sotho.1781.summer music
Ditlabolane tsa lehlabula!
Mmino wa BONA o Ikgethang wa Lehlabula
THOBALANO ke lepetjo le leholo dinaleding tsa mmino matsatsing a kajeno. Tshedi wa Malaika le Unathi Nkayi naledi ya TV ba hlahisitse mmino wa lerato o motjha - empa Zola o batla ho beha Afrika Borwa mmapeng wa lefatshe ka dipina tse kgahlano le peto, thobalano ya ba leloko esitana le tlhekefetso ya bana.
"Ke tswa bofutsaneng mme ke ikemiseditse ho bo fedisa hohang," ho bolela yena. "Ke batla batho ba phethohe ha ba utlwa dipina tsa ka. Nnete e bohloko empa re lokela ho e bua ka bonokwane bona hore le batho ba bo etsang ba tsebe ho bo tlohela."
Nako ya lehlabula ke e maphathephathe hampe mminong. Ke ya boithabiso. Ho hlahiswa CD tse ntjha, dinaledi di tswa di kena di bina meketeng e fapaneng ya mmino, di buisana le boraditaba, ba hlahella le ho TV ba bile ba hahlaula le naha. Ha ho nako ya phomolo. Ba khampane ya Zola ya ho rekota, ba re o na le melaetsa ya di-SMS e 1 400 eo a so kang a e araba. Eitse leha a bua le BONA, a hla a dula hodima taba di behwa.
Albamo ya hae e ntjha, Ibutho, e na le dipina tse 20 tse monate le ho feta thatohatsi ya pele Ghetto Fabulous, ya 2002 e neng e rekise dikhopi tse 200 000.
"Ke nkile dikgwedi tse robedi ho ngola dipina tsena. Ke ile ka ipha nako. Ke ya boraro mme dipina tsa yona di bua ka bophelo ba Soweto, setjhaba seo ke se tsebang hantle moo tlala le bofutsana di busang teng, moo sera se seholo sa teng e leng bonokwane le tlhekefetso ya bana.
"Ha se bophelo boo ke bo voutetseng bona. Jwalo ka Mbodlomane (Pokemon), e buang ka monnamoholo e mong ya ratang bana ba bananyana. O a nyontsha, ka nako e nngwe ha a ipuella ka bokgopo ba hae, o re banana bana ke bona ba ipitsetsang tlhoriso.
"O bua ka boithabiso ba bona ditlelapong le diaparo tse hlahisang mmele, ka kgopolo ya ho hohela banna ba dikgorane. Ha a hlokomele hore le yena ke sesosa sa mathata, o senya bokamoso bo botle ba bana." Ena ke pharela empa Zola o hatella hore bana ba qala ho hlekefetswa ka malapeng mme ke hona mona moo bokgopo bona bo lokelang ho fediswa. Pina e nngwe, uNosonka, e bua ka ka moo banana ba kenang ka teng thekisong ya mmele. "Ha a ikgethela ho phela bophelo boo. Ntatae o ne a hlola a entse thobalano le yena ha a sa hola. O a mo nyonya. E ba motjha ya holetseng lefatsheng le iphedisang ka thobalano.
"Banna ba mo ratela thobalano feela. Ho uNosonka, o kgahlano le banna bana ba kgannang dikoloi tse majabajaba, ba nyetseng ba bileng ba nang le bana, baokamedi ba dikhampane tse kgolo, ba sotlang bana ka ho lefella thobalano le bona. Ba ntano ba siya moo ba ikele basading ba bona."
KA HO LE LETONA: Sehlopha sa Malaika, ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona, Tshedi, Bongani le Jabu.
BONA SESOTHO - December 2005
Seo dinaledi tsa rona tsa mmino di leng hodima sona lehlabuleng lena
pale ka DOUG GORDON
"Dipina tsena di bua ka bophelo ba batho ba ballwang dimilione tse nne ba Soweto, setjhaba seo ke se tsebang hantle, moo batho ba sa sebetseng, moo bonokwane le tlhekefetso ya bana e leng sera se seholo sa teng," ho bolela Zola..
Ba a ratwa
CD YA bona ya pele Vuthelani, e rekisitse dikhopi tse 100 000 le pele ho diphomolo tsa Tshitwe. Pina e ratilweng haholo ho radio naheng yohle ke Muntuza eo hape e tla binwa moketeng wa mmino mane Zambia, hobane sehlopha sena se a ratwa moo hantle jwalo ka mofu Brenda Fassie.
Empa Tshedi Mholo wa Malaika, ha a tshwane le mofu ka ho rata meketjana. E ne e le titjhere dikolong tsa Soweto, o rata ho phetha nako ya hae ya phomolo lapeng le mane Joburg mmoho le moradiae Kamogelo (1). Athe ha re tla ka mminong teng, Tshedi o motlotlo ho bolela hore mofu Brenda o bile le tshusumetso e kgolo ho yena.
Ka nako e nngwe o kile a bina le Ma Brr sebayeng a le mmoho le sehlopha sa hae sa mmino a sa ntse a ruta.
"Moya wa Brenda wa mmino o kene ho rona kaofela mminong wa Afrika Borwa," ho bolela Tshedi. "Ke mohlala o motle, re lokelang ho o latela."
Mmino wa Malaika o ne o qale sehlopheng sa kereke mme lentswe le phodileng ha monate la Bongani le la Jabu le dumellang Tshedi, ho bonahala le tla ratwa haholo Yuropa le Amerika hantle jwalo ka ha ho etsahala kontinenteng ena ya rona.
Boraro ba bona ba tla be ba qala ho bina Britania selemong sena, mme ba tla hohela letshwele le leholo la batshehetsi mane London hantle jwalo ka ha ba entse ka Destiny.
Pina eo e monate le motjeko wa yona mme e behile Malaika maemong a matle naheng ena.
"Thekiso ya Destiny e nyolohile haholo, ke ka hona re bolokileng morethetho oo," ho bolela Tshedi. "Ho ena teng, re lekile ho boloka sena se ratwang ke batshehetsi, empa ra bina ka dipuo tse fapaneng. Ho sa kgathallehe hore re bina kae, mmino ke puo e utlwisiswang ke barati bohle."
Malaika e tla ba maphathaphathe haholo ka 2006. Ka Hlakola ba bina moketeng wa setletle wa Valentine's Day mane London - e leng mokete o ba batlang ho o sebedisetsa ho ikahela lebitso naheng ya Yuropa.
Ba ngotse dipina tse hlwahlwa tse latelang Destiny jwalo ka Fever - pina eo Tshedi a reng ke ya moya wa lerato hona hoo a sa tsebeng ho e bapalla hantle sebayeng. E kenyeletsa mantswe a kang, I really love what I'm feeling, baby - and I can't control the fever.
"Ke nnete le nna ke kenwa ke moya ona," ho bolela Tshedi, "empa ke monna a le mong hara dimilione feela ya ka kgonang ho nketsa hore ke ikutlwe ka mokgwa oo. Mantswe a Fever ke ao re a ngotseng boraro ba rona.
"Mantswe a pina ena a nkilwe diketsahalong tsa nnete, re mamela seo batho ba se buang ha ba hlalosa dintho tse etsahalang ho bona.
"Ka nako e nngwe basadi ha ba ipuela ba le bang ba re, 'Ha ke mo sheba feela yane monna ke kgwehla mangole' - eba re se re tseba hore o bolelang ha a rialo."
BONA SESOTHO - December 2005
u
t
Mmino wa BONA
O Ikgethang wa Lehlabula
BONA SESOTHO - December 2005
O a qala"
MY FIRST Time ya Unathi Nkayi ke e nngwe pokello ya dipina tse ntjha tse ratehang haholo. DJ ena ya Yfm le eo hape e leng sebohodi sa TV e bontshitse bokgoni ba yona pineng ka 2004, ho Sana Lwam, a bina le Zola.
Ka mora moo, a ba motswetse, a dieha ho hlahisa albamo e nngwe. "DJ tseo ke neng se sebetsa le tsona di ne di nkgothalletsa ho hlahisa CD ya ka empa katleho le setumo tsa nkimela," ke yena eo.
"Dintho tsohle tsa tswa taolong. Ke ne ke batla ho itlhophisa pele nka hlahisa mmino wa maikutlo a ka. Tswalo ya moraka, Sinako e nthusitse haholo."
Lelapa ke la bohlokwa ho Unathi; ho CD ena ya hae ho na le ditshwantsho tsa hae, tsa Kapa Botjhabela, tsa moketjana wa hae wa selemo sa pele sa tswalo, a qala ho ya sekolong, le sa kgau ya hae ya pele ya mmino.
"Pineng ka nngwe ke bua ka ka moo ke ahlileng bophelong ba ka le ka moo ke ahang bokamoso ba ngwanaka ka teng," ho bolela yena.
O fihlile Jozi dilemong tse nne tse fetileng, a ena le degree ya tsa boqolotsi ya univesithi ya Rhodes.Ya eba sebohodi sa lenaneo la SABC 1 la Castle Loud, a kena ho la hara kgitla ho Yfm a ena le Rudeboy Paul, a boela a ba sebohodi moketeng wa dikgau wa SA Music habedi le la SABC 3 la Pop Stars ka 2004.
Selemong sena o kgefuditse ho TV a batla ho natefelwa ke boimana a ithabise le moratuwa wa hae, Thomas "Bad Boy T" Msengana wa Yfm hape a batla le ho ngola dipina. O utlwa ka mantswe a dipina tsa hae hore o ne a le moyeng o monate wa lerato.
Mohla a utlwang hore ke moimana, o ne a ngole, U Make Me Happy - eo a binang le Lepantsula la Hip Hop: You kissed my soul, when your lips touched my collar bone. How did you know, that it would make my being moan.
Athe ha o nahana hore ke tsela ya ho hlalosa thobalano, ha o so utlwe letho ho Sextraordinary - ya morethetho o tala wa kwaito: I'm feeling naughty, come on and hold me, won't you touch me there" Oh, I like it, when you do that, it makes me wanna scream.
Unathi o tumme ka ho rata ho etsa dintho tsa botoutu radiong mme o ile a tsheha ha a botswa ka molaetsa wa dipina tseo tsa hae. "Ke kenwa ke meya ka nako e nngwe bophelong ba ka," ho bolela yena a bile a tsheha. "Ka nako e nngwe ke ba moyeng wa thabo le nyakallo, ke be mahlaahlaa, ka nako e nngwe ke be moyeng wa Boafrika athe ka e nngwe ke ba moyeng wa lerato."[s]
"Pina ka nngwe ke tlhalosetso ya ka moo ke ahang bophelo ba ka bakeng sa moraka ka teng," ho bolela Unathi.
