sotho.1799.tapestry
Ba keteka naha ya habo bona
BONA SESOTHO - December 2007
KA TLASE: Edward ke se seng sa dinono tse nang le neo tse kgethilweng hara metse e 20 ya mahaeng a KwaZulu-Natal le Leboya Bophirima, eo mokgabiso wa hae wa leboteng o o bolellang pale ya moo setjhaba sa habo se tswang teng.
EDWARD SETLHARE (20) wa Lebatoweng la Leboya Bophirima, ha a sebetse, o kgothatswa ke lehodimo le hlakileng, le hlakang bosiu ha ho kgantshitse dinaledi, tseo kaofela ka Setswana sa habo di nang le seo di se bolelang.
Mane Tlhakgameng, Edward le dinono tse ding tse tharo ba ne ba sehe masela ba a kgabisa ka difaha ba ngola pale yohle ya motse ona, mme lehodimo ho bona le emetse tshepo le ditoro tsa setjhaba.
Edward ke e mong wa dinono tse 80 tse nang le neo e babatsehang tse kgethilweng hara metse e 20 ya mahaeng a KwaZulu-Natal le Leboya Bophirima, ba lohileng difaha tse ka lekanang le lemati tseo e reng ha di leketlile o bone pale yohle ya setjhaba ka seng.
Keteka
Mesebetsi ena ke karolo ya leano le ikgethang la Netherlands, la Media In Education Trust (MiET) Africa le mafapha la thuto la mabatowa ana la ho keteka ntshetsopele mahaeng."
Dikolo di fetolwa dibaka tsa tlhokomelo le tshehetso ya bana le batswadi ba anngweng ke bofutsana le EITSI. Leano lena le qala ka setjhaba sa mahaeng se atisang ho lebaleha, se hulang ka falese letsatsi le letsatsi se leka ho iphedisa empa leha ho le jwalo se kgone ho ikahela bokamoso bo tshepisang.
Ho kgothatswa tswelopele mahaeng le ho neha setjhaba monyetla wa ho hlahisa maikutlo a sona ka mokgwa wa bonono. "Re neha batho monyetla wa ho hlahisa maikutlo, ba bontshe seo Maafrika Borwa a ka se fihlelang ha feela a ikemiseditse hape a sa lahle tshepo leha a le tlasa maemo a boima," ho bolela moetapale wa MiET Africa, Lynn van der Elst.
Setjhaba sa metse ena e 20 se ile sa qala ka ho etsetswa di-workshops hohle mabatoweng a amehang. Sa nehwa monyetla wa ho hlahisa maikutlo a sona ka bophelo ba bona ba mehleng, ba kajeno le boo ba itakaletsang bona kamoso.
Dipontsho
Mokgabiso ka mong o na le pale o e hlalosang ka ditshwantsho le mantswe a bolelang hore e etseditswe kae, ke mang le hore e bolelang. Hape ho boetse ho na le ditshwantsho tse kgolo tse radilweng ke sona setjhaba hape. Baetapele ba boloka le ditlhalosetso le ditshwantsho tsa diketsahalo tseo tsohle, ha tse ding tsa tsona di totobetse kapa di qoqwa le ke bana.
Mesebetsi ena ya bona e kgabane e tla bontshwa ho National Cultural History Museum's "African Window Museum" mane Visagie Street, Tshwane ho tloha mohla la 15 Mphalane.
Ka mora dikgwedi tse pedi e tla fetisetswa le dibakeng tse ding naheng ena. Dipontshong tsena ho boela ho be le mesebetsi e meng e metle ya bonono e bontshang setjhaba ka seng.
"Ba tla ya dipontshong ba tla kgutla ba sa e kwale melomo ke botle bo tla beng bo le moo. Ke tsela eo rona le basebetsimmoho re tlotlang diphetoho tsa metseng ya mahaeng," ho bolela Cornelius Hacking, morumuwa wa Netherlands. [s]
Pale e
tswang botebong ba pelo
pale ka MICHELLE GOVENDER
ditshwantsho ka ROY REED
LE LETSHEHADI: Ena mesebetsi ke eo ho tla kgajwa ka yona dipontshong tsa National Cultural History Museum's "African Window Museum" mane Visagie Street, Tshwane ho tloha ka Mphalane 17. Ka mora dikgwedi tse pedi, ba tla hahlaula hohle naheng ena.
Lethathama la dipale tse hlahiswang ka mokgwa wa bonono tse buang ka diphetoho le ntshetsopele naheng ya Afrika Borwa...
EZINGOLWENI
Dikilomitareng tse ding tse ka hodimo ho tse ka bang 1 000, hole le habo Thabang, Tlhakgameng, ho na le Nonhlanhla Cele le sehlopha sa hae sa dinono se bontshang bophelo ba batho ba Ezingolweni, dithoteng le maralleng a ka borwa ho KwaZulu-Natal. Mekgabiso ya bona e bontsha diphetoho tse seng di le teng setjhabeng seo ka mora moreferefe le tshollo e tshabehang ya madi ya dilemong tse fetileng mme jwale ho se ho bonahala kganya, tshepo le tshwarelano tseo tsohle di tsamaisanang le maano a ntshetsopele sebakeng seo sa habo bona.
BONA SESOTHO - December 2007
