SOTHO.182.yourfamily_pregnancy
Tataiso ya seo o ka se lebellang ha o imme o se o le dilemong tsa bo 35 le ka hodimo ho tseo
MOIMANA YA SENG
A HODILE
BAIMANA ba dilemo di ka hodimo ho tse 35 ba ba le mathata, haholo jwang ha motho a itsibula a se a le ka hodimo ho 40. Bophelo ba hae bo ba kotsing, ho ya ka moo e bolelang ka teng ngaka e belehisang, Ngaka Magezi Hlongwane.
Leha ho le jwalo baimana ba bangata ba dilemong tsena ba ntse ba iphelela hantle athe leha mathata a hlaha, a phakisa a rarollwe ka katleho. Jwalo ka baimana bohle, o tlameha ho se fetwe ke matsatsi a tliliniki kapa a ngaka, o je dijo tse phepo, o pheme kgatello. Ho se nwe le ho se tsube le hona ho fokotsa menyetla ya mathata boimaneng.
Ke ana a mang a mathata ao o ka nnang wa kopana le ona ha o imme o se o hodile:
O ka nna wa dieha ho nka mpa - mosadi ka mong o na le palo e itseng ya mahe mme ho tloha dilemong tse 30, a qala ho fokotseha. Ha o se o hodile, le menyetla ya hao ya pelehi e a theoha, ho be thata ho nka mpa.
Ha o le dilemo di ka hodimo ho tse 35, o nkile dikgwedi tse yang ho tse tsheletseng o sa nke mpa, buisana le ngaka ya hao. Menyetla ya ho qhalanelwa ke mpa le yona e ba mengata dilemong tseo.
Ho na le menyetla e 34 lekgolong ya ho qhalanelwa ke mpa ha o le dilemong tse pakeng tsa tse 40 le tse 44 le e 53 lekgolong ha o le dilemong tse ka hodimo ho tse 45.
Gestational diabetes - Ke mofuta wa lefu la tswekere o tlwaelehileng baimaneng ba hodileng mme o kotsi leseeng ka hore le hole. O ka nna wa hloka kalafo empa le ka nna la laoleha ka ho ja dijo tse nepahetseng le ho ikwetlisa.
Kgatello e hodimo ya madi - E ka ba kotsi ho moimana le lesea ha e sa laolwe ka tshwanelo. O ka nna wa shwa lehlakore kapa wa hlaselwa ke lefu la pelo kapa lesea le hole hanyenyane ka popelong.
Phema kgatello boimaneng. Ha o ena le kgatello e hodimo ya madi, netefatsa ho phethisa ditaelo tsa ngaka.
Ho beleha pele ho nako - Lesea le belehwang pele ho dibeke tse 37 tsa boimana le hlaha le le lenyenyane tlolo. Ho tlohela ho tsuba le ho nwa, ho ka o thusa ho fokotsa mathata ana.
O ka nna wa beleha ka opereishene - Ho beleha ka thata ho tlwaelehile baimaneng ba itsibulang ba le dilemo di ka hodimo ho tse 35. O ka nna wa ba le mathata a hore lelana le kwale molomo wa popelo.
Kgolofalo - Lesea le ba menyetla e meholo ya ho hlaha le holofetse, jwalo ka ho ba le Down Syndrome. Empa, diteko di ka bontsha ha mathata a le teng.[s]
Ditlhalosetso tse ding: www.pregnancy-info.com; www.mayoclinic.com
Pale: Kamogelo Sebola
BOIMANA BA HAO
Ha o ntse o hola ho ba thata ho nka mpa
PELEHI HO BONTATE
Dipalopalo di bontshitse hore bana ba tswalwang ke banna ba dilemo di ka hodimo ho tse 40 ba ba le menyetla e meholo ya ho ba le mathata a kgolofalo e jwalo ka autism. Banna ba dilemo di ka hodimo ho tse 650 ba ba le menyetla e meholo ya ho ba le bana ba holofetse.
