sotho.1091.Dudu
BONA SESOTHO - February 2007
Kopana le Dudu, mantenya ya tjekang sehlopheng sa Arthur
MOHLO-MONG boima ba mmele wa hae bo fihlella dikilogrameng tse 110 empa a ka o siya o kgathatse ka motjeko. Eo he, ke Dudu, eo ba mo bitsang 'sdudla' sa Arthur Mafokate.
"Ho tjeka sehlopheng sa Arthur ke toro ya ka ya kgale," ho bolela ngwanana enwa ya dilemo di 26 eo lebitso la hae la nnete e leng Kholiswa Nonkelela.
Jwale o lakatsa ho ba sebapadi se pele le sebini hantle jwalo ka "Lolo," ho ya ka moo a bitsang Arthur ka teng.
"Boithabiso bo mading ho rona" ho hlalosa yena. "Mme le yena ke setjeki le ngwaneso mmoho le dikgaitsedi tsa ka."
O holetse lekeisheneng la KwaNdebele mane Embalenhle, mme lebitso la theneketso la Dudu o ne a le fumane ka mora ho tuma ha pina e nang le mantswe a reng "Dudu isidudla sami."
Arthur o ne a mo bone moketeng wa mmino o neng o le lebaleng la dipapadi la Embalenhle. "Eitse ha a mpitsa hore ke tjeke le yena sebayeng, ka tseba hantle hore ke monyetla wa ka wa hore ke hlahise bokgoni ba ka ho Mpodi enwa wa Kwaito," ho bolela Dudu.
Bokgoni ba hae motjekong, ba mo kenya sehlopheng se tummeng sa 999 di tloha feela. "Ka metsotswana e 30 feela ke ne ke bone hantle hore enwa ngwanana o na le neo hara ba ka bang 20 bao a neng a tjeka le bona ka nako eo ke neng ke kopile hore ba tlo tjeka mmoho le sehlopha sa ka," ho bolela Arthur.
"Ho bua nnete, letshwele kaofela le ne le fetohe la thoholetsa Dudu," ke yena eo.
Mafokate a neha Dudu dinomoro tsa hae tsa mohala. "Ke ne ke mo letsetsa beke le beke ke mo hopotsa hore o ntshepisitse," ho bolela Dudu. "Eitse ha a re ke fihle, ka se ke ka hlola ke senya nako - ka tlama thoto ka leba Joburg."
Empa pele a kena sehlopheng sa Arthur, Dudu o ne a se a tsebisahala ka hore ke "queen of dance" mane Embalenhle. Ke mothehi wa sehlopha sa motjeko se ipabolang ka mefuta yohle ya metjeko, e kenyeletsang le kwasa kwasa. Ho sona Dudu o ne a ena le ngwanabo, dikgaitsedi tsa hae le banana ba bang ba baahisane.Ke mmino wa Arthur o neng o mo kgothalletse hore a thehe sehlopha sa motjeko.
Empa toro ya hae ya ho fihlela maemong a hodimo e ne e batle e nyopa ka nako eo a neng a hlaselwa ke monna ya lonya le tshabehang tlhodisanong e nngwe ya motjeko.
"O ne a nkotle ka tshepe mme ka robeha leoto," ho bolela Dudu. Ha fela selemo kaofela a sa tsebe ho tjeka hohang.
"Ke nakong ena eo ke neng ke sa ntse ke ikoka moo ke neng ke none le ho feta," ho bolela Dudu. "Pele ke lemala ke ne ke apara diaparo tsa boholo ba 38, jwale ke apara 44.
"Ngaka le yona ya hatella hore ke fokotse boima ba mmele hobane leoto la ka le tla dieha ho fola ka ha le rwetse ka thata. Ka iteka leha ke hloleha."
Leha ho le jalo, enwa ngwanana o kwenne! Karate le yona e mo thusa hore a boloke mmele wa hae o le maemong.
"Ke ne ke qale ho bapala karate ke sa le sekolong," ho bolela yena. O na le lebanta le perese le dikgau tsa bompodi tse ka hodimo ho tse 19 le dimetale.
"Ke ne ke lwana kgahlano le ba baholo ho nna ka dilemo hobane ke le motenya haholo," ho bolela yena. Ditaele tseo tsa kareteng le tsona di ne di mo thusa ha a a se a tjeka - mme jwale a tswelapele le ho kgabisa seo a se etsang hore mokete wa Arthur ebe e babatsehang. [s]
KA HODIMO: Dudu o etsa se neng se kgahle Morena enwa wa Kwaito!
pale ka FORCE KHASHANE
O a phethoha mantenya wa Kwaito
Re bua le mantenya wa Arthur
KA HODIMO: Dudu le Arthur.
BONA SESOTHO - February 2007
KA HODIMO: Sebapadi sena sa karate le dikgau tsa sona.
