sotho.1792.feedback
"Nka kgona,
Nka kgona..."
OSA hopola pale yane ya bongwaneng ya terene e neng e rwetse morwalohadi e nyoloha moepeng" Ha motho a bua le Sajeeda Abdool, o hopola sebui se seng le se seng se kgothatsang seo a kileng a kopana le sona. Mosadi enwa ya mafolofolo wa Pietermaritzburg ba mo bitsa Saj.
Saj o dutse a rwetse diteki ho sa kgathallehe hore maemo a lehodimo a jwang, o tseba hantle seo a lokelang ho se etsa, hape o dutse a le malala-a-laotswe mosebetsing wa hae a bile a sa lebale le ho itlhophisetsa le lebelo la Comrades Marathon! O se a mathile lebelo lena makgetlo a 11 kaofela! Ke setho sa Comrades Elite Club mme o se a kile a hapa metale ya bronze ya Bill Rowan hararo.
O matha Sontaha se seng le se seng ho boloka mmele o kwenne hape o na le motshehetsi eo a sa batleng ho mo phoqa - mmae! O ne a matha le sekolong pele a hlokomela hore ha se sebapadi se setle ha a sebetsa le sehlopha. "Ke ne ke tenehela ha ditho tse ding ha dintho di sa tsamaya ka tsela.
Ka sebedisa monyetla wa bofokodi bona ba ka, ka qala ho matha hobane teng ha o hloke ho tshepela bathong ba bang bakeng sa katleho ya hao.."
Saj o se a kile a matha le mabelong a mang a malelele jwalo ka la City To City le Two Oceans. O re o thuswa ke ho ipehela maemo ao a batlang ho a fihlela.
Morekise enwa wa ha SavellsFairdeal o boetse hape o ipehela maemo le mosebetsing wa hae mme mafolofolo a hae a fetela le bathong ba bang bao a sebetsang le bona.
Maikemisetso a hae bophelong ke ona a entseng hore BONA e kope hore a eletse le ditho tse ding tsa Empowerment Club tse batlang ho iqalla dikgwebo.
"Letswalo ha le hlokahale hohang. Itshepe, o ikemisetse ka seo o se etsang, o se shebe lehlakoreng ha o se o qadile mosebetsi. O tla atleha. Kgwebo e nngwe le e nngwe e na le bobe le botle. Ditho tsa Empowerment Club di lokela ho ba le tjhebelopele mme di se dumele
ho sitiswa
ho e fihlela,"
ho bolela Saj.
Re ka ithutang puong ya hae bakeng sa dikgwebo tsa rona" Se shebe mahlakoreng, itlhophise hantle mme o etse sohle se ka o thusang ho fihlela maemo o ipehetseng ona.
Ho matha ho boetse hape ha hlalefisa Raj. O rata ho eta hobane o kopana le batho ba bang ba nang le maikutlo a tshwanang le a hae.
Dikgwebo tse ngata di a putlama hobane re sa tsetsise maikutlo a rona ho seo re batlang ho se fihlela kapa re kgeloswa tseleng ka bonolo. Ho se fumane dikeletso tse ntle le ho hloka botshepehi ha ditho tse ding kgwebong ho etsa hore le lahlehelwe ke tsela. Ke ka hona re nang le BONA Empowerment Club - hore ditho di kopane le batho ba bang ba tseleng eo o leng ho yona. Sena ke seo SavellsFairdeal e se kgothaletsang ka Empowerment Club. [s]
BONA SESOTHO - April 2007
Romela dikenelo ho: BONA/SavellsFairdeal Community Builder, Box 1300, Rivonia, 2128.
NA o setho sa tlelapo" Na ho na le motho eo o mo tsebang ya o kgothaditseng ka ho thusa setjhaba sa heno hore se fihlelle katleho" Haeba ho le jwalo, re romelle setshwantsho sa moahi eo wa setjhaba. Re bolelle sohle ka yena le mesebetsi ya hae eo a e etseditseng setjhaba. Se lebale ho re bolella lebitso le mohala wa hao mmoho le wa motho eo. Wena le moahi eo wa setjhaba le tla ba le menyetla ya ho hapa meputso e babatsehang ya ha SavellsFairdeal.
