sotho.1804.sheet street
O ka nna wa ba le lelapa le letle diphomolong tsena
BAKENG SA lelapa le letle, leo o tla le rata, Sheet Street e fa babadi ba BONA ba 30 monyetla wa ho hapa mangolo a ho reka, a R1 000 motho ka mong. Boleng bona bo babatsehang ho bolela hore motho ka mong o tla kgona ho tlatsa ntlo ya hae ka diphahlo tsena tsa setaele tse dumellanang le nako ya Keresemese. Kenela kajeno, o phethe selemo sena ka setaele. Ho bonolo jwale hobane Sheet Street e fihlile!
KE NAKO ya selemo e ikgethang, ya ho ithabisa le ba leloko le metswalle, malapeng a rona. Kgabisa lelapa la hao ka diphahlo tsena tse ikgethang tse fumanehang Sheet Street feela, lebenkele leo ho leng bonolo ho reka ho lona.
O tla amohela metswalle le ba leloko ha monate ka diphahlo tsa boleng tse maemong a hodimo - lethathama la dilakane tsa rona, dithaule le mesamo ya ho kgabisa e setaeleng, ba tla di rata.
Kgahla baeti ka dikgareteine tsena tse ntle le dithaule tse butshabutsha - mme o boele o ba rekele le dimpho! Ha ho lebenkele le fetang Sheet Street bakeng sa ho reka dimpho tsa ditho tsohle tsa lelapa.
Sheeting single ho tloha ho R5499
Duvet inners single ho tloha ho R6999
Duvet covers single ho tloha ho R7999
Scatter cushions ho tloha ho R3999
Dithaule ho tloha ho R3999
Kenya kopo ya hao ka internet kapa o ye lebenkeleng, kajeno! O ka reka ka mokitlane mabenkeleng a Afrika Borwa. Eya ho: www.sheetstreet.co.za kapa o letsetse ho: 0800-27-33-48 mahala.
Le leng la mangolo a 30 a ho reka dilakane tsa Sheet Street tse bitsang R1 000!
Tlatsa setlankana sena sa ho kenela mme o arabe le potso, o ntano se kgorametsa poskareteng, mme o se romele ho:
BONA/Sheet Street Competition, Box 32067, Mobeni, 4060,
kapa o romele SHEET ka SMS ho 35919.
(SMS e bitsa R3.)
MELAO: 1. Tlhodisano e buletswe bohle ntle ho basebeletsi ba Caxton, batshehetsi le ba mekgatlo ya bona ya dipapatso mmoho le ba malapa a bona. 2. Qeto ya baahlodi ke yona feela e tla amohelwa, ha ho ngollano e tla dumellwa. 3. Meputso e ke ke ya fetisetswa bathong basele kapa ya tjhentjhelwa tjheleteng. 4. Ke dikenelo tse setlankaneng sa nnete feela tse tla amohelwa ka poso. 5. Meputso eo beng ba yona ba sa etsang diphuputso ka yona dikgweding tse tsheletseng ba e hapile ba ke ke ba hlole ba e fumana.
Tlatsa setlankana sena sa ho kenela mme o se romele ho: BONA/Sheet Street Competition, Box 32067, Mobeni, 4060.
Lebitso: .....................................................................Aterese: ..................................................................
........................................ Khoutu: ..................
Mohala/Selefoune: ..............................................................
(Ka kopo re ngolle mohala o fumanehang ho ona motsheare.)
Potso: Lepetjo la Sheet Street le reng"
Karabo: ...................................................................
Letsatsi la ho kwala: Tshitwe 31, 2008
SETLANKANA SA HO KENELA
KA MOO O KA HAPANG
BONA SESOTHO December 2008
