sotho.1820.letters
Metswalle ya ka
Re ile ra thaba ha Winnie Modise wa Generations a dumela ho ba leqepheng la rona la kantle, a bile a qoqa le rona ka merero ya hae ya ho theha lelapa. Nna le yena re tswa sebakeng se leng seng. Leha ke so ka ke kopana le yena diterateng tsa Eshowe, KwaZulu-Natal, empa ke mo nka jwalo ka motho eo ke mo tsebang!
O ba motlotlo ha ho ba le motho ya tswang sebakeng sa heno ya tumang jwalo ka yena. Sena se a o kgothatsa hore le wena o ka fihlela tse kgolo bophelong ho sa natsehe hore o tswa kae.
Ke holetse lekeisheneng le neng le bitswa Gezinsila mme ke ntse ke hopola baahisane ba rona ba moo. Kajeno ke dula ditoropong, moo ho teratetsweng teng ka mabotahadi le diterata tse nang le motlakase, se sebe le ho feta, ho tletse le batho ba itsebisisang. Ka nako e nngwe le nna ke ba e mong wa bona, ke se dumedise le baahisane ba ka, jwalo jwalo. Mona ditoropong ho thwe "sheba taba tsa hao" mme boo ha se botho.
Ho ikgopotsa ka ditaba tsa makeishene a rona, re na le leqephe le letjha leo ho lona dinaledi di re qoqelang ka tsa kgolo ya tsona, tsa sekolong, spaza shop moo motho a neng a reka bohobe teng, esitana le moo ba neng ba bonana teng le baratuwa ba bona. Phetla leqephe 22.
Re sa bua ka tsa lerato, re keteka kgwedi ya lerato, e leng kgwedi eo nna le moraka re hlahileng ka yona. Ho tla be ho le monate re keteka mme re tla sebedisa diresepe tse makasineng ya rona. Ke se ke tatetse ho ritela jwala ba Sesotho ho latela resepe e leqepheng la 66.
Ho fihlela nakong e tlang!
Modimo a be
le lona,
MANGOLO
Sbu Mpungose
RE NGOLLE
Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fax: 031-912-2720 e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso leo e seng la nnete bakeng sa phatlalatso empa re ngolle la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatalatso.
Le ipusetsa morao
Molaetsa wa ngwanana wa Afrika Borwa
Lengolo la mobadi ya hapileng moputso kgweding ena, le tla hapela monga lona Motorola W230 music-phone e bitsang R700!
L EBITSO laka ke Kabelo mme ke dilemo di 14. Ke ngolla BONA hobane ke ngongorehiswa ke tsela eo banana ba sa leng banyane ba senyang bokamoso ba bona ka teng.
Ba re ba rata batho ba baholo hobane bona ba na le tjhelete - ha ba tshwane le thaka tsena tsa bona! Ho nahana ka mokgwa ona, ha ho bontshe ho hola jwalo ka ha ba nahana, empa ke qaleho ya mathata.
Potso ke ena lona banana: hobaneng banna baholo ba le rata?
Ha se hobane le le bokgabane kapa le le batle, empa ke hobane le nkeha ha bobebe.
Le lothwa ke tjhelete.
Ha ba le hlomphe kapa hona ho kgathalla maikutlo a lona.
Bona ho etsahala eng ha o ima! O ebe a le kae monna eo? Le kae 'letona la hao la ditjhelete?"
Ha o le lehlohonolo, o tla o emarisa feela. Banna bana ba tsamaya ba robalaka. O a utlwisisa hore ke bolelang? Tjhelete eo ya bona e tla le pholosa lefung la EITSI?
Ikgantshe ka bowena ba hao, o ka ba wa shwa o shwella tjhelete! Bolokehang, le ithabise ka ho ratana le thaka tsa lona!
Kabelo Makati, Limpopo
Ba tloheleng hle
Ke ngongorehiswa ke mokgwa oo Marasta a tshwarwang ka ona naheng ena.
Mang le mang o na le tokelo ya ho ikamahanya le tumelo a e ratang. Ho bona, matekwane ke karolo ya tumelo le moetlo wa bona, empa mmuso ha o ba fe tshweya.
Manyetse le ona ke karolo ya tumelo ya bona, empa dikolo tse ngata ha di dumelle bana ho etsa manyetse.
Ha re ithuteng ho hlompha Marasta.
Aaron Tlou, Tweefontein
Bokamoso bo tjhabileng
Afrika Borwa e na le bokamoso bo tjhabileng.
Re tlameha ho hopola hore re ka kgona ho fetola naha ena, re rarolle le mathata a yona.
Nako e a re dumella hore re etse se nepahetseng!
CS, Jouberton
Ithute ho amohela
Lefu le hohle - ha le kgethe hore o morui kapa o mofutsana. Lefu le tla ho mang kapa mang mme haeba o sa tswa lahlehelwa ke motho eo o mo ratang, tseba sena: kgalefo e ke se o thuse ka letho. Tsohle di etsahala ka thato ya Modimo. Modimo o re rata bohle, ho ka etsahala re se bone seo O re reretseng sona, seo re se hlokang ke tumelo. Thapelo e tla re thusa ho hlola mathata ana.
Deborah Mashigo, Maboloka
Ba thibeng
Dillo tsa batho ha di finyelle dipetlele le mapoleseng. Diterene di tsamaya ka mora nako mme batho ba lelekwe mesebetsing.
Hobaneng? Lebaka ke dinokwane tsena tse utswang dithapo tsa motlakase!
Hobaneng ho na le batho ba sireletsang dinokwane tsena?
Dimilione tsa diranta di a lahleha empa ka ho le leng ho ntse ho bolelwa ha batho bana e le bahale!
Batho bana ha ba hlokomele hore dinokwane tsena di thefula demokrasi ya rona?
Dinokwane tsena le bareki ba tsona ba tlameha ho fumana dikahlolo tse boima tjhankaneng.
Ha ba nehwa beile, ba kgutla ba fihle ba senye haholo ho kgutlisa tjhelete ya bona.
Dinokwane tsena le batshehetsi ba tsona ba tlameha ho ba sedi hobane ho se ho se ho kae batho ba ikukele molao matsohong, ba qete bonokwane bona!
AS, Bloemfontein
Bomme le bana
Ke bomadimabe hore bana ba arohangwe le bomma bona hobane ho thwe ha ho a dumellwa hore mosadi a nyalwe le ngwana eo e seng wa monna eo ya mo nyalang.
Ke nahana hore ke nako ya hore basadi ba pokole molemong wa bona le bana ba bona.
Ha se toka hore basadi ba hanelwe ho tla le bana ba bona lenyalong, empa banna bona ba bona bana ba ba hodise ntle le mathata.
Hobaneng ho thwe mosadi a siye ba hae bana a tlo hodisa ba monna enwa?
A ka kgona jwang ho rata bana ba monna enwa empa ho thwe a lahle ba hae?
Ha ho mosadi ya tlamehang ho lahla bana ba hae molemong wa monna! Haeba a o rata, o tlameha ho rata le bana ba hao!
NM, Maseru
Fumana MotoSharp-Sharp e nang le Motorola W230 music-phone le lethathama la ditlhoko tse ikgethang tsa mmino. E hatisa hona radiong ya yona ya FM kapa o ka mamela mmino ho 1GB MP3 player e nang le dipina tse 300.
Le Hapileng
TSA LEKEISHENENG
O hloka tjhelete ya mahadi le ho reka dikgohlopo
Tswala e phahameng ya tjhelete
Re ka iphepa!
Ke romela foto ena ho le leboha ka karolo ya lona ya tsa Temo. Ke
nahana hore setshwantsho sena se tla kgothatsa le babadi ba bang hore le bona ba pokole ba itemele tsa bona dijarete.
Ka jarete ena ke kgona ho fepa bana ba ka le hona ho fumana tjhelete ka ho rekisa meroho.
ME Tshiki, Idutywa
MATSATSING ana mathata ha e sa le ho bitsa ha dijo le dipalangwang. Dintho tseo batho ba neng ba sa di natse, ke tseo jwale ba ithabisang ka tsona. Bongata ba rona re tlohetse ho ntsha mahadi le ho reka dikgohlopo mme re sebedisa tsena tsa
mahala. Ho na le mathata ao
batho ba tobanang le ona hore ba phele.
Re tla ke re qale ka mathata ao banna ba tobanang le ona ha ba tlameha ho nyala - mahadi.
Baena ba rona ba pallwa ho phethisa mehlala. Bana ba so kang ba qala ho ntsha mahadi, ba reng mohlomong ba tla qala ka mora selemo, ke nahana hore ba tla ikwahlaya.
Peterole le tswala ya tjhelete ha se tsona feela mathata - batswadi kajeno ba ipitsetsa ntho eo ba e ratang ka baradi ba bona.
Ba atlehileng ho ntsheng mahadi, jwale ha ba kgone ho ba le mekete e mmedi ya lenyalo - la setho la le lesweu.
Bongata ba batho bo sebedisa lenyalo la setho feela, ba tlohele ditjeho tsa dikuku tsena tse ditepisi, diaparo tsa baetsana, ho hirwa ha diholo le mese ya lenyalo.
Mathata ana a boele a ame le mosebetsi wa ka kamoreng.
Batho ba neng ba sebedisa dikgohlopo tsena tse menko e monate, tse bitsang, ha ba sa di kgona jwale, ba se ba sebedisa tsena tsa mmuso, tsa mahala.
Ha ba sa kgona ho reka le mofuta ona wa Lovers-Plus.
Ditokfela le tsona di fumana kgatello.
Batho ha ba sa kgona ho lefa, ba saletse morao le mekgatlong ya mapato.
Sena e ba mathata ho batho bana hobane (baena) le dikgaitsedi tsena tsa rona di tshepela tjheleteng e kang ena ha lefu le hlaha.
Le tabeng ya mapato, batho ha ba sa atisa ho etsa majwe a sehopotso! Leha ho bitsa, empa ena ke ntho e tlamehang ho etswa. Mona ho hlokahala kgomo, dijo, jwala, diaparo esitana le ho hirwa ha dibese.
Jwalo ka Maafrika, ha re qetele ka ho rata meetlo le badimo ba rona feela, empa le Modimo ka sebele re a mo rata. Ho na le ba bangata ba rona ba ratang ho nehela ka ditjheletehadi kerekeng, empa le seo jwale se amehile ke maemo ana.
Haeba o le motho ya ratang ho theolela lerole ka botlolo ya biri kapa tse pedi ka mora mosebetsi wa letsatsi, o mathateng maemong ana a moruo.
Hona jwale, banna ba bangata ba Orlando East, Soweto ha ba sa feta tameneng ya Mesies ha ba tswa mosebetsing, motho o se a leba lapeng.
Ha ba sa kgona ho ithekela papa le mohodi mane ha Bra Ben, motho o se a thiba lephako ka dijo tseo a di phehetsweng ke mohatsae.
Re a o lebohela haeba o ntse o kgona ho ba ngwana e motle, o kgona ho romella ba lapeng tjhelete. Seo ba se lebeletseng heno ke ditletlebo ho tswa ho wena, o ba bolelle hore ha o sa kgona jwale ho ba sapota, ho ithekela korosari, o boele o rekele le bona.
Jwalo ka ha malome Tito Mboweni a ne a boletse, ke nako ya hore re se ke ra ja haholo: ba bang ba rona ba tla theoha mmeleng hobane jwale re ke ke re sa kgona ho ja nama kamehla hobane tjhelete e se e sa bonwe.
Foshizi Black Consumer Insight Agency
Pale ena kgutsufaditswe, ya hlophiswa. Bakeng sa pale e feletseng, bula www.foshizi.co.za.
