sotho.1092.cycling
O tswa bofumeng
KE E MONG wa bo radibaesekele ba Afrika Borwa, ke bua ka Lonwabo Futha ya dilemo di 18. Moshemane enwa o hopola nakong eo a neng a ntse a kolobiswa ke pula le hona ho tjheswa ke letsatsi a tsamya sebaka sa dikilomitara tse 25 ka letsatsi ho ya le ho kgutla sekolong a ka baesekele e neng e entswe ka diterata.
Dilemong tse ka tlase ho tse tharo, Futha o se a kgabile ka e nngwe baesekele ya maiketsetso, o se a matha ka yona mebileng le ditseleng.
O hopola baesekele ya hae ya pele. "E ne e le mokeretla tjena, empa bona moo e mpehileng!" Kajeno e se e le bolatjha feela." Mariki... o bua ka eng" Ha ke ne ke tlameha ho ema, ke ne ke beha leoto moo lebiding," ke yena a ntse a keketeha.
"Ntate o sebetsa jareteng ha mme yena a sa sebetse. Ha ho bobebe ho hodisa bana ba bahlano. Baesekele ke ntho eo ke e ratang haholo, ke ntse ke sa kgolwe le hona jwale hore motho a ka kgona ho iphedisa ka ntho eo a e ratang. Ke ntse ke le sekolong, empa ke a tshepa hore ka le leng ke tla ipona ke le mpodi wa matjhaba."
Re ne re bua le yena a le kamoreng ya ho robala mokhukhung wa habo o mane mmileng wa Tembani kantle hanyane ho Port Elizabeth. Lonwabo o re bolella hore mojaho wa dibaesekele o o rata haholo.
E se e ntse e le radibaesekele ya seng a kgona ho hlwa dithaba - o se a kgutla le New Zealand bakeng sa bompodi ba lefatshe. Lonwabo jwale o ikemiseditse ho kenela ditlhodisano tsa Commonwealth - mabelong a mmileng.
O hlile ha a so nke qeto hore na o tla tsepamisa kelello ya hae karolong e fe - ya mebileng kapa tjhe - Lonwabo o inehetse ho ya sekolong kamehla ka baesekele eo ya hae ditekong tsa hore ka le leng a tsebe ho phedisa lelapa la habo. "Pula e na kapa tjhe, haeba ke rata ho atleha, ke tlameha ho ikwetlisa," ke yena eo.
Metswalle ya hae e mmedi, Robert le Philemon Manyathi ba sehlopa sa lehae sa dibaesekele, e ne e bone tjantjello ya Futha jwalo ka ha a ne a ntse a nyolosa a theosa kamehla ho leba sekolong sa Rocklands, ka lebaka leo, ba ne ba mo meme ho tla sehlopheng sa bona. E ne e le dilemong tse pedi le sekoto tse fetileng!
Hang ka mora moo o ne a hape dikgau mabelong a mebileng le kantle ho mebila. Ngwahola o ne a hape metale ya silivera ho SA Track Championships mane Kapa Botjhabela. Lonwabo ho bonahala a hlwa mekwalaba.
Bophelo bo thata jwalo ka ha ntatae a amohela R1 000 ka kgwedi. Ho ja ka nepo ke o mong wa metheo e setletseng dipapading. O ka ikwetlisa hakakang, empa ha o sa je ka nepo lebala hore o ka fihlela katleho.
"Lapeng re bafutsana, empa seo se ke ke sa nthibela ho fihlela toro ya ka. Ke na le tshepo ya ho fumana motshehetsi ka le leng mme ke be mpodi wa lefatshe - e seng bakeng sa ka le lelapa leso, empa bakeng sa naha ya heso."
Dikgaitseding tsa hae tse tharo le abutiae, ha ho le ya mong ho bona ya ratang dibaesekele. Ntate ke yena feela ya e palamang, empa bakeng sa ho ya le ho kgutla mosebetsing feela.
Roger Bouton, eo e leng molaodi wa Cycling South Africa, o dula sebakeng sa metsotso e leshome ho tloha mokhukhung wa habo Futha. Monna enwa o se a fetohile ntate wa bobedi moshemaneng enwa. Re rialo hobane kamehla Bouton le Futha ba qeta dihora tse ka bang nne boikwetlisong, ba rutana maele le mahlale a papadi ena.
"Ha ho bobebe ho hlokomela batjha bana ba ka hodimo ho 20," ho rialo Bouton. "Bongata ba bona bo tswa malapeng a futsanehileng moo ba sa fumaneng teng dijo tse phepo, ho boima he hore ba ka fihlela ditoro tsa bona ha bobebe. Disebediswa ke tsa bohlokwa, empa ho ja dijo tse nepahetseng ke ntho ya sethato hore o fihlele ditoro tsa hao."
Leha Futha a se na motshehetsi ya molaong, empa le yena o kentswe leanong le bitswang Macsteel Maestros Of The Future Programme - le nehang boradipapadi dikeletso ho tsa dipapadi le tsa ho laola maikutlo, tsa phepo, kalafo esitana le boikwetliso.
Hlooho ya sekolo sa Rocklands, Buyisile Plaatjie, o bolela hore bana ba bangata ba tswa malapeng a futsanehileng, ke ka hona boiphihlelo ba Futha e leng ntho e pele hakana.
"Re setjhaba se futsanehileng, bana ba bang ba tla sekolong ba sa ja ba bang ba be ba robale ba le jwalo. Lonwabo ke radipapadi ya pele mme re motlotlo ka yena. Ka le leng e tla ba mpodi wa lefatshe."
Sekolo se ne se bontshe motlotlo wa sona ka hore se bokeletse Lonwabo R1 200 nakong eo a neng a ya ditlhodisanong tsa lefatshe.
"Re futsanehile, ka hoo, tjhelete re e hloka haholo. Tjhelete e kalo ke mpho e phetilweng ha leshome ho tswa bathong ba futsanehileng jwalo ka rona," ho hlalosa Bouton.
Ha ke qala, ho ne ho le boima ho nna ho qothisana lehlokwa la bana ba tswang malapeng a ikgonang.
"Ena ke papadi e bitsang. Ke dula mokhukhung, ha ke na tjhelete ya ho nna ke nyolosa ke theosa. Ke ne ke sa kgolwe hore ke tla ba moo ke le teng kajeno. Empa e ne e re ha ke ntse ke hapa mejaho, ka kgothala mme ka qala ho sebetsa ka thata." Lonwabo o bolela hore ntho e bohloko ke hore ba lelapa la habo ha ba kgone ho ya mabelong a hae. Mathata a maholo ke tjhelete.
"Lelapa leso ke lona batshehetsi ba baholo ba ka - leha mme a so ka a eya mojahong wa ka. Ba a lakatsa ho mpona, empa he ha ho bobebe. Mme o ne a mpone ha nngwe mojahong wa Argus Cycle mane Kapa. O ne a be motlotlo haholo mme a ba a tsamaya a ntse a phetela motho ohle a neng a kopana le yena matsatsing ao."
Leha Lonwabo a sa ka a hapa mojaho oo, empa o ne a behe Afrika Borwa mmapeng jwalo ka ha a ne a jahe leha a ne a se a tswile kotsi lengoleng ka lebaka la ho wa baesekeleng.
Nakong eo a neng a le New Zealand, moshemane enwa o boletse ka moo bophelo ba hae bo neng bo fetohe ka teng - o ne a thabele ho tsamaya ka sefofane, ho bapala lehlweng esitana le ho kopana le batho ba meetlo e fapafapaneng.
"E ne e be thuto e kgolo ho nna. Empa ke ne ke swabe hobane ha nka ba ka hapa."
Empa he ha ho lere le be moo hobane o se a le malala-a-laotswe ho emela Afrika Borwa ho 2008 Mountain Bike Olympics. [s]
- @LiveWire
BONA SESOTHO - January 2007
pale ka DAVID MACGREGOR
ditshwantsho @LiveWire
Lonwabo Futha ho ya ha hae ka baesekele sekolong ho ne ho mmulele menyetla e metle bokamosong ba hae matjhabeng...
SETSHWANTSHO SE SEHOLO: Lonwabo ka baesekele ya hae ya ho hlwa dithaba.
LE LETSHEHADI: O natefetswe ke botle ba New Zealand.
TLASE HO LE LETSHEHADI: Leha ho le jwalo Lonwabo o sa ntse a ipha nako ya ho etsa mosebetsi wa hae wa sekolo.
BONA SESOTHO - January 2007
