sotho.1805.prez
MMANGWANA o tshwara thipa ka bohaleng. Ana ke mantswe a neng a sebetsa nakong ya kgenthollo ho hlalosa bohlokwa ba basadi. Basadi ke bona mekokotlo ya setjhaba, ba ne ba tsetlallela ho hodisa malapa a bona, ho qeta kgatello, ba tlisa toka hape ba lerato.
Ba tswetsepele le ho sotleha le ka mora demokrasi. Lenane le hodimo la dipeto le merusu ya ka lapeng, ke bona bopaki bo hlakileng ba sena.
Lefatsheng ka bophara basadi ba a sotleha. Ba phela ka bofutsana, banna le bara ba bona ba qetwa ke dintwa le bonokwane. Ba tlamehe le ho mamella merusu ka malapeng...
Empa ho na le tlhase ya tshepo. Kgatello eo ya banna e ntse e fokotseha - ha jwale tshepo eo e bonahetse Liberia. Ho behwa ha presidente ya mosadi Afrika, Ellen Johnson-Sirleaf, ke bopaki.
Ho bonahala ho tla ba le diphetoho Liberia. Teng e ntse e tla dula e le naha ya merusu nako e telele, empa he haeba ho ntse ho le teng ba ratang ho busetsa katleho morao, ba a ithetsa. Re a tseba teng hore mathata a tla ba teng.
LIBERIA! Ke mang ya kileng a nahana ka wena" Naha ena e ne e thehwe ke makgoba a neng a tloha naheng ya Amerika ka 1820, mme e ka lebopong le ka bophirima ho Afrika dipakeng tsa Sierra Leone, Ivory Coast le Guinea, mme hape ke e nngwe ya dinaha tse futsanehileng. Dikgetho tsa Mphalane 2005 tseo Johnson-Sirleaf a neng a di hape, e ne e le tsona dikgetho tsa pele tse neng di se na leeme naheng eo dilemong tseo tse 14 tsa ntwa ya lehae.
Batho ba fetang 200 000 ba ne ba bolawe bao bongata ba bona e neng e se masole.
Ntho e tshosang e neng e etswa ke masole, ke ho qobella moradi le ntatae hore a etse thobalano pontsheng ya batho.
Ha ho metsi a phallang Monrovia kapa hona Liberia. Ha ho motlakase ntle le oo ba o fehlang ka di-generator, ha ho mehala esitana le tsona dipeipi tsa dikgwerekgwere.
"Tsoseletso ya Afrika" ha se ntho e bonahalang e tla thusa naheng eo. Ke ka moo e leng ka teng. Ho ne ho se mang ya neng a nahana hore Liberia e ka ba yona sethathong twantshanong ya ho lekana ha bong ba botho.
Empa Johnson-Sirleaf ha se setlabotjha dipolotiking tsa Liberia. O ne a hlahe ka Mphalane 1938, o ne a etse dithuto tsa ho sebetsa bankeng mane USA dilemong tsa bo 1960 mme a fumana master's degree ho public administration ho tswa Harvard University ka 1973.
Ha a ne a kgutlela Liberia, e ne e be motlatsi wa letona la ditjhelete. Ka 1985, nakong eo a neng a sebeletsa palamente ya naha eo, o ne a nyatse mmuso wa sesole sa moo Liberia mme ka hoo, a ahlolwa dilemo tse 10 tjhankaneng. O ne a lokollwe ka mora nakwana mme ke ha a ngala a leba Kenya. O ne a kgutlele Liberia ka 1997, e se e le setsebi sa moruo, a sebeletsa banka ya lefatshe (World Bank).
O ne a qale a tshehetsa Charles Taylor mehwantong ya hae, empa a boela a fetola mawa, a hanyetsana le yena mme ya re ka 1997, a kenela dikgetho kgahlano le yena. Taylor o ne a fumane dipersente tse 75 ha yena a ne a fumane tse leshome feela. Ka mora moo, o ne a behwe molato wa ho ba lehlabaphio la naha.
Johnson-Sirleaf, leha ho le jwalo o ne a tswelepele le mehwanto ya ho ketola Presidente Taylor le ho tlisa diphetoho naheng eo ya Liberia le ditokisetsong tsa dikgetho tsa 2005. Ka mora ho tsamaya ha Taylor, e ne e be yena moetapele wa mokga wa Liberia's Unity Party.
HA re tla dikgethong teng, o ne a qothisana lehlokwa le George Weah, sebapadi sa mehleng sa bolo se neng se rata ho ikahela lebitso dipolotiking. Ditshokelo tsa dipolao tse neng di lebisitswe ho baqolotsi ba ditaba ba neng ba mo nyatsa, di bontsha ho se be le boiphihlelo ha hae dipolotiking.
Basadi ba Liberia jwale ba ne ba se ba kgathetse ke tshollo ya madi mme ba pokola.
Se pakang sena e ne e be lenane le hodimo la basadi ba neng ba ingodisetse dikgetho ho feta banna.
Basadi bana ba ne ba batla diphetoho mme ba ne ba tla di fihlela! "Ellen ke yena monna wa rona!" Sena e ne e le lona lehlaso le neng le utlwahala ditsebeng tsa mme enwa ya dilemo di 66 wa bana ba bane le ditlhoholo tse tsheletseng.
Athe hape ha a na bona batshehetsi ba bangata ba banna. "Ha ho natsehe hore ke monna kapa mosadi ya tshwereng. Sa bohlokwa ke hore batho ba ratang naha ya habo bona e be bona ba e busang," ho rialo e mong wa bona. "Ke kgetha Ellen hobane a na le boikarabelo, a tshepahetse a bile a tla kgona ho busa ka toka."
"Banna ba tla sebetsa le rona, ba re thuse ho etsa pale naheng ena," ho rialo Johnson-Sirleaf kopanong eo a neng a e na le yona le batshehetsi ba hae nakwana pele ho dikgetho.
O ne a re o rata ho se kokomala sa bopresidente a tle a tsebe ho kgothalletsa kutlwelo-bohloko eo bomme ba nang le yona setjhabeng sa habo ka lebaka la dintwa tsa lehae. Mohla a neng a behwa, o ne a tshepisi ho tlisa poelano naheng eo ka ho bitsa le dira tsa hae hore di tle mmusong wa kopanelo.
"Mosebetsi wa bohlokwa oo motho a tlamehang ho o etsa, ke ho ntlafatsa maphelo a batho ba Liberia," ke yena eo. Mohato ka mong oo re o nkang, ke wa bohlokwa ho lokiseng se neng se senyehe dilemong."
BO bong bothata - ke peto. Ka lehlahlamang peho ya hae, o ne a phatlalatse melao molemong wa ho lwantshana le peto naheng eo.
Ha lehlatsipa le le dilemo di ka tlase ho tse 18, ho nkuwa a sa ka a dumela ho etsa thobalano. Peto e etswang ke batho ba bangata, kahlolo ya teng e finyella bophelong bohle tjhankaneng. Ha maano a Johnson-Sirleaf a ka sebetsa, a ka sebediswa lefatsheng ka bophara.
Ntle le maikemisetso a ho lopolla dimilione tseo tse tharo tsa Liberia, kgotso naheng eo e ka tlisa botsitso le dinaheng tsa boahelano tse kang Sierra Leone, Ivory Coast le Guinea tseo dintwa tsena di kgaphatsehelletseng ho tsona.
"Ha kgotso e ka ba teng Liberia, Afrika yohle e ka bophirima, e ka ba le botsitso," ho rialo e mong wa bahlokomedi ba dikgetho.
Potso e kgolo ke hore na e be Johnson-Sirleaf o tla kgona ho phethisa ditshepiso tsa hae" Ha a ka nehwa monyetla wa ho araba, a ka re ho jwalo. Re a tseba hore basadi ba etsa dintho di etsahale - haholoholo mathateng... [s]
Basadi ke masupatsela
pale ka WALTON GOLIGHTLY
BONA SESOTHO - April 2006
Moo basadi ba busang...
Basadi ba Afrika ba shebane le phephetso e kgolo, empa moqolotsi wa ditaba wa Liberia, o re tlhase ya tshepo e teng ya hore kontinente ena e tla tshwana le Amerika moo batho ba lekanang ho sa natswe bong ba bona.
Ellen Johnson-Sirleaf - o entse pale ka ho ba mosadi wa pele wa ho kgethwa ho ba presidente Afrika. Ha se wa pele ho ba hlooho ya mmuso, Ruth Sando Perry, wa Liberia, o kile a busa naha eo mokobobo.
Basadi ba Afrika bona e ne e le ditonakgolo, batlatsi ba bopresidente, ba tshware le dikarolo tse pele mmusong. Phumzile Mlambo-Ngcuka, ke e mong wa bona. Le Zimbabwe motlatsi wa presidente ke mosadi - Joyce Mujuru. Ha presidente ya Senegal, Abdoulaye Wade, a ne a amohela marapo a puso, o ne a kgethe Mame Boye ho ba tonakgolo. Uganda le yona e na le motlatsi wa presidente wa mosadi - Dr Wandira Kagibwe. Ho tloha ka 1980-1991, Alda Neves da Graca do Espirito Santo e ne e be motlatsi wa mmusi mme ya ba hlooho ya palemente ya Sao Tome and Principe.
Motlatsi wa presidente ya Gambia, Aisatou N'Jie Saidy, ke mosadi athe le tonakgolo ya Mozambique, Luisa Diogo, ekare o tla hlahlama presidente. Amerika ke basadi ba 14 feela palamenteng. Rwanda teng ke dipersente tse 50 tsa basadi e leng palo e hodimo haholo lefatsheng. Ho na le ba dumelang hore mosadi ha a na bokgoni ba ho okamela. Basadi le bona ba ka ba le bonyofonyofo jwalo ka banna! Empa hanyane hanyane batho ba kontinenteng ena ba ya ba dumellana le monna eo e leng motshehetsi wa Johnson-Sirleaf.
"Ha ho mohlolo o entsweng ke banna ba bopresidente," ke yena a bolella baqolotsi. "Re bone dintwa, sehloho le leqeme la mesebetsi. A re boneng hore basadi ba tla etsang." Mosebetsi o sa le moholo pele dikgaitsedi tsena tsa rona di ka bolokeha! Maemo a hodimo pusong ha a qete tlhekefetso ya bona. Motlatsi wa presidente ya Uganda, Dr Kagibwe, o ne a tlohele mosebetsi hobane monnahae o ne a mo shapa kamehla ha a ne a tswa dikopanong. A batla ho tseba hore na o ne a le kae, a etsang...!
Moetapele wa pele Afrika
Hobaneng dimilione tsa Liberia di re "Ellen ke monna wa rona!"...
LE LETSHEHADI: Ellen Johnson-Sirleaf o dumedisa batshehetsi ba hae. O tshepisa ho tsoselletsa moya wa lerato naheng ya Liberia.
BONA SESOTHO - April 2006
u
t
KA HODIMO: Mofumahadi o nkiswa kano ya ho ba presidente ya Liberia.
Melao e metjha kgahlano le peto
