sotho.1770.pep
LEKGETLONG le tlang o tlameha ho eletsa metswalle le ba lelapa la hao ka molemo wa ho reka ka tjhelete letsohong...
n Ha ho tumellano eo le tlamehang ho e ngola fatshe.
n O tla kgona ho bona molemo wa leano la ho boloka tjhelete - e leng se tla o tswela molemo ha o se o na le kgwebo ya hao.
n O ka ba motlotlo ka ho boloka leha e le e nyane feela tjhelete.
Re rialo hobane mohlomong ha o reka TV ka mokitlane, o qetella o lefile tjhelete e phetilweng lenane la yona habedi...
Mohlomong o rata ho reka 54cm TV e bitsang R1 199. Ka mokitlane o ka ntsha peheletso ya R120 mme o lefe R63 ka kgwedi.
Seo se bolela hore o ka qetella o lefile R1 992. Sena se ka kenyeletsa le phaello ya R422 le ditefello tsa makasine ha o rata (eo ha ngata e bang R15 ka kgwedi.) Ho isa thepa lapeng (mohlomong R120) le inshorense (mohlomong R15 ka kgwedi).
Ka hoo, fetisa molaetsa - lefa tjhelete letsohong o tsamaye le thepa ya hao hang feela, o tswe ditabeng. [s]
Haeba o rata mokitlane
n Haeba o ne o tsebile, o ne o sa tlo dumela ho fumana makasine, ho isetswa thepa lapeng esitana le inshorense: O KA BE O IPOLOKETSE R360
n O ka be o ipoloketse ho feta moo... Haeba o ne o rekile ka tjhelete letsohong kapa peheletso ha PEP: O KA BE O IPOLOKETSE R793!
Ya papatso
Fetisa molaetsa!
Psst! Tswelapele - o ipolokele tjhelete e ngata ka ho reka ka tjhelete kapa ka peheletso
BONA SESOTHO - May 2006
