sotho.1796.yourlifeguide_hiv
Criselda ya ratehang
Na o na le seo o batlang ho se tseba mabapi le HIV kapa EITSI? Ho na le se o ferekanyang? O kgathatsehile? O tshohile? Se nyahame, sebohodi sa radio le TV, Criselda Kananda se tla araba dipotso tsa hao kaofela
Ha ke kgone hohang
Criselda ya ratehang: Ha ke so kgolwe hore ke nna ya o ngollang. Ke dilemo di 32, ha ke sebetse, ke na le baradi ba babedi ba batle. Ke tsebile dilemong tse tharo tse fetileng hore ke na le HIV. Ke nakong eo ke neng ke qala ho nwa jwala haholo.
Ha ke sheba bana ba ka, ekare nka shwa hobane ke nahana hore ba tla phela betere ha ke le siyo. Ka nako e nngwe ke bona e le dimpho tse babatsehang tseo Modimo o mphileng tsona!
Ke kgathetse ke bophelo boo ke bo phelang ha ke sa tseba hore nka intsha jwang tebetebeng ena! Ke ne ke le mooki ya thusang mme ke nahana hore ke tseba sohle ka HIV empa ke a bona jwale hore ho thata ho phela le yona.
MN, Soweto
Karabo ya Criselda:
Ke a o lebohela hle nnake - ha o hlokometse hore o na le mathata. O tseleng ya katleho. Ke leboha haholo ha o kgathatseha ka bokamoso ba bana ba hao.
O ka kgona ho phela le HIV ha o batla ho etsa jwalo. Ke e nngwe ya diphephetso tse batlang hore o nkele ho wena boikarabelo ba bophelo ba hao. Hape tseleng ena e lebisang bophelo bo botle, hopola hore o motle, o bohlale hape o bopilwe ke Modimo, o o ratang ka hohlehohle. Lerato la Ona ho wena le bolela hore ha o hloke ho inyenyefatsa.
Ho tseba seo ho ka o matlafatsa.
Ha re bua ka ho nwa ha hao. Ikopanye le ba ha Alcoholics Anonymous - e teng e haufi le sebaka sa heno, ba tla o thusa.
Jwala bo tla senya sebete sa hao athe o se hloka haholo hore se ntshe dikhemikhale tse thusang ho lwantsha dikokwanahloko. Ngodisa bana peing ya mmuso, wena o tlhohlore CV ya hao hobane o na le profeshene eo o ka e sebedisang. Ha jwale, o lokelwa ke hlompho le tlotla!
Nka qala kae?
Criselda ya ratehang: Ha ke tsebe le hore nka qala kae ha ke bua ka kalafo. Ke ne ke nahana ho ya reka African potato hobane ke utlwa ho thwe e matla, e thusa ba HIV-positive hore ba dule ba phetse hantle. Nka etsa jwang?
ZB, Kapa
Karabo ya Criselda:
Eya tliliniking e haufi le wena bakeng ba dikeletso tsa mahala le diteko tse ding. Sena se tla thusa ho tseba seo o lokelang ho se etsa mabapi le ho laola HIV.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, Lefapha la tsa Bophelo bo Botle le ba mekgatlo e sebedisanang le lona e sebedisitse dimilione tsa diranta ho hlahisa dibukana ka dipuo tse fapaneng tse thusang ho hlahlella batho ka dintlha tse mabapi le HIV. Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, o ka letsetsa 0800-012-322. Hopola hore - tsebo ke matla!
Fumana thuso
Criselda ya ratehang: Moratuwa wa ka o boleletswe ka Tshitwe ngwahola hore o na le HIV. Ha a ka fumana dikeletso tsa ho thoba maikutlo mme ka mora hore ke mo kgothalletse ho ya batla thuso, o ile a ya tliliniking e haufi le rona.
Re ne re tshwarwe hampe haholo moo. Ba re ba qakehile bona ha bana nako ya ho buisana le batho ka bonngwe! O ne a utlwe bohloko haholo hoo a ipoleletseng hore o tla tobana le tshitabaholo ena ka boyena mme ke bona ka moo a ngongorehileng ka teng hore ha a kgone.
Ke boetse hape ke na le mathata ka mehala ya AIDS helpline. Batho ba moo ha ba na boiphihlelo hohang. Ha ke etsa mohlala, e mong o ne a mmakatse a re ho nna ha ho nako e bitswang window period. Na seo ke nnete?
LJ, Thekong
Karabo ya Criselda:
O mo hatellelang moratuwa wa hao ho ya kopa dikeletso empa a re a ka kgona ho tobana le mathata a hae ka boyena mme hape o boele o mo isa bathong ba sa tsebeng letho? Seo ke ithutileng sona nna he ngwaneso, ke hore ha ho tsela e nepahetseng kapa e fosahetseng ya ho amohela maemo a hao a HIV.
HIV e ka o ferekanya mme ho be thata haholo ho e amohela ha o se na dintlha tse feletseng hantle ka yona. Thusa morutuwa wa hao hore a fumane dibuka le dipampitshana tseo le ka di balang le bue ka tsona tse mabapi le sehloho sena.
Tswelapele o mo rate mme o mo tshehetse ntle le ho dula o mo hlodiya ka ho dumellana le seo o se nahanang. Mehaleng ya AIDS helpline teng: ho na le batho ba bangata ba etsang mosebetsi o kgabane haholo moo. Se ahlole bohle ka lebala la phoso ya ba mmalwa. Fumana mabitso a batho bao ba se nang tsebo e ntle mme o ba tlalehe ho baokamedi.
Ho ya ka ditlhalosetso tsa ba Lefapha la tsa Bophelo bo Botle e teng nako e bitswang window period. Hona ho bolela hore ha HIV e se e kene mading, e ka nna ya nka dibeke ho ya dikgweding tse tsheletseng pele e hlahella. [s]
HIV P&K
Na le wena o na le dipotso?
Ngolla
Criselda ho HIV Q&A, Box 473014, Parklands,
2121.
Re ke ke ra phatlalatsa lebitso la hao ha o sa rate.
SE LAHLE TSHEPO
E qadile kgweding ena! Criselda Kananda o re thusa ho utlwisisa sohle ka HIV/AIDS mme o re bontsha le ka moo re ka phelang le yona hantle ka teng!
HO PHELA le HIV ho nthutile hore ke thabele letsatsi ka leng la bophelo ba ka. Sena se neng se shebahala eka ke kahlolo ya lefu pele, se fetohile monyetla wa ka wa ho ithuta le ho ruta ba bang ka mekgwa e nepahetseng ya ho phela, ho hola le ho tobana le diphephetso tsa mofuta ofe kapa ofe.
"Ho se Lahle Tshepo" ha ka bophelong ho ne ho qale ka nako eo ke hlokomelang ka moo batho ba shwang ka bongata pele ho nako ya bona ka teng lefatsheng, ba imetswe ka diphiri tsa maemo ao ba neng ba ka kgona ho a laola.
Lentswe lena AIDS le bolelang ho nna? Le bolela hore: Am I Doing Something - na ho na le seo ke se etsang?
O na le HIV kapa tjhe, bohle re lokela ho ipotsa hore: "Na ho na le seo ke se etsang ka bophelo ba ka bo botle kapa hona ho tjhentjha maemo a ba bang ba sa kgoneng ho ikgethela? "
Jwalo ka kgwedi ho BONA, nna le wena re tla sebetsa mmoho ho kgutlisa seriti sa rona seo re se amohilweng ke kokwanahloko ena, e seng e kgonne ho nyenyefatsa le dikakapa.
Nna le wena re ka kgona ho hlola koduwa ena e wetseng setjhaba ka tsebo feela. Ha ho tsela e bonolo le e potlakang. Empa hoo ha ho bolele hore re lahle tshepo hobane ntwa e kgolo ke e maikutlong a rona. Ha re na dintlha tsa nnete ka HIV le EITSI. Ke a tshepa re tla thusahala ho fedisa pherekano ena.
Dimilione tsa Maafrika Borwa tse phelang le kokwanahloko ya HIV- ke bara, baradi, banna le basadi le dikgaitsedi tsa batho jwalo ka nna le wena. HIV ha e kgethe batho empa ho sa ntse ho ena le batho ba reng: "Nna e ke ke ya nkena hohang." Ho hloka tsebo ke hona hona ho entseng EITSI e be pharela e kana. Ha re etsa mohlala, ba bangata ba nahana hore ke lefu le itseng. Athe ha ho jwalo.
AIDS ke lebitso feela leo e le rehilweng ke ba Centers For Disease Control mane USA ha ba kopanya mafu a 29 a kenyeletsang le nyomonia, Lefuba le mefuta e meng ya kankere. Mafu ao kaofela a fetoha EITSI ha motho a se a kenwe ke kokwanahloko ya HIV.
Ha re fetoleng seo re se nahang ka EITSI. Kgatisong e latelang ya BONA re tla utlwisisa hantle metheo ya HIV le EITSI.
Re tla boela hape re ithute ka dintlha tse tharo tsa yona:
Itlhomphe
Hlompha ba bang
O nke boikarabelo ba kgetho ya hao
Ke ka moo re ka ntlafatsang maphelo a rona ka teng ho fihlela kalafo e fumaneha. A re pheleng ka tshwanelo.
HAPA CD YA CRISELDA
Criselda Kananda ke mme, setsebi se lwanelang bophelo bo botle le sebohodi sa Metro-FM, se ikemiseditseng ho kgothalletsa tshepo bathong ba phelang le kokwanahloko ya HIV ka ho ba bolella ka mathata ao yena a tswileng ho ona.
O na le CD, Positive Talk, e kgothatsang hore o dule o phetse hantle o bile o na le tshepo. O bolela mabaka a bohlokwa a hore motho a dule a tseba maemo a hae a HIV, a na le ditlhalosetso tse bonolo tsa bongaka tse mabapi le HIV le EITSI, mme o hlalosa le ka menyetla e fapaneng ya kalafo. CD ena e boetse hape e kenyeletsa le pina ya Beautiful Woman, e totobatsang botle ba mosadi. Ka CD ya Positive Talk o ka mamela molaetsa wa Criselda wa tshepo neng kapa neng. Re ngolle, o re bolelle pale ya hao ya ho se lahle tshepo leha o ena le kokwanahloko ya HIV mme o ka ikgapela e nngwe ya di-CD tsena tse babatsehang.
Ngolla ho: Positive Stories/BONA, Box 473014, Parklands, 2121.
CD e a fumaneha mabenkeleng a Reliable naheng yohle.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, ikopanye le Criselda ho info@positivetalk.co.za; fekese: 086-617-5480; kapa etela ho Web page ho: positivetalkservices.co.za.
