sotho.1807.yourstyle_solutions
D
tsa mariha
Ha ho hlokahale hore jwalo ha selemo se thwasa o reke diaparo tse ntjha. Ke ena mekgwa e ka o thusang hore o sebedisetsa diaparo tsa hao tsa lehlabula molemong wa hao mariheng ana
Mese e kang dihempe e shebahala hantle haholo bathong ba bang ho ya ka seemo sa bona. Lehlabula o ba motle haholo mme o bile o a phola - athe mariha o ka fetolwa
baki e setaeleng.
Tenella ka top e molala o moholo e matsoho a malelele ha ho hlile ho phodile.
O ka tenelle mose ona ka jean e tshesane, o tlame ka lebanta o ntano rwala dieta tse phahameng bakeng sa
tjhebeho e ntle ya mariha.
KELETSO: Ha mose wa hao wa mofuta ona o le mosesane, ho molemo o tenelle ka tight hore o se ke wa bonahala botenya.
Tena
Mose o kang Hempe
iaparo
THAROLLO YA FESHENE
Dieta tse bulehileng
tsa mariha
E, dieta tse phahameng le tse direthe di kgolo di ka rwalwa marihal. O ka boela wa di tenella le ka tight kapa ka dikausi tse benyang tse ntle (tse bileng di sefang) o tla hlahella hantle hara ba rwetseng dibutshi.
KELETSO: Ho etsa hore maoto a se ke a thella ka dieteng ha o rwetse diakusi, o ka di kenyetsa soli e kenngwang ka hara dieta hore e tsebe ho a tshwara.
Mose o monyenyane o motsho (LBD) o dumellana le mekete yohle le dinako tsa selemo. Fetela le LBD ya hao ho tswa lehlabuleng ho ya mariheng, o nne o tjhentjhe feela ka ho o tenella ka dikausi tse kgubedu ho ya ho tse metsero.
O ka boela wa o tenella hape ka jesi e mofuthu e ntsho. Jesi e ka nna yaba le matsoho a malelele ha ho phodile haholo.
O tlame le lebanta le lefubedu hore ho tshwantshetsane hantle le ho feta.
KELETSO: Diaparo tse ntsho ho tloha hloohong ho ya leotong, di dutse di le fesheneng. O ka fihlella tjhebeho ena e ntle ka ho tenella ka dikausi tse ntsho kapa ka tight bakeng sa tse kgubedu.
o monyenyane
Mose oMotsho
