sotho.1834.motoring
Koloi tse nyane
tsa boleng
PALE GAVIN FOSTER
YA BOLENG
Daihatsu Sirion
Ho ya ka theko le matla a yona (esitana le boholo), Daihatsu Sirion, e bitsa hantle haholo mme hape ke e nngwe ya dikoloi tse tla rekwa haholo Afrika Borwa ha batho ba ka hlalosetswa hantle ka tsona. Daihatsu e tlasa taolo e kgolo ya Toyota - dikhampane tsena tse pedi di hlahisa tse ding tsa dikoloi tsa tsona di ena le matswao a Toyota le Daihatsu. Athe Sirion o rekiswa e le Toyota Passo dinaheng tse ding. Sirion e na le dikarolo tse ngata tse tshwanang le tsa Toyota Yaris.
Sirion e lebelo, ya 1,5litre e lebelo le fellang ho 185km/h athe ya 1,3litre yona e lebelo le fellang ho 173km/h.
Ena e nyane e seshwapha, e ntle, e na le sohle seo o ka se nahanang ka koloi ya maemo.
E na le dual Airbags, anti-skid ABS brakes, aircon, difenstere le diipone tse sebetsang ka konopo, radio le CD player le cabin e kgolo.
Mamati a buleha haholo e leng se etsang o kene le hona ho tswa ka bonolo ho yona, athe setulo sa ka morao sona, se a kgona ho robala ho o neha sebaka se anetseng sa ho laitsa.
Daihatsu e tumme ka ho aha dikoloi tse nyane empa tse nang le sebaka se seholo ka hare mme ena ke e nngwe ya tse pele tsa khampane ena.
Mofuta o motjha wa Sirion 1,3litre, o bitsa R109 995, ya 1,5litre o tlameha ho eketsa R10 000, athe ha o batla ya automatic teng, o tlameha ho eketsa R9 000 koloing o e rekang.
Mefuta ena kaofela e tla le service plan ya 75 000km dilemo tse tharo, e leng ntho eo o e hlokang.
DINTLHA TSA YONA
MOFUTA WA ENJINI: 4 cylinder fuel-injected DOHC
BOHOLO BA ENJINI: 1 298cc
BOHOLO BA TANKA: 40 litres
HA E TLETSE: (e nahanelwa hore e ka tsamaya): 550km
WARANTI: dilemo tse 3 kapa 100 000km
SERVICE PLAN: dilemo tse 3 kapa/75 000km
BOTLE KA YONA: Ke ya setaele, e a bitsa, e lebelo, ke ya boleng
BOBE KA YONA: Ha ho seo o se nahanang ntle le yona
BONA SESOTHO - May 2008
E qala kgweding ena! Karolo ya rona e ntjha ya dikoloi, e o tlisetsa dikeletso le tataiso thekong ya dikoloi tsa boleng. Kgweding ena re lekola dikoloi tse tharo tse nyane tseo e leng tsa boleng...
Kia Picanto
Picanto e a ntjhafatswa selemong sena sa 2008, karolo e ka morao, bonete, mabone le bampara ya ka morao tsohle di ntjhafaditswe.
Dikoloi tsena di kgolo ka hare leha di bonohala eka di nyane tjena. Di lebelo le fellang ho 152km/h.
Kia ke koloi o ka e thabelang jwalo ka ha baetsi ba yona ba bolela hore e hloka dilitara tse fetileng hanyane ho tse tsheletseng tsa peterole bakeng sa 100km.
Ntle ho moo, seo nka se bolelang ka dikoloi tsa ha Kia, ho ba le dintho tse ngata ha tsona, ho bolela ho bitsa ha tsona. Bona feela, mofuta wa EX o bitsa R105 995 hobane feela e na le di-airbags, aircon le mariki a ABS, tjheleteng eo ha e na le service plan kapa yona radio. Ka tjhelete eo, nka ithekela Daihatsu ya 1,3litre e nang le dintho tse ngata feela.
Tse monate ke hore ena le waranti ya dilemo tse hlano kapa ya 100 000km.
DINTLHA TSA YONA
MOFUTA WA ENJINI: 4 cylinder fuel-injected SOHC
BOHOLO BA ENJINI: 1 086cc
BOHOLO BA TANKA: 35 litres
HA E TLETSE (e nahanelwa hore e ka tsamaya): 500km
WARANTI: 5 dilemo kapa100 000km
SERVICE PLAN: Ha e a kenngwa - e fumaneha ha o e hloka
BOTLE KA YONA: Ke ya setaele, ke ya boleng, e a bitsa, e baballa mafura
BOBE KA YONA: E matla haholo
Honda Jazz
Dikoloing tse nyane tseo re ngotseng ka tsona mona, Honda Jazz ke yona e bitsang ho di feta. Di tloha ho R137 900 ho ya ho R159 800 mme sena se etsa hore ebe dikoloi tse bitsang ho tsena tse nyane.
Tse monate tseo nka di bolelang ka dikoloi tsa ha Honda, ke hore ke tsa boleng - khampane ya ha Honda e tswa pele lefatsheng ka bophara tshwarong e ntle ya bareki.
Haeba o sa nkgolwe, ke kopa o ke o nonye beng ba mefuta e fapafapaneng ya dikoloi maikutlo mme o tla ikutlwela, ba ha Honda ba o tiisetsa ho o tjhentjhela koloi ya hao ba o nehe e nngwe haeba ho le teng se sa o kgotsofatseng ka yona.
Nkare ke lehlohonolo hore ke nehwe koloi e pele ya Honda Jazz 1,5litre ya manual VTEC hore nke ke e sebedise nako e telele hore ke utlwe hore ke koloi e jwang. Hona jwale, ke se ke kopantse 5 000km ka yona empa ha e so ka e mpha mathata le hanngwe feela.
VTEC ke ya peterole e lebelo le fellang ho 188km mme e fihla lebelong la 100km/h ka metsotswana e ka tlase ho e 11 e tlohile.
Koloi ena e bokgabane, athe e bolokehile, ke koloi o ka e ratang.
Seo ke sa se rateng ka yona, ke hore mamati a yona a manyane, empa ke bona e ka baetsi ba yona ba etseditse hore e be bobebe, e dule e le matla.
Honda ke yona e tswang pele koloing tsena tse tharo tseo re ngotseng ka tsona mme hape e tswa pele le ho kgotsofatseng bareki. Ha o nka leeto le le lelele, o ka nka bapalami ba bane feela ho balwa le mokganni.
DINTLHA KA YONA
MOFUTA WA INJINI: 4 cylinder fuel-injected DOHC
BOHOLO BA INJINI: 1 496cc
BOHOLO BA TANKA: 42 litres
HA E TLETSE (e nahanelwa hore e ka tsamaya): 480km
WARANTI: dilemo tse 3 kapa /100 000km
SERVICE PLAN: dilemo tse 4 kapa 60 000km
BOTLE KA YONA: E lebelo, ke ya boleng, ke ya maemo
BOBE KA YONA: Ha ho se se kaalo seo nka se hlabang ka
yona [s]
BONADIKOLOI
BONA SESOTHO - May 2008
