sotho.180.cover story
Naledi e ntjha
ho tsa feshene
HO kena ho tsa feshene, ke ntho e boima mme sena ke se pakwang le ke Bonang Matheba ya hasang lenaneo la Live ho tv.
"Ke ne ke ikutlwe hore ke tla iponahatsa lefatsheng!" ho bolela ngwanana enwa ya ratang ho tsheha. Le yena jwalo ka ba bang, ba ne ba mo hlokomele ka lebaka la setaele sa hae se ikgethang - mme ba ha Legit ba mo sebedisa diaparong tsa bona.
"Lethathama la rona la Noni Gasa le ile la rekisa hantle mme jwale ho se ho fedile dilemo tse pedi re batlana le motho ya tla kena dieteng tsa hae," ho rialo Glenda Mthimkhulu, wa ha Legit. Ho website ya bona, ba ne ba bulele bareki ho kgetha naledi e tla latela mme Bonang ke yena ya neng a kgethwe ke ba bangata.
"Nke ke ka lebala letsatsi leo ke neng ke utlwe ditaba tsena ka lona!" ke yena eo. "Ke hopola ausi a baka lerata, a hwelehetsa ke thabo, mme yena a lla ke nyakallo.
"Ke motlotlo ka wena ngwanaka,'" ke hopola mme a rialo. "Leha nka ka shwa ka kamoso, ke tla be ke tseba jwale hore o tla kgona ho iphedisa.'"
Sena se tshwana le ho phethahala ha toro ho Bonang.
"Mohla ke qalang ho kena lebenkeleng la ha Legit, ke ne ke qale ka bona sekipa sa Noni Gasa mme ka lakatsa hore e be e ne e le nna ya ngotsweng moo," ho hopola yena. "Ke hopola hantle, ka moo ke neng ke ikutlwa ka teng ka sekipa le borikgwe ba Noni Gasa nakong eo ke neng ke le ho materiki."
Jwalo ka banana bohle ba Afrika Borwa, Bonang le yena o hopola nako eo jwalo ka e ikgethang bophelong ba hae!
"Letsatsing le eteletseng pele la matric dance, ke ne ke ye ho ya bona mose oo ke neng ke o roketswe - ke ne ke fihle dintho di rarahane, ho senyehile, ho le hobe, ho kopantswe mebala e sa nyalaneng. Ke ne ke tlamehe ho qala fatshe, ka ya tsoma seo nka se rekang."
Ka lehlohonolo la moteaphala, o ne a phakise a kgahlwa ke mose o molelele, o mopinki, o mekgabiso sefubeng - o ne a reke le sefaha sa molelaneng le masale a teng.
"Hantle ntle ke ne ke rata mmala o lamunu o tla tsamaisana le dieta tsa mofuta wa Amerika tseo mme a neng a ntheketse tsona," ke yena eo. "Ke ne ke di rwale hobane di ne
di sa bonahale tlasa mose oo o molelele!"
Ka nako eo, o ne a se a kgutla le salune. Mathata a maholo e ne e be ho fumana motho wa profeshenale ya neng a tla mo kgabisa sefahleho.
A mang mathata a maholo e ne e be ho se fihle ha limo eo ba neng ba e hirile. Bonang o ne a qetele a nkile keletso ya mmae, ba tsamaya ka Toyota Tazz ya lelapa!
"Leha ho le jwalo, eo e ne e be phirimana e monate mane Gallagher Estate, Johannesburg," ho hopola Bonang.
"Molekane wa ka e ne e le Tumi, eo ke neng ke kopane le yena kerekeng ya Rhema Bible, ka bomadimabe, re ne re lahlehelane dikgweding tse mmalwa feela ka mora moo ha a ne a fumana mosebetsi sebakeng se seng."
Bonang o ne a etse dithuto tsa marketing le communications mme a fumana molekane. "E se e tla ba selemo sa bobedi jwale ke ena le yena," ke yena a ntse a bonya. "Ke dutse ke thabile ha re le mmoho.
"O tshwaseha ha bobebe mme o ipone o se o ikamahantse le batho ba sa lokang, empa yena e se le dilemo tse leshome a le indastering ena, ke a mo rata. O dutse a ntshehetsa.
"Ke motho ya sebetsang ka thata eo e leng mohlala ho nna.
"Re a tshwanelana. Ha ke tsebe hore nka ba eng ntle le yena. Ke tshika ya ka."
Ngwanana enwa o kgona ho etsa mesebetsi ena e meraro, ho ithuta, ho ba sebohodi sa Live le ho sebetsa le ba ha Legit. Mosebetsi ona wa hae o tla mo sebedisa haholo jwalo ka ha a tlameha ho nka ditshwantsho tsa dipapatso.
"Ho nka nako e ka etsang dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse robedi le qadile mosebetsing hore diaparo di be di ilo fihla lebenkeleng," ho hlalosa Bonang. "Ke sebedisa setaele sa ka - mme sena se a nthabisa jwalo ka ngwanana ya ratang meketjana. Ba a tseba hore ke eng e bohehang hantle le e rekwang haholo.
"Nna le ba lebenkeleng re a tseba ke bo mang ba ratang diaparo tsa ha Legit. Ke bolela banana ba dilemo di 16 ho ya ho tse 22. Hangata ba ebe ba se na tjhelete, empa ba rata ho boheha hantle, e be dinaledi kapa hona ho sebetsa thelevesheneng."
Diaparo tsena di tla hlahiswa ka mefuta e fapaneng jwalo ka kgwedi, ho hlalosa Glenda. Mofuta ka mong o tla ba le molaetsa wa ona - diaparo tseo o di bonang mona bongata ba tsona ke tsa matric dance kapa yona meketjana ya ho kwala selemo mme Bonang o di ntlafaditse hanyane bakeng sa mekete eo e ikgethang.
"Leha ho tshosa, empa ke a thaba ha ke bona sefahleho sa ka ditshwantshong tsa dipapatso," ho rialo Bonang. "Ha ho na nthusa ho ngongoreha, 'Ke tla reng haeba ho se mang ya e di ratang kapa ya di rekang?"
"Leha ho le jwalo, ke a di rata, ke di apara hohle moo ke yang."
Eka ke toro ho Bonang ho bona seo a ithutetseng sona se phethahala.
"Ke bona tsohle tseo ke neng ke bala ka tsona di etsahala, mme sena se bebofatsa mosebetsi wa ka.
"Ke a e rata feshene haesale ke ntse ke rata ho bala dimakasine tsa yona le F-TV ho itlhaba malotsana ka tsa feshene. Jwale ke tlameha ho tswelapele!
"Ke rata ho kena ho tsa ho akanya jwale. Ke rata ho sebetsa ka mabenyane - le ditebela lephoka. Leha ho le jwalo, ha ke rata ho tswa ho tsa bonaledi. Ke lakatsa ho ba le lenaneo la ka radiong.
"Ke a itshepa hore ke tla atleha bophelong - ditoro tsa ka di a phethahala jwale. Ke ne ke sebetsa ka thata dilemo tsena tse hlano.
"Kgale ke etsa mesebetsi e mengata, jwalo ka ho ba motsamaise wa mananeo, moahlodi meketeng ya bomabotle le e meng e mengata mme jwale ke qala ho fumana moputso wa seo.
Ke ipona ke le lehlohonolo." [s]
BONA SESOTHO October 2008
Ha se banana bohle bao matsatsi a bona a sekolong a ka ba etsetsang tjhelete - empa Bonang Matheba yena o bile lehlohonolo. Pale ka Patricia McCracken, moriri le mekgabiso ya sefahleho ka Faith Seuoe, diaparo Bonang ha Legit
PALE YA LEQEPHE LA KANTLE
BONA SESOTHO October 2008
Bonang o re bontsha diaparo tseo a neng a di apare mohla matric dance. HODIMO LE LETONA: Bonang le molekane wa hae wa matric dance Tumi.
TSE RATWANG KE BONANG
Mebala a e ratang: "O e tjhentjha kamehla! Ke rata wa kgauta, silivera le o mosweu - mme ke nahana hore o botala bo metsi o tjhesa haholo jwale."
Setaele a se ratang: "Retro chic - ka matsatsi a mang! Ka a mang o rata se hlakileng, se bokgabe, se bohehang."
Naledi eo a ratang setaele sa yona: "Rhianna - ha ho e mong."
