SESOTHO.1825.yourcelebs_coverstry
Inc, TLELAPO YA MAEMO
Ditshwantsho tsa pale ya rona ya sehlooho ya Kelly Khumalo di nketswe Inc The Club, se seng sa dibaka tse sa tswa bulwa mane Braamfontein, Jozi.
Ke ya maemo, mekgabiso ya teng e metle haholo, mme le a totobala lebaka le etsang hore Inc e ratwe haholo ke batho ba maemo a hodimo ba ratang boithabiso ba Jozi.
Mmino ho bapalwa wa House le wa R&B masiu a Moqebelo ha dikgorane di keteka meketjana ya tsona e ikgethang, ho bine le dinaledi tsa kwano le tsa matjhaba tse kang DJ Mixwell le Akon, Inc e hlophiseditswe ho natefisa selemo sena sa 2009 e le ka nnete!
Ho beheletsa sebaka o ka letsetsa: 011-403-9834.
PALE YA SEHLOOHO
O se a loketse ho ba mme!
KELLY KHUMALO ha e sa le morwetsana - hape ha a inyatse ka seo. "Borwetsana ba ka e ne e le sekola ho nna seo ke neng ke tla se rola ka nako eo ke seng ke rata ho etsa jwalo," ho bolela sebini sena se dilemo di 25, se neng se se se tumme ka hore ke Kelly "The Virgin" Khumalo, bang ba mo nyefola ka hore ha a bue nnete ka tsa bophelo ba hae ba lerato.
Haufinyane ha re ne re bua le Kelly o boletse hore rakgwebo ya neng a mo qele, eo hape ba nang le kgwebo mmoho, Prosper Makwaiwa ke yena monna ya bileng lehlohonolo, borwetsana ba hae bo lahlehetse ho yena. Empa o re ha se ho fela ha seo a neng a se etse ho yena, o boetse a mo siya le pelo e bohloko. O dumela hore dikamano tsa bona tsa lerato di ne di okametswe ke mathata, o re Prosper o tumme ka ho rata basadi hohle le dikoranteng.
"Ke ne ke lahlehelwa ke seriti sa ka ha ke ena le Prosper," ho bolela Kelly. "Ntho yohle e ne e potlaka. Ke ne ke dutse ke halefile ka dinako tsohle, ke pshatla mehala ka dinako tse ding, ke be ke mo betse le ka tlelapa ha a le haufi le nna. Ka bona hore ke lokela ho etsa kgetho, ka kgetha re arohane."
Ho kgaohana ha bona ho bile molemo haholo ho yena. O se a shebane le mosebetsi wa hae jwale. Hape, o na le monna e motjha bophelong ba hae mme Kelly o bile o bua le ka ngwana.
Lehlohonolo la naledi ena e holetseng Thokoza, Joburg e neng e qale ho bina kerekeng, le bulehile. O ntshetsapele albamo ya hae, Simply Kelly, e leng se etsang hore a hahlaule naha yohle - athe batshehetsi ba tla nne ba mo bone ho Rhythm City, karolong ya Sunay. Ho boetse hape ho na le tshepo ya hore o tla hlahisa lethathama la hae la diaparo tsa ka hare, filimi ka bophelo ba hae hape le khampane ya ditlolo e ka nnang ya mo sebedisa.
Kelly o motlotlo haholo ka katleho eo a e fihletseng. Ha re lokisetsa ho phatlalatsa pale ena o ne a hane ho re bolella ka khampane eo empa a re tjhelete yona e tla kena le menyetla ya ho ba sebontshi e bulehile.
"E tla ba tumellano ya ka ya pele ya mofuta ona mme ke thabetse ho ba le mesebetsi e meng ntle ho mmino."
Ho ba moemedi wa lethathama la ditlolo ho tla mo thusa le mminong le dipapatsong tsa TV hobane o tla dula a bonahala hohle. Kelly o re tsena tsohle o a di bona, empa ha di tshwane le monate a o lebelletseng wa ho ba mme.
BONA e kopane le yena lebenkeleng la dijo le phodileng mane Hyde Park hona Joburg. O ne a jele koto, ra ba ra lakatsa ho mo bona ha a se a tenne diaparo tsa baimana hore o tla ba jwang. Eitse ha re dula feela, moshemane e monyenyane a kgasetsa ka ho rona. A fetoha le yena hanghang, a mo bapadisa ho fihlela a tsheha.
"Ke se ke tatetse ho bona mpa ya ka e hola, ke eba le menyama le tsohle tse tsamaisanang le boimana, ha ke itshole!"
"Ke kgalla ho fumana ngwanana ya tshwanang le nna. Ke utlwa ke tshaba ho ya ka moo ke seng ke rata bana ka teng," o boletse jwalo a bile a leka ho ipata sefahleho a imakaletse.
"Ke ne ke hlahe mme a sa le monyenyane, ke ne ke sa batle seo ho nna. Hape ke ne ke sa batle ho ba le ngwana ke sa nyalwa." Ho bonahala ekare o tjhentjhile jwale, ha a sa emetse lenyalo. "Ke tla ba le ngwana jwale."
O bile a buisana le mmae ka taba ena. Ke ne ke re ho yena: 'Mme ke nahana ho ba le ngwana jwale! O a tseba keng"' O thabile haholo!"
Mme Ntombi Khumalo le yena o dumetse hore o ne a thabele qeto ya moradi wa hae ya ho iqalla lelapa. "Ke se ke ho loketse ho ba nkgono. Ke se ke bile ke qadile ho buisana le basebetsimmoho le nna ka mabitso a monate a setloholo sa ka, ha e le ngwanana, e tla ba Monica, a rehellwe ka rakgadi wa Kelly.
"Keletso ya ka ho Kelly ya botswadi ke hore a be le sebete jwalo ka nna. Botswetse bo monate empa ha ngwana a ntse a hola, o kopana le diphephetso tse ngata ke hona moo sebete se hlokahalang hape a se lahle tshepo.
"Kelly o hotse a se na ntate empa Modimo ebile yena ntatae, a tseba hore o dutse a ena le yena ka dinako tsohle," ho bolela Mme Ntombi.
Leha Kelly e le mosadi ya ikgonang, empa dintho tse kang boimana ha se tseo mosadi a ka iketsetsang sona a le mong. Jwale ke mang ntata ngwana"
Kelly a tsheha empa a phakisa a tjhentjha ha re nahanela hore e ka nna yaeba lekgowa leo ho neng ho buuwa ka lona ditabeng.
"Mang" Devan" Ee, hle, ke motswallaka eno. Batho ba dutse ba nahanela dintho disele." Ra leka ho mo hatella hore a re bolella moratuwa wa hae. A hadikisa mahlo a re: "Ha ke mo tsebe hantle. O, ho lokile he, o teng."
A hana ho re bolella lebitso la hae empa a re dikamano tsa bona di sa le ntjha.
A re hopotsa ka pina ya hae, Sobabili, moo a binang le Robbie Malinga moo a reng ditaba tsa lerato di pakeng tsa batho ba babedi feela. Ho bonahala ekare Kelly le lekgetlong lena o ikemiseditse ho sireletsa moratuwa wa hae ho ba ditaba.
Empa mosadi ya ratwang ha a kgone ho pata thabo ya hae mme haufinyane o tla hloleha ho pata lebitso la monna enwa ya mo thabisang hakana - re a tshepa - e tla be e le yena ntata ngwana wa hae.
A boela a nahana hore o se a buile haholo a tjhentjha a re: "Ke dikgwedi tse mmalwa feela re ratana mme ha ke batle ho mo tshosa!"
Ho a makatsa hore Kelly yena o bona ntate ya kgabane e le 'Morena wa Kwaito', Arthur Mafokate.
"O rata bana ba hae ba banana haholo," ho bolela Kelly. "Ke mme, ke ntate mme ke sohle baneng ba hae."
Jwalo ka ha bomme bohle ba tseba, boimana bo tjhentjha mmele wa motho le setaele sa hae sa bophelo. Ebe le yena o se a ikemiseditse ho tjhentjha"
"Tjhe, tjhe, ke ntse ke tla ba setlabolane," ho bolela Kelly ka moya o motle wa mosadi ya utlwahalang hantle hore o leratong, eo hape a seng a ikemiseditse ho tobana le diphephetso tsa botswadi. Eitse ha a se a lokisa wiki ya hae ya Brazil ka manala a kgabisitsweng hantle, ra sala re ipotsa hore ebe o tla kgona ho dula a poqwapoqwa ke ngwana. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Pieter du Toit
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Moriri le mekgabiso wa sefahleho: Vuyo
Moo ho nketsweng ditshwantsho: Inc The Club, Braamfontein.
Naledi ya Afro pop e re bolella hore e se e le malala-a-laotswe ho kena botswetseng le bophelong bo botjha ho tsa botle
Baki e boya: Sigal. Mose o bobejana wa nkwe, Sigal; tight e ntsho: CE at The Space; Dieta tse bulehileng ka pele: Max Mara. Jesi e mabenyane :The Space; Mose wa nkwe Sigal.
