, o lokela ho qala ka ho sireletsa lelapa la hao. Qala ka ho tiisa motse wa hao ka ho hira lethuela leo o le tshepang ka pele.
Hape leka ho nonya maikutlo a batho ba nang le tsebo ka mahloko a sefuba. Ka nako e nngwe e ebe e se sejeso e le mathata a lefu la pelo.
Tse monate ke tsa hore sejeso se a alafeha.
Na o ne o tseba hore lebese la podi le thethefatsa bohale ba sejeso"
Ba nang le mathata a sejeso motho a ka nwa lebese lena hang ha le qeta ho hangwa le tswakilwe le moriana o bitswang insizi yamadlozi, sena se tla bolaya sejeso. [s]
34 BONA SESOTHO - August 2006
Re bua ka ditlhare
Itshireletse sejesong!
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
