sotho.1780.preg
Ditlhoko tsa lesea
Mme e mong le e mong eo o buang le yena, o tla o bolella ka lethathama la dintho tseo a di hlokang bakeng sa lesea la hae. O tla tlameha ho tseba hore tseo o di bonang lebenkeleng ke tseo lesea la hao le di hlokang kapa tseo tsohle ke tse hlokwang ke wena bakeng sa lesea la hao. Se kgathatsehe, BONA e tla o thusa, ho o hlahlella
HO qoba ho tatasela ka metsotso ya ho qetela - ha o sa ikutlwe hantle mmeleng - itlhahanele ka dintho tse latelang ho tloha qalong ya boimana ba hao. Ho na ho tla thusa hore o reke tsena tsohle hantle dikgweding tsena kaofela.
Diaparo
Masea a hola kapele. Se reke diaparo tse ngata tse tla phakisa ho le haella.
Diaparo tsa masea di rokwa ka mokgwa wa hore di a tshware hantle empa ho bohlokwa ho hlahloba mophetho wa tsona pele o di reka.
Mephetho ya ka hare ha e a tlameha ho ba bohale (jwalo ka tsa batho ba baholo).
O tla hloka:
6 di-vest: 3 tse se nang matsoho le 3 tse matsoho a matelele;
2-4 mapae;
1-2 dikipa;
1-2 tjale kapa lepae
4-6 dipara tsa dikausi;
4-6 di-romper, ho ya ka hore o tla di hlatswa kgafetsa ho le ho kae;
5 marikgwana le di-top tsa teng bakeng sa motsheare;
2-4 dibibi tse hlatsuwang;
4 diaparo tsa ho robala bosiu kapa di-gown.
Maleiri
Boikgethelo ke ba hao:
Maleiri a lesela
12 maleiri a lesela;
1 pakana di-baby wipes;
2 dipelete tsa polasitiki;
1 pakana di-liners tse hlatswehang (ha o rata;
5 marikgwana a polasitiki kapa waterproof;
Vaseline kapa setlolo se thibelang ho phumuha;
waterproof pad o tla e sebedisa ha o mo tjhentjha leleiri.
Maleiri a lahlwang
2 dipakana;
1 pakana di-baby wipes;
waterproof pad bakeng sa ho mo tjhentjha leleiri
Ka nako ya boroko
O tla hloka:
sejana sa ho hlapela;
baby shampoo le lotion tse sa fahleng
meriana e bolayang dikokwanahloko le boyanatshwele (ho le hlatsuwa mokgubu);
kama le borashe ba masea;
sesepa sa masea;
2-4 dithaole tsa masea
motjhini wa masea wa ho kuta manala.
Ha o le fepa
O tla hloka:
6-8 dibotlolo: e nyane (125ml) ha o sa qala, e kgolo (250ml) dikgweding tse tharo (o tla hloka tsena tsohle le haeba o fepa lesea ka ho le hamela)
lebakethe le lenyane le nang le sekwaelo bakeng sa ho hlwekisa dibotlolo;
lebese haeba ngwana a ja lona
bottle warmer kapa jeke ya polasitiki;
breast pump;
borashe ba ho hlwekisa botlolo. [s]
Pale: Smangele Zuma
LESEA LA HAO
O SE LEBALE
Ho bohlokwa ho hlatswa diaparo tsa lesea pele le di apara. Ho etsa jwalo ho tla di nolofatsa mme di le tshware ha monate.
BOMME BA HLOKA ENG HA BA ILO BELEHA SEPETLELE
Jwalo ka rona bohle, le wena o tla belehela sepetleleng sa mmuso - o tla ya moo o ikemiseditse mme o tla hloka:
Bakeng sa lesea
6-8 maleiri a lahlwang (ho tla ya ka hore lesea la hao le phela jwang, o ka nna wa lokollwa hona letsatsing leo o belehileng ka lona; haeba o hloka a mang, ba lelapa ba ka o tlisetsa ha ba o etetse);
1 thaole ya lesea (ho le hlakola - o tla le hlapisa hantle lapeng);
di-baby wipes (ha o rata);
Vaseline;
diaparo tsa ho oroha le tse ding ha ho etsahala tsena tsa ho oroha di le ditshila);
oli ya ho le hlapisa le kama.
1 lepae.
Tsa hao
1 gown, diaparo tsa ho robala;
dieta;
thaole;
sesepa;
diaparo tsa ho oroha;
sanitary towels;
breast pads.
