SOTHO.1010.free 4 u
BONA SESOTHO - June 2006
Ya Hao Ya Mahala
16 DIPHUTHELWANA
Tsa botle ka theko e tlase
Shoprite e na le lethathama la krosare le dietswa tsa moriri le tsa tlhokomelo ya letlalo. O tla natefelwa ke letsatsi la hao la ho reka hape o se ke wa senyehelwa ke tjhelete ka ha o le motho wa bohlokwa ho rona.
BONA e fana ka diphuthelwana tse 16 tsa dietswa tsa botle tse bitsang R250 ka seng. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala wa hao wa motsheare ho: BONA/Shoprite Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS SHOPRITE ho 35919. (SMS e bitsa R3.)
33 DIPHUTHELWANA
Tsa hao tsa moriri
Mariha a kene jwale, bohle re hloka ditlolo tsa mongobo ho sireletsa letlalo - empa moriri ona-
Blue Magic Conditioner Hair Dress, e entswe ka petrolatum e bonojwana, e nolofatsang moriri ntle le hore o be le mafura a mangata, mme moriri o dula o ena le ho benya ha ona ha tlhaho, o phetse hantle le letlalo la hlooho le le bonojwana, e leng se etsang
hore o se fothohe.
Blue Magic Bergamot Hair And Scalp Conditioner e thibela ho omella ha letlalo, ho hlohlona, sekerefole mme moriri o kameha hantle.
BONA e fana ka diphuthelwana tse 33 tse nang le Hair Dress and Scalp Conditioner, kepisi le pene, tse bitsang R120 sephuthelwana. Romela lebitso, aterese le mohala wa hao wa motsheare ho: BONA/Blue Magic Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS BLUEMAGIC ho 35919. (SMS e bitsa R3.)
Letsatsi la ho kwala:
30 Phupjane 2006
20 DIBUKA
Tseba ka Letsatsi la Batjha la 16 Phupjane
Ho bohlokwa ho ntlafatsa tsebo ya batjha ba habo rona ka nalane ya bohlokwa ya Afrika Borwa, Youth Day June 16 (e phatlaladitswe ke Jacana) ke buka ya pele ya lethathama la Exploring Our National Days.
BONA e fana ka dikhopi tse 20 tsa Youth Day June 16, tse bitsang R150 buka. Ho ba e mong wa ba lehlohonolo, re romelle pale (e mantswe a sa feteng ho 100) o bolele hore Letsatsi la Batjha le bolelang ho wena. Re bolelle le dilemo tsa hao, lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Youth Day June 16 Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060. [s]
10 DIPHUTHELWANA
Difilimi
Ho Mission Impossible III Tom Cruise o kgutla e se e le Special Agent Ethan Hunt mme o na le mosebetsi wa bohlokwa bophelong ba hae. Ena le diketsahalo tse monate tsa dintwa tseo re di tlisetswang ke JJ Abrams, molaodi wa Lost.
Ho keteka filimi ena ya boraro e ratwang, BONA e fana ka diphuthelwana tse 10 tse bitsang R315 ka seng, tse nang le kepisi, setshwantsho se seholo sa filimi, web camera le pene.
Ho ba le monyetla wa ho fumana se seng sa tsona, re romelle lebitso, aterese le mohala wa hao wa motsheare ho: BONA/Mission Impossible Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS MISSION ho 35919. (SMS e bitsa R3.)
Dimpho tse bitsang
R14 000
BONA - August 2005
