sotho.1771.slave
O RATA ho reka bara ba rona? Eo ke potso e neng e botswe Moqolotsi wa ditaba wa Brithania, ya neng a fuputsa taba ya thekiso ya bana mane Nigeria. Ba ne ba le babedi, e le ya dilemo di tharo le tse hlano mme ka mong a bitsa R5 000. Kola Woniye ya dilemo di 32 ha a sebetse mme o na le mangolo a ho kobolla dikoloi. Le mohatsae, Seyi, ya dilemo di 27 le yena ha a sebetse."
"Ha ho ka mokgwa, tlala e haketse," ho bolela Seyi. "Ke ne ke kope ho ba bona, ho ne ho hlahe bana ba batle, ba dihlong, ba hlomphang," ho hlalosa moqolotsi enwa wa Sunday Telegraph, David Harrison.
E mong ya hwebang ka bana matjhabeng ya mo fumaneng moo Lagos, o mmoleletse hore o reka bana ba ka bang 500 ka selemo. Taba ke hore ke kgwebo e ntle haholo ho reka bana malapeng a futsanehileng mme ba ba rekise mafatsheng a ka bophirima ho Afrika kapa hona UK le dinaheng tse ka bophirima.
Tlatlapo
Mohla la 16 Phupjane ngwahola, letsatsing la Day Of The African Child, United Nations Children And Education Fund (UNICEF) e ne e hanyetsane le taba ya ho tlatlapuwa ha batho ba futsanehileng.
International Labour Organisation (ILO), e leng karolo ya Matjhaba a kopaneng, e bolela ha dinaha tse amehang haholo tabeng ena e le Benin, Burkina Faso, Cameroon, Côte d'Ivoire, Gabon, Ghana, Mali, Nigeria le Togo.
Bana ba tswa Togo, Benin, Nigeria, Burkina Faso le Mali. Cameroon ke yona e ba fetisetsang moo ba tlamehang ho iswa teng jwalo ka Gabon le Côte d'Ivoire.
Banana ba sebedisetswa ho rekisa mebileng kapa ba sebetse ka matlung, ha e le bashemane bona, ba iswa dikgweng, dikonterakeng kapa merafong. Bothata bona bo se bo tswetse le kantle ho Afrika Bophirima, ho hlokomedisa UNICEF. Diketekete tsa banana ba Ethiopia selemo le selemo di thothelwa dinaheng tsa Botjhabela bo Bohareng moo di sebediswang jwalo ka basebeletsi ba lapeng. Bongata bo qetella bo sotlwa bo bile bo hlekefetswa le ka thobalano. Mane Kenya, ke banana ba ballwang ho 15 000 ba dilemo di 12 ho ya ho tse 18 ba sebedisetswang thobalano bakeng sa bahahlaudi.
Le Madagasca ho jwalo feela, ba ballwang ho 10 000, ba ne ba kwetelwe merusung e neng e le ka leboya ho Uganda.
Leha Afrika Borwa e le e nngwe ya dinaha tse mmalwa tse hanyetsanang le kgwebo ena, empa ba ntse ba le teng bana ba thothelwang kwano ho tswa dinaheng tsa Afrika. Ka Pherekgong, mapolesa a sa tswa emisa lori e neng e tletse bashemane ba 40 ba dilemo di pakeng tsa tse hlano le tse 13 mane Manica, Mozambique ba neng ba tliswa Afrika Borwa...
Mekgwa
Morena wa sebaka sa Tokoli mane Benin, Leon Gakoun, o bolela ha a tseba ka moo bana ba rekisang bana ba sebetsang ka teng.
O re molamo wa hae le bana ba bang hona motseng oo, ba ne ba nkuwe ho ya sebediswa mane Côte d'Ivoire.
Batho ba sebedisa mokgwa o neng o sebediswa kgale mona Benin, o neng o bitswa vidomegon, oo ka ona bana ba malapa a futsanehileng ba neng ba nehwa malapa a barui hore ba ba sebeletse mme bona ba lefuwe ka hore ba iswe sekolong.
"Batswadi jwale ba se ba batla dintho tse betere ka bana ba bona," ho rialo mohatsa Gakoun, Eugeneu Zounlogbe.
Ka mora ho tshepisa dintho tse kang thuto le mesebetsi, batswadi ba nehwa tjhelete e lekanang le R300. Zounlogbe o bolela hore malapa a mangata a a tseba hore a ebe a ipeha kotsing ya ho lahlehelwa ke bara le baradi ba bona, empa ho ebe ho se seo ba ka se etsang.
Nakong eo batswadi ba Zounlogbe ba hlokahalang, ba ne ba siyi ba leloko ba tshwere ka meno mme ka lebaka leo, ausiae o ne a romelwe Abidjan, Côte d'Ivoire. Ha a fihla moo, mosebetsi wa hae e ne e le ho rekisa tlhapi mme monga hae o ne a dutse a mmolaisa thupa. Ka lehlohonolo, ka mora dilemonyana, o ne a kgone ho baleha, a kgutlela Benin.
Ba a notlellwa
Leha batjha bana ba itsamaela ka bobona malapeng, empa mathata a ntse a hlaha. Re ka etsa mohlala ka Bruno Toure ya dilemo di 17 le bashemane ba bang ba bararo, ba neng ba balehe lapeng jwalo ka ba bang ba ka borwa ho Mali, ba neng ba balehe lapeng ba tshelela naheng ya boahisane e leng Côte d'Ivoire ba ya leka lehlohonolo masimong a tee. Ba ne ba sebetsa dihora tse 14, ho se letsatsi la mahala. Ba ne ba fuwa dijo hanyane feela, le ho robala ba robala hanyane feela. Ba ne ba kwallwa ntlong e le nngwe le ba bang ba 60 ba neng ba sebetsa moo sekgweng. Ba ne ba dutse ba notleletswe ka tlung hore ba se balehe. Ba ne ba sa lefuwe letho.
"Ha o sa sebetsa hantle, o tla bolaiswa thupa, ha o shwa o shwe," ho bolela Bruno ha a hopola bophelo ba moo. Ho sebetsa teng o ne o tlameha ho sebetsa."
Ka mora selemo, Souliman Toure, ntate wa Bruno, o ne a utlwe ka masisapelo a bashemane bana ka e mong ya neng a balehile moo. Batho ba motseng oo ba ne ba rekise mehlapenyana ya bona mme ha bokelletswa tjhelete ya hore ho palamiswe moshemane enwa ho kgutlela moo kgolehong ho ya lopolla ba bang. Ka thuso ya mapolesa, ba ne ba kgone ho pholosa bashemane bao, e seng bona feela, empa le ba bang ba 61.
Bofutsana
Se makatsang ke hore Bruno o ntse a lohotha ho tshela moedi hape a yo iteka lehlohonolo ka nqa e nngwe. "Ha ho seo ba ka se etsang," ho rialo Souliman. "Ha re na seo re iphedisang ka sona."
A na ke bofutsana bo bakang sena? Batswadi ba ka rekisa bana ba bona jwang? Jonathan Cohen, ya etsang diphuputso ka mokgwa ona mmoho le Human Rights Watch mane Togo, yena o bolela hore ena ha se ntho e bobebe. "Ke tlala e qobellang batho ho rekisa bana ba bona," o boletse jwalo puisanong le The Christian Science Monitor.
"Empa he lena e ke sebe lebaka le utlwahalang mabapi le thekiso ya bana hobane ho na le dinaha tse futsanehileng empa tse sa etseng mokgwa ona.
"O hopole hore ba rekang bana ba lotha batswadi ka ho ba tshepisa thuto ya maemo baneng ba bona mmoho le ho ba lefa tjhelete e ngata. Ho rekiswa ha bana ke pharela e kgolo," ho bolela Lavender Degre wa ha UNICEF.
"Re hloka tjhelete e ngata ho ka qeta mokgwa ona ka ho etsa dintho tse kang ho ntlafatsa thuto le menyetla ya mesebetsi. Ha re na tjhelete ya ho etsa jwalo."
Leha mmuso e mengata e ntse e bontshana ka mathata ana, empa a mang mathata ke EITSI.
"Re na le bana ba bangata bao re ba pholositseng ba seng ba hloka ba habo bona ka lebaka la sewa sena sa EITSI," ho rialo e mong wa ba lwantshanang le mokgwa ona.
"Ha se taba ya ho ba pholosa feela, empa potso ke hore, re ba pholosa re ba ise kae?" [s]
Dimilione tsa bana ho tloha dilemong tse supileng ba rekiswa selemo le selemo mona indastering ena e nang le dibilione tsa diranta mme bana bana ba qetella ba kentswe dithethefatsing le bonokwaneng
BONA SESOTHO - April 2008
bana
Afrika
Ba a rekiswa -
BONAEFUPUDITSE
PALE ISAAC KWELA
Mehla e fetohile
Le bana ba qetellang ba tshidiseditswe dinaheng tse kang UK, le bona ha ba je ditheohelang.
Ka 2004, mapolesa a ne a fuputsa hore ho ne ho etsahale eng ka bana ba tswang Afrika ba neng ba fihlele Brithania boemafofaneng ba Heathrow.
"Ba bang ba bona o ba fumana ba kolokisitswe moo boemafofaneng ba leketlisitse dipampitsana melaleng," ke se neng se bolelwe ke motho e mong ya sa ratang ho ipolela, a bolella BBC.
"Ao ke mangolo ao ho nahanelwang hore a ne a ngolwe ke batswadi ba bona ba bolela ha ho le molemo hore ba ba tshedisetse dinaheng tse ding moo ba tla fumana bomalome ba bang ba bona."
E ne e re ba etsang diphuputso ha ba ne ba hlahloba diaterese tseo ba neng ba di nehilwe, bana ba 30 ha ho a ka ha fumaneha malapa a bona. Bana bana ba kwetetsweng ka mokgwa ona, ba sebediswa dihora tse 18 ka letsatsi ba pheha ba hlwekisa.
Ka nako e nngwe, bana bana ba sebediswa mabenkeleng a maholo le a dijo, ho bolela Debbie Ariyo wa Africans Unite Against Child Abuse e mane London.
Ba hlekefetswa mmeleng le ka thobalano.
"Bongata bo isa bana Brithania ka kgopolo ya ho fumana thuto e betere, empa ha ho be jwalo," ho rialo e mong ya lwantshanang le mokgwa ona.
Victoria Climbie wa Côte d'Ivoire ya dilemo di robedi, o ne a romelwe ho ya le Marie-Therese Kouao, rakgadiae London ka 1998. Victoria o ne a hlokahale ka 2000 ka lebaka la tlhekefetso mme Kouao le monnae, ba ahlolelwa bophelo bohle tjhankaneng ka ketso eo.
BONA SESOTHO - APRIL 2008
t
t
Ho rekiswa ha batho ke kobo anela, ho sa natsehe hore o wa Asia, Afrika Bophirima kapa hona Botjhabela ba Yuropa. Tsela eo e sebetsang ka yona, e a tshwana mafatsheng ohle, ho hlalosa Steven Galster, mothehi wa Global Survivor Network, e leng sehlopha sa ditokelo tsa botho se neng se utulle mokgwa ona...
Ka lebaka la EITSI, re fumana mathata a bana ba seng ba hloka malapa ao re ba kgutlisetsang ho ona ha re se re ba pholositse
E sebetsa jwang
"Hangata, batho bana ha ba nke batho ba dinaha tsa habo bona," ho rialo Glaster.
Le banna ba ntse ba rekiswa, empa boholo ba nako ho rekiswa basadi le bana hobane bona ba laoleha ka bonolo.
Basadi bona ba a kwetelwa kapa ba lopetswe ka mosebetsi.
Baneng teng, ho thetswa batswadi mme ba ye le kgongwana hodimo.
Leha batswadi ho le teng manyane ao ba a fumanang, empa tjhelete e ngata e fumanwa ke bana ba tsamaisang bana.
Jwalo ka ha bana le basadi bana ba ebe ba hloka tjhelete ya ho iswa dinaheng tseo, sena se etsa hore ba sotlwe hore ho tswe tjhelete eo ba rekilweng ka yona. Ba amuwa le dipasa, ba tshepiswe hore ba tla di kgutlisetswa ha ba se ba qetile sekoloto sa bona.
Le tjhelete eo ba tlamehang ho e lefuwa, ha ba atise ho e fumana, e a nkuwa ho bolelwe ha e tla lefa dikoloto tse itseng, e leng ntho e bontshang hore sekoloto seo motho ho bolelwang a na le sona, ha se fele.
A mang mathata a maholo, dinaheng tsena tse nang le mmuso o bobodu, mahlatsipa ana a tshaba le ho bua le mapolesa.
"Ba e ba tshabe le ho tsamaya ba bua nnete hobane ba ka tshwana ba bua bathong ba sele mme ba qetelle ba se ba buseditswe kgolehong," ho hlalosa Glaster.
"Hopola hore ha ba ka tshwarwa, ba busetswa morao kgolehong, e ba mathata a maholo, ba qetelle ba rekiseditswe ba bang batho hape."
BONA SESOTHO - April 2008
Pale ya Cynthia
Maemo ao Cynthia a fetileng ho ona, ke ao bana bohle ba fetileng ho ona - ke yena feela ya pholohileng ho tla re kumela ka pharela ena...
O ne a le dilemo di 12 feela nakong eo ba rekang bana ba neng ba fihla habo mane ka bophirima ho Nigeria.
Dinokwane tsena di ne di phehelle ho kopa batswadi ba bana ho ba lokollela moradi wa bona hore a ilo phethisa "toro" ya bona ya thuto e ntle London." Ka lebaka la sekoboto, batswadi ba qetella ba dumetse.
Ha Cynthia a fihla Englane, o ne a iswe lapeng la banyalani ba bang ba Nigeria moo a neng a hatellwe hore a sebetse dihora tse 16 ntle le moputso.
O ne a dutse a bolaiswa thupa le ha a entse phoso e nyane hakakang."
O hopola mohla mosadi wa moo a neng a mo kukuta hlooho ena ka tlhapi e leqhwa hobane feela a sa ka a utlwisisa ditaelo.
"Ba itshireletsa leha e le ka eng feela hore ba tle ba o shape," ke yena a bolella David Harrison wa Sunday Telegraph ka mora hoba a ne a pholositswe ke mmuso.
"Ke ne ke le lekgoba, ke se na le dipampiri tse neng di mpaka hore ke mang. Ke ne ke lla ho be ho fele menyepetsi."
Jwalo kaha o iponela, banana ba sebedisetswa ho rekisa mmileng kapa basebeletsi ba ka tlung. Bashemane bona ba sebetsa sekgweng, dikonterakeng kapa merafong.
