sotho.1090.parenting
botswadi
O rata dipalo
Ke o bolella nnete, maths ha se thuto eo o ka e tshabang - ho ruta ngwana dipalo di tloha feela ho ka thusa mme bophelo ba hae ba sekolong bo be monate haholo...
BONA SESOTHO - February 2008
Ya bomme le bontate...
MATHS e ka nna ya eba kgathatso baneng ba bangata empa ha ho a tshwanela ho ba jwalo. Mohlomong ngwana wa hao ha a motle ho tsona empa leo ha se lebaka la hore a hloye thuto ena, a qetelle a feila diteko tsohle tsa yona!
Se ahe serobe phiri e se e jele! Bana ba qetella ba tsebile ho bala empa nahana ka moo ho ka bang bonolo ka teng ha ba ya sekolong ba se ba tseba maths.
Qamaka. Ho tletse dinomoro hohle. Dula o mo bontsha tsona, a di tsebe ka hlooho. Mo bontshe ka moo di sebetsang ka teng, a tsebe tosene ke eng kapa yona halofo ka ho nna a bala leha e le dirolo tsa bohobe.
Ha a se a tseba ho bala - le ka moo dinomoro di leng bohlokwa ka teng bophelong ba rona - o ka tswelapele ho mo ruta ho rarolla mathata, a kopanye, a bolaye.
Dilemo...
Dilemo ke nomoro e ikgethang. Ha re etsa mohlala, ngwana ya dilemo di tharo a ka ithuta tse ngata ka dilemo tsa hae jwalo ka dinomoro tsa letsatsi la hae la tswalo.
Qoqang le ka dilemo tsa ditho tse ding tsa lelapa mme le kopanye dinomoro tseo kaofela kapa le bale hore mang o tla be a ena le dilemo tse kae mohla letsatsi la hae la tswalo selemong sena. Baneng letsatsi le tswalo ke la thabo, ho a thabisa ho bua ka lona.
Nngwe, pedi, tharo...
Ruta ngwana ho bala menwana ya maoto le ya matsoho mme o mo rute le ka ditho tsohle tsa mmele wa hae - jwalo ka hore o na le mahlo a makae, ditsebe le tse ding.
Qeu-Qeu...
Ho ithuta nako jwale ho bolela ho tseba haholo ka dinomoro.
Bapala papadi ya ho iphapanya nako o tsebe ho bona hantle hore ngwana o se a e tsebe ho le hokae.Mo rute hore nako e itseng e bolelang lelapeng la habo.
Mo botse: "Ntate o fihla neng hae ho tswa mosebetsing"" kapa "Ho robalwa neng""
Ho bala...
Bala. Palo ka nngwe e emetse lenane la dintho tse itseng, etsa hore ngwana a utlwisise seo, a bone hore palo ka nngwe e bohlokwa.
Dibuka le dinomoro...
Di ngata dibuka tsa boithabiso tse nang le dinomoro tse ka natefelang bana.
Le tse nang le ditshwantsho di ka natefela bana haholo mme ba ithuta tsa bohlokwa. Sheba setshwantshong mme o bone hore ha ho mantswe ao o ka mo ballang ona. Leha o ka bala mabidi a koloi kapa a bese le batho mmarakeng.
Qala hantle
H A O batla ho neha ngwana wa hao motheo o tiileng thutong, qala ka ho mo isa keretjhe. Ke mona moo ngwana a tla hola hantle a ithuta dintho tsa bohlokwa a sa le monyenyane, a natefetswe ka hara bana ba bang.
Dimaknete tsa sehatsetsing di ka thusa ho ruta ngwana ho bala le ho bona ka moo dinomoro di ngolwang ka teng
O belehiswa ke mang"
Ho se ho se hokae lesea la hao le hlaha. Na o se o tseba hore o tla belehiswa ke mang"
Ho na le ditsebi tsa profeshenale tse fapaneng tse ka o thusang ho beleha hantle...
Midwife. Ke mooki wa profeshenale ya rupelletsweng ho tseba ho belehisa le ho hlokomela motswetse le lesea ka mora moo. Ha moimana a ipheletse hantle, mooki enwa o kgona ho mo belehisa ntle le thuso ya ngaka. Hape ke mooki enwa wa profeshenale ya thusang ngaka ho belehisa.
Gynaecologist. Ke ngaka e ikgethang bakeng sa ditho tsa pelehi. E tla dula e o hlahloba mme e bile e rekota lesea la hao boimaneng, mme hape e be e o belehise. Hape e ka o eletsa ebe o e thuse wena le monna wa hao haeba o ima ka thata, e hlahlobe moroto, e etse diteko tsa 'pap smear' ho bona sesosa sa mathata a ka thibelang pelehi.
Obstetrician. Ena ke ngaka e belehisang ka opereishene - e thusa haholo ka nako ya maemo a tshohanyetso.
Anaesthetist. Motswallao wa sebele! Ya thusang ho qeta mahloko pele o belehiswa ka opereishene kapa a thethefatse methapokutlo hore o se utlwe bohloko leha o beleha ka mokgwa wa tlhaho.
Mathata a dintho tsa ho Bapala
KE KA makgetlo a makae o reka dintho tsa ho bapala hobane o batla ho itokolla lerateng leo ngwana a o etsetsang lona hara batho"
Ha o mong. Batswadi ba bangata ba ba maemong ana nako le nako.
Empa ho na le dintho tse ding tsa bohlokwa tseo o ka di elang hloko pele o reka - polokeho ya ngwana. Khampane e nngwe e rekisang dintho tsa ho bapala e sa tswa kopa hore di kgutliswe dintho tseo, tseo tse ding tsa tsona di rekisitsweng ho tloha ka 2003 hobane di ne di le kotsi baneng. Ela tse latelang hloko ha o reka dintho tsa bo bapala ...
Pente:
E lokela ho se be le dikhemikhale.
Tse ka ba kgamang:
Phema tse nang le dintho tse nyenyane tseo ngwana a ka nnang a di kwenya kapa a di kenya ka nkong. Le dithapo ha di a bolokeha.
Ditaelo le ditlhalosetso:
Kgetha se mengolo e totobetseng ya ka moo se sebediswang ka teng.
Motlakase:
Di kotsi le ho feta baneng mme di lokela ho phenngwa hohang hobane bana ba ka nna ba tjhesetsa.
Dilemo:
Qala ka ho sheba hore se hlophiseditswe ngwana ya mokae, o reke se dumellanang le dilemo tsa ngwana eo.
BONA SESOTHO - February 2008
e bokeleditswe ke THANDI NXUMALO
u
t
botswadi
BONA SESOTHO - February 2008
Motswetse
ya kwenneng
Motswetse o lokela ho itlhokomela...
SE be le kgatello ya ho itlama ho etsa tseo o sa tlo di phetha tabeng ya ho theola boima ba mmele botswetseng. Jwalo ka motswetse, o lokela ho thusa mmele hore o boela madulong butle, o sa o kgahlapetse ka ho itima dijo tlolo le ho ikwetlisa ka thata.
Dijo di bohlokwa haholo kalafong ya mmele hore o okolohe hantle. Ho itima dijo ho ka senya seo sohle. Hape le matswele a ke ke a sisa ha o nyantsha.
Eja hantle
Phepo e ntle ya lesea e itshetlehile ho ya motswetse ke ka hona ho leng bohlokwa hore a je tse nepahetseng. Lesheleshele la poone le letle haholo empa e seng kamehla.
Ka nako e nngwe e ja bohobe, ditapole le ditholwana, meroho le lebese bakeng sa divitamin le calcium.
Tlhapi, nama le dinawa, di tla o ekeletsa diproteine tseo mmele o di hlokang bakeng sa disele tse phetseng hantle ka nako eo mmele o ntseng o okoloha ka mora ho beleha.
Ho nyantsha
Ho nyantsha ha ho tswele lesea feela molemo empa ho boetse hape ho molemo bakeng sa mmele wa hao.
Ha o nyantsha, mmele o ntsha di-hormone tse o thusang hore o phakise ho okoloha. Ho thusa popelo hore e phakise ho fola le ho honyela mme batswetse ba bangata ba nyantshang ba paka hore ba phakisitse le ho theoha mmeleng.
Mafolofolo
Mafolofolo a o thusa hore o dule o phetse hantle, empa ha ho bolele hore o sebetse tlolo.
Qala ka ho buisana le ngaka ya hao pele o ka ikwetlisa.
Ho potoloha motse o hlwekisa ka ntle le ka tlung, ho lema jareteng, kaofela ke mekgwa e molemo ya ho ikwetlisa.
Ho tla o thusa hore madi a phalle ka tshwanelo, e leng seo mmele o se hlokang. Boikwetliso ba bohlokwa boo o ka bo etsang ka mora ho beleha ka mokgwa wa tlhaho ke ho tiisa mesifa ya senya hore se boele se tsebe ho tshwara moroto hantle.
Di-hormone tsa boimana le ho beleha ho ka kgwehlisa mesifa ya senya, hoo moroto o ka itswelang ha motho a tsheha, a thimola kapa a kgohlela.
O ka tiisa mesifa pele o beleha le ka morao ka ho e tiisa eke o tshwara moroto mme o boele o kgwehlise hape. Etsa sena hararo ka letsatsi, makgetlo a 10.[s]
botswadi
