sotho.1802.Fun And Funds
Etsa tjhelete
ka dijo
BONA le Food For Fun And Funds e tla o bontsha ka moo o ka etsang tjhelete ka teng ka dijo
OA tseba o ka e etsa! O na le neo - le tjheseho. Seo o se hlokang ke mokgwa, le tataiso e tla o thusa ho iqalla kgwebo ya hao kitjheneng.
BONA le Golden Cloud le Nestlé e o tlisetsa Food For Fun And Funds, moo ditsebi di o bontshang ka moo o ka iketsetsang tjhelete ka ho pheha.
E SEBETSA JWANG
Dikgweding tse 12 tse tlang, makasineng ya hao ya BONA, re tla o tlisetsa diresepe tse ikgethang tse tla o thusa ho etsa dijo tse latswehang tseo o ka di rekisang. Diresepe tsena di ile tsa pasiswa ke ditsebi, ke tsa boleng, di entswe ka maikemisetso.
Empa ha ho a anela ho ba sephehi se pele. Haeba o rata ho pheha tseo o tla di rekisa, o tlameha ho tseba le ka moo o ka qalang kgwebo ka teng, mme setsebi se Lluwellyn Diedricks, se tla o thusa, se o tataise ho tloha qalong ho fihlela o etsa phaello.
O tla o ruta le ka moo o ka hudisang kgwebo ya hao ka ho e bapatsa ka teng.
Ka bokgutshwane, o ka se fihlela jwang seo o se labalabelang. O ka ntsha maqephe ana, o ipolokele ona.
DI-WORKSHOP
Mafelong a selemo, di-workshop tse tsheletseng di tla tshwarelwa Gold Reef City, Joburg. Mona ditsebi di tla o bontsha ka moo o ka kopanyang hore o ntshe dijo tse latswehang tseo o ka di rekisang. O tla boela o fumana dikhophi tsa dibuka tsa diresepe, hape ho be le dipontsho tsa dihlahiswa tse fapafapaneng tsa ha Golden Cloud le Nestlé.
Muffin Tse Pele
Ho tloha ho tse tswekere, ho ya ho tse seng tswekere, di-muffins di a potlaka di bobebe
CARROT AND RAISIN MUFFINS
Di-muffin tsena di mongobo, e leng se bolelang hore di bolokeha hantle
Nako ya ho di etsa: metsotso e 20
Nako ya ho baka: metsotso e 20
O ka etsa tse: 12 muffins
1 kopi (250ml) folouru
1/2 kopi (125ml) wholewheat flour
1 kgaba (15ml) baking powder
1/2 kgabana (2,5ml) ground cinnamon
bohashana ba letswai
2 mahe
1/2 kopi (125ml) tswekere e sootho
3/4 kopi (185ml) Ideal Milk kapa lebese
1/4 kopi (60ml) botoro e qhibihidisitsweng kapa oli
1 kopi (250ml) dihwete tse kereitilweng
1/2 kopi (125ml) di-raisins tse se nang dithootse
1/2 kopi (125ml) matokomane a thubilweng kapa sunflower seeds
1. Tlotsa muffin tin ka mafura, o tlotse le hodimo ho thibela hore a se kgoramele. Beha ontong mofuthung wa 180°C.
2. Sefela folouru, baking powder le cinnamon le letswai sejaneng.
3. Fehlela lehe le tswekere sejaneng se seng.
4. Tshela Ideal Milk le botoro.
5. Fuduella dihwete, di-raisins le matokomane.
6. Tshela motswako ona hlameng. Kopanya. (O hlokomele o se di kopanye tlolo).
7. Tshela ho muffin tin, baka metsotso e 20-25.
8. E tlohele e fole metsotso e mmalwa. E sisinye mme o e ntshetse rakeng ya terata, e fole.
Ditjeho: R36
Muffin ka nngwe: R3
CHEESE MUFFINS
Neha bareki ba hao se mokgelo ka ho eketsa tatso ya kase
Nako ya ho di etsa: metsotso e 15
Nako ya ho baka: metsotso e 25
E etsa: Di-muffins 12
2 dikopi (500ml) mature cheddar cheese, e kereitilweng
1 kopi (250ml) folouru
2½ dikgabana (12,5ml) baking powder
1/2 kgabana (2,5ml) dry mustard
1 lehe
lebese kapa Ideal Milk
1. Tlotsa muffin tin ka majarine, o hopole ho tlotsa le hodimo ho thibela hore e se kgoramele ha e kokomoha. Beha onto ho 200°C.
2. Kopanyetsa metswako e ommeng sejaneng. E kopanye. Bula sekoti bohareng.
3. Pshatlela lehe paneng mme o tlatselletse ka lebese. Tshela motswako wa lehe metswakong e ommeng, o kopanye.
4. Tshela ka kgaba ho muffin tin, o bake metsotso e 10. Theolela mofuthu ho 180°C, o bake metsotso e meng e 10-12 ho fihlela ho ba bosootho ba kgauta ho tiha.
Ditjeho: R36
Muffin ka nngwe: R3
ALL-BRAN MUFFINS
Dimomonane tse monate bakeng sa bareki ba hlwahlwa
Nako ya ho di etsa: Metsotso e 20
Nako ya ho di baka: Metsotso e 20
E ka etsa tse: 12 muffins
2 dikopi (500ml) All-Bran cereal
1 kopi (250ml) wholewheat flour
1 kopi (250ml) granola cereal
1 kgabana (5ml) letswai
4 dikgabana (20ml) baking powder
1 1/2 dikopi (375ml) Ideal Milk
1/2 kopi (125ml) majarine e qhibidihisitsweng
2 mahe a fehlilweng
1. Tlotsa muffin tin ka mafura o hopole ho e tlotsa le hodimo ho thibela ho kgoramela ha e kokomoha. Beha onto mofuthung wa 200°C.
2. Kopanyetsa metswako e ommeng sejaneng.
3. Kopanyetsa Ideal Milk, majarine le mahe sejaneng se seng.
4. Tshela metswako e ommeng motswakong wa lebese. Kopanya.
5. Tshela motswako ho muffin tin, o bake metsotso e 20-25.
6. E fodise metsotso e mmalwa. E sisinye mme o e ntshetse rakeng ya terata. E fodise.
Ditjeho: R36
Muffin ka nngwe: R3
DI BOLOKE KE LE FORESHE
Ho boloka dijo di le foreshe, di boloke sejaneng se sa keneng moya le metsi mme ho se kene mosi, mafura kapa lephoka.
Ho tla ya ka mofuta wa dijo, o ka sebedisa mefuta e meraro ya dijana:
Mekotla
E sebediseha ha bobebe dinthong tse se nang sebopeho. Moya o tlameha ho tswa pele o o kwala O se ka sebedisa dipolasitiki tsena tsa mabenkeleng - di bobebe haholo, ha di a hlweka, athe di na le tjhefo.
Tin foil le clingfilm
Tsena di ka sebedisetswa ho phuthela dijo o kwale ka selo tape.
Dijana tsa polasitiki
Ke tsona tse molemo leha di tla ba ngata. Ho ka ipha sebaka khabatheng le sehatsetsing sa hao kapa freezer, sebedisa tse kgutlonne.
Ha o boloka dijo tse nang le lephoka, o qale ka ho kwahela ka foil ho qoba lephoka ho kena sejaneng. Sena se tla etsa hore sejana se hlwekisehe ka bonolo.
Etswa pele ka 2009!
Ena ke ya pele letotong la dipale tse reretsweng ho thusa babadi ba BONA ho qala dikgwebo tsa bona kapa ho atolla tseo ba nang le tsona.
Re qala ka dintlha tse tharo tsa sethatho tse hlokahalang katlehong ya kgwebo.
Batho ba bangata ba fumana taba ya ho ba le kgwebo e nyane, ho hlokomela ditjhelete le ho fumana mekgwa ya ho bapatsa ho le boima.
Empa ha ho jwalo. Nahana ka thotjhe. E arole mme o tla hlokomela hore e na le dikarolo tse tharo: mashala, thotjhe ka boyona, le karolo e kgantshang.
Jwale nahana ka kgwebo:
MASHALA
Jwalo ka ha thotjhe e hloka mashala hore e sebetse, le kgwebo e hloka ho sebeletswa ka matla. Re tla boela tabeng ya hore seo o ka se etsa ha jwang le hore o se ka sebedisa matla a hao dinthong tse se nang molemo.
THOTJHE
Ka sena re bolela mokokotlo o tshwereng tsohle. Ka thotjhe ke mmele wa thotjhe mme ha re bua ka kgwebo, re baua ka tsela eo o etsang dintho ka yona. Re tla qoqa ka tsela e nepahetseng ya ho okamela kgwebo, ho tobana le ditjeho le ho bapatsa thepa ya hao.
TULO E KGANTSHANG
Karolo ya ho qetela ke ena e kgantshang. A mang a mantswe ao ke ratang ho a bolela, ke a reng, "Kgwebo ha e na dikamano le maphathephathe a hao." O tlameha ho shebana le kgwebo, jwalo ka "rakgwebo."
Sena se bolelang? Nahana ka karolo ena e kgantshang ya thotjhe. Karolo ena ha e ikgantshetse yona, empa e kgantshetsa batho ba haufi le yona.
Borakgwebo ba bapala karolo e kgolo ho qeteng bofuma naheng ena. Ke nahana hore ha se tokelo ho ntshetsapele dikgwebo, empa ke boikarabelo ba rona.
Re lebeletse ho o bona o ipabola ka2009.
Lluwellyn Diedericks
