sotho.1821.lifter
Lebitso la Babalwa Ndleleni-Ramahlape le a kena bukeng ya direkote...
Mosadi wa SA ya matla
O etsa pale
BOHLE re a tseba hore basadi ba Maafrika Borwa ba matla - haeba re se re lebala, Babalwa Ndleleni-Ramahlape o tla re hopotsa. O dilemo di 27 mme o se a entse pale ka ho ba mosadi wa pele wa motho e motsho Afrika Borwa wa ho hapa metale ya bronze tlhodisanong ya Dipapadi tsa Commonwealth tse sa tswa feta tse neng di le Melbourne ka ho phahamisa boima ba dikilograma tse 75 ka katleho e kgolo.
"Ke ne ke qala," o ne a bolele jwalo ka mora ho bapala. Ke ne ke ipolelletse hore ke batla ho bapalla ho ithabisa mme ka fela ka etsa jwalo."
Le yena jwalo ka dimathi tse ding tse maemong a tlase - tsena tse sa fumaneng le tshehetso ya ditjhelete - ditlhophiso tsa tlhodisano ho Babalwa di ne di se bonolo hohang.
O ne a bua le rona a le lapeng la hae le mane Gugulethu, haufi le Kapa, a ntse a tsheheditswe ke monnae eo hape e leng motshwari wa hae, Alfred Ramahlape, o ne a re bolelle ka moo a neng a ikwetlisa ka teng sebakeng sa boikwetliso sa Nyanga ha a etswa mosebetsing a bile a se na le tshehetso ya ditjhelete.
O ne a tlamehe ho sebedisa tjhelete eo ba neng a e filwe bakeng sa leeto mmoho le dimathi tse ding mme yena a reka diteki tsa dibapadi tse phahamisang ditshepe.
"Ke ne ke reke diteki tseo ka tjhelete yohle eo ke neng ke e filwe mme ka sala ke le jwalo," ho bolela yena.
Pele ho moo o ne a rwala diteki tsa kgale tseo a neng a se a di lokiseditswe ke batho ba rokang dieta hore di be jwalo ka tsa dibapadi tsa papading ena.
Ntho e nngwe eo a e hlokang ke dijo tse ikgethang bakeng sa papadi ena mmoho le dipidisi tse thusang ho tiisa mesifa tseo kaofela ha tsona di bitsang haholo.
"Ke rapella ho fumana tshehetso," ho boletse mohlodi enwa wa metale ya bileng a itshepang. Seo a se buang se dumellana le maikutlo a Moss Mashinini, presidente ya komiti ya SA Sports Confederation and Olympic, ya entse boipiletso ho borakgwebo le mmuso hore ba etse matsete a ditjhelete dipapading ka nako eo a neng a amohela sehlopha sa SA nakong eo se fihlang Joburg.
O ne a re Australia e kenya tjhelete e ka hodimo ho eo Afrika Borwa e e kenyang semathing ka seng sa naha eo ka makgetlo a 60.
Kevin du Plooy, mookamedi wa ho phahamiswa ha ditshepe wa Afrika Borwa, o itse Ndleleni o sebeditse ka thata mme metale ena ya bronze ke sesupo sa hore dikgolo di sa tla naheng ena. "O re kgothaditse haholo mme o hloka ho kgothatswa le ho tshehetswa ka matla," o boletse jwalo ho ba Cape Argus.
Ha e le mosadi enwa ya ka phahamisang ditshepe tsa boima bo ka hodimo ho dikilograma tse 100 yena o se a qadile ho itlhophisetsa ditlhodisano tse tla ba Beijing dilemong tse pedi tse latelang.
Hape o se a kgutletse mosebetsing wa hae wa letsatsi le letsatsi. [s]
BONA SESOTHO - July 2006
O temeng mosadi...
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka INDEPENDENT NEWSPAPERS
