SOTHO.1797.beauty
Sireletsa letlalo la hao
Na se bohlokwa setlolo se sireletsang mahlaseding a letsatsi- Re tlameha ho se tlotsa neng- Hobaneng re tlameha ho se tlotsa- Ke ena tataiso e ka o thusang...
ka CHRISTINE HAMMANN
HO itlotsa ka setlolo se sireletsang letlalo mahlaseding a letsatsi ke taba e ferekanyang, haholoholo bathong ba letlalo le letsho. Hopola hore letsatsi le tsofatsa letlalo haholo mme ka lebaka leo, kankere ya letlalo e atisa ha hlasela hobane karolo ena e ka hodimo ya letlalo, e ebe e se e tsofetse. Hopola hore tlhokomelo ya letlalo ha e kaba ya ba ntho ya bohlokwa ho rona.
Itshireletse
SPF (Sun Protection Factor) e sireletsa letlalo la hao mahlaseding a bitswang UVA le UVB.
Mahlasedi a UVA a ka phunyeletsa marung le kgalaseng. A bohale letsatsi lohle, esitana le mariha. A bitswang UVB ona a bohale haholo ka mafelo a selemo ha ho thwasa lehlabula, le hwetla athe le bohale haholo hoseng le mantsiboya.
Tharollo
Setlolo se nang le SPF 15 sona se sireletsa mefuta ena ka bobedi. Se ithetse o re letlalo la hao le letle le letsho ha le hloke SPF kapa le hloka e nyane! Leha le le letsho le na le melanin e ngata e le sireletsang mahlaseding ho feta le kganyang, ha ho bolele hore le ke ke la senyeha.
Le lona le ntse le sa sireletseha kankereng - ha ngata e hlokomeleha e se e le maemong a mabe. Ho kgothalletsa batho ho reka ditlolo tse sireletsang mahlasedi a letsatsi ha se tsela ya ho bapatsa ya dikhampane tsa ditlolo tsena, empa ke nnete na hore mahlasedi a bitswang UV a dutse a le teng ha feela letsatsi le tjhabile mme he o tlameha ho sireletsa letlalo la hao.
Ya ho qetela
O se leke o itlotse ka setlolo se nang le SPF e ka tlase ho 15. E tla lekana ho sireletsa 93% ya UVB. Ka ho le leng, ha ho tlhokeho ya ho sebedisa SPF e ka hodimo ho 30 (e sireletsang 96% ya mahlasedi). Bongata ba SPF, bo bolela bongata ba dikhemikhale tse tswakilweng moo, tse se nang molemo kapa tse thusang hanyane, o mpa o ikekeletsa ditjeho feela.
Hopola hore UV e phunyeletsa le maseleng, ka hoo, o tlameha ho itlotsa leha o tla apara diaparo tsa ho sesa.
Ho bohlokwa hape ho sireletsa moriri wa hao o motsho hobane le ona o ka senngwa ke letsatsi jwalo ka letlalo. Ka tlholeho, moriri o dutse o omme, ka hoo, letsatsi le ka o omisa le ho feta. Hlokomela sefahleho sa hao hantle feela jwalo ka ha o hlokomela mmele ohle wa hao. Ha ngata, ho tsofala ha mosadi ho bonahala matsohong, molaleng le sefubeng, ka hoo, re leboha mahlasedi ana a UV!
Keletso ke ena - tsamaya le setlolo se nang le SPF hohle moo o yang mme o se tlotse kgafetsa! [s]
