sotho.1789.sbu
Sbu o araba banyefodi ba hae
BONALEDI ba hae bo entse hore dira tsa hae tseo e leng bo-DJ le bahlahise ba mmino, ba mo shebe ka mahlo a mang. Empa leha ho le jwalo, Sbu Leope ha a itshenyetse nako ka bona. Mohlankana enwa ya dilemo di 27 le wa mphato wa hae ho TS Records, TK Nciza, ba se ba rekisitse dikhophi tse milione dilemong tse hlano.
Pina ya hae, Remember When It Rained, e kgethilwe jwalo ka "Pina ya Selemo" dikgaung tsa Mmino tsa Afrika Borwa mane Sun City moo ho neng ho kgobokane batho ba ka bang 6 000.
Mohla monene, Sbu o ne a apere sutu e kang ya Michael Jackson. O re seo e ne e le tsela eo a neng a kgalema lenyatso ka yona.
"Ba bangata batho ba atlehileng jwalo ka nna, empa ha ba ba nyefole, ba emelletse nna feela," ke yena eo.
"Ho nna kgau ya Pina ya Selemo ke ya bohlokwa haholoholo hobane e kgethilwe ke batho."
Sbu o ikemiseditse ho hodisa kgwebo ya bona. Ngwahola o ne a thefulwe ha bohloko ke lefu la moratuwa wa hae. Lelapa la hae mmoho le la bo moratuwa wa hae le ona a ne a amehe hampe ke sena.
O boletse hape hore ke yena moratuwa wa hae ya neng e kgethe hore albamo ya hae e rehellwe ka pina ya Remember When It Rained. Yena le mohatsa TK, Nhlanhla Nciza, le bona ba bile le kabelo ho rekiseng hantle ha albamo ena mme ke ka hona kgau ena e mo thabisang e boele e mo hlomole pelo ka nako e le nngwe. "Ke ne ke kgefutse selemo kaofela ka mora koduwa ena," ke yena eo.
"TK le mme ba ne ba nkgothatse hore ke se lahle tshepo, ke kgutlele temeng mme ke sebetse ka thata."
Phoso
Sbu o holetse Tembisa mme o ithutile hore ho hloleha ha o a lokela ho nyahamisa motho pelo empa o tlameha ho ithuta ka diphoso tsa hae.
Ho tloha a le dilemo di 21 feela, o ne a se a hatisetsa dibini tse ding mmino tse kang Brown Dash, Izinyoka, Ntando mmoho le Mzekezeke - eo dialbamo tsa hae di neng di tsose setsokotsane sedikadikweng sa Kwaito.
Le hona jwale ha a se a bina e le Dj Sbu ka boyena, o makatswa ke tsela eo batho ba mo ratang ka yona.
"Lehlabuleng la ngwahola, ho ne ho se letsatsi la mahala leo ka lona re neng re sa phatlalatse albamo," ke yena eo. "Ho video ya Remeber o ka bona dintho tse ngata tse kang diaparo, feshene esitana le koloi ya Porsche, e leng ntho e ntjha.
"Hohle moo re neng re hahlaula, batho ba ne ba phethoha."
Sena se bakilwe ke boiphihlelo ba hae diradiong hobane o mamelwa ke dimilione tsa batho.
Phephetso
Sbu o ne a qale ho sebetsa ho Yfm a le dilemo di 19 mme a lelekwa ka mora ho fumanwa a nwella jwala ka studio le metswalle ya hae. Ka mora selemo, o ne a boye sekwele seyalemoyeng mme kgetlong lena e se e le mohlahise wa lenaneo la motsheare le neng le haswa ke Rudeboy le Unathi.
Ka mora tseo kaofela, a qala ho ba Mzekezeke.
Remember When It Rained, e rekisitse dikhophi tse 200 000, e leng se neng se etse hore SABC e mo hire hore a hape bamamedi ba Gauteng ka ho hasa lenaneo la hoseng ho Ukhozi FM.
Ke mosebetsi o boima ho hapa thaka e tshesane seyalemoyeng sa lelapa se kang seo.
Seteishene sena se Thekong, ke sona tse tswang pele ka palo ya bamamedi diteisheneng tsa SABC jwalo ka ha se mamelwa ke batho ba 6.3-million ka beke, e leng se entseng hore ngwahola se kenye phaello ya R130m ka dipapatso.
Mona
Monna enwa wa Motswana ba se ba qadile bo bua hona le hwane ka yena jwalo ka ha a se a hasa lenaneo la hoseng le bitswang Ezasekseni (tsa hoseng) ho Ukhozi FM. Koranta e nngwe ya mafelo a beke, e ne e tlalehe hore e mong wa basebetsimmoho le yena o ne a bolele ha Sbu a kgetha di-studio tse pele mme seo se qetella se etsa hore eke bona ba shebelwa fatshe. E mong wa bona o ne a tletlebe ka tsebo ya hae ya puo.
"Ke ne ke bale ka tsena tsohle, empa ha ho le ya mong ya seng a kile a mpolella sefahlamahlo ka seo," ke yena eo a ikarabela.
"Ke sebeletsa Joburg, mohlomong ba tletlebang ke ba Thekong, empa ha ke dumele hore ke ipeha pele.
"Ha ke dumellane le seo sohle, nna ke motho ya ikokobeditseng haholo mosebetsing wa ka mme hape ke hlompha motho ohle eo ke sebetsang le yena ho Ukhozi FM.
"Ha ke ikuke jwalo ka naledi. Haeba ho na le ditletlebo, mohlomong di tswa ho ba nang le mona. Ha ke so ka ke nyefola mang kapa mang haesale ke ne ke qale mosebetsing ona.
"Bamamedi ba hloka ho tsoswa ka thabo hoseng, ka hoo, ke mosebetsi wa ka ho ba tsosa ka se ba thabisang." [s]
Sbu Leope leha a atlehile hakalo, o ntse a ena le boikokobetso, empa leha ho le jwalo dira tsa hae tsona ha di kgathale ke ho mo nyefola
BONA SESOTHO - August 2007
SE SEHOLO: DJ Sbu o ne a makatswe ke ka moo batho ba neng ba thabele CD ya hae ka teng.
SE KA HARE: Sbu le mosebe-tsimmoho le yena wa Ukhozi FM, Sbonga Mngadi.
Ke na le boikokobetso
BONA SESOTHO - August 2007
pale ka DOUG GORDON
