SOTHO.1769.lettersnov
Romela mangolo a hao ho:
Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083, Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Ditekesi tseo
Bana ba bakang morusu wa ditekesing, ba tlameha ho fumana kotlo e matla hobane ho qetella ho shwele batho ba se nang molato ka lebaka la bona.
Ha ba natse leha tekesi ena le bapalami. Ba thunya feela, ho qetelle ho lemetse kapa ho shwe bapalami.
Haeba ba sa qete morusu ona, mmuso o tlameha ho kwala ditekesi le dibese, ho sebetse diterene.
ZP, Mount Frere
Mong Mbeki ya ratehang"
Re tswa lefifing la kgenthollo. Re ile ra fumana tokollo ka lebaka la ho sebedisana, le ho tshwarana ka matsoho.
Ho senyehile kae" Haeba re tsebile ho lwantshana le kgatello, re hlolwang keng ho lwantsha re hlole EITSI le bofutsana"
Bonokwane bona"
Matsatsing ana ke se ke tshaba le ho tswela kantle bosiu - ha se hore ke tshaba dithotsela! Ke tshaba batho ba bang!
Bo kae botho, ho Afrika Borwa e lokolohileng"
Lunga Mnwana, Khayelitsha
Hlonephang batswadi
Ha re hlonepheng batswadi ba rona ba re sebeletsang ka thata...
Re hlonepheng batho bohle ba baholo. Ka ho etsa jwalo le rona re tla hlomphuwa ka le leng.
Ha o sheba tsela eo dintho di etsahalang ka yona matsatsing ana, ha o nepe leha e ba ke yona tokoloho eo re neng re a batla.
Ha re tloheleng botahwa, re aheng bokamoso ba rona.
Mmuso wa habo rona o re buletse tsela mme taba e setse le rona hore re tswelepele. Batswadi ba rona le bona ba re buletse tsela mme re tlameha ho hata mehlaleng ya bona.
Amos Mdlalose, Eshowe
Pei ya mmuso
Ho se ho buuwe dinthontho haesale mmuso o ne o qale tjhelete ena ya bana. Ha ke tsebe hore ke lerata la eng hobane ho ne ho dumellanwe ka yona tjhelete ena mane palamenteng. Hobaneng ho ne ho sa buuwe ka nako eo"
Empa bothata ke bana ba sebedisang tjhelete ena bohlaswa. Nna keletso ya ka ke hore mmuso o ahe difektri tse ding ho etsetsa hore bana ba phelang ka tjhelete ena ya bana, ba sebetse ho ka fumana tjhelete hobane ke bona e ka pei ena ha e no qeta nako e telele.
Lungile Ntshangase, Estcourt
Re na le sohle
Ho phehella le ho itshepa ke yona tshika ya katleho. Etsa jwalo le wena bophelong ba hao!
Ke rialo hobane re dutse re utlwa ka dipolao, boshodu, dipeto, bohlola esitana le mekgatlo ya dikweta. Ho sa natsehe hore dintho tsena di kotsi jwang, kgothala bophelong!
Re na le sohle se ka re atlehisang.
Michael Makola, Midrand
Ho se utlwesise
Ho na le seo batho ba sa se utlwesiseng. Re batla hore dinaha tsena tsa G8 di thuse naha ya rona - ekaba rona re a lakatsa ho thusa ba bang" Ke bolela lelapa ka leng, leha re se re kopane re le naha.
Batho ba phela ha bohloko Afrika Borwa ba mmalwa feela ba ikemiseditseng ho thusa. Ha re sa thuse, re ka kopa thuso jwang"
Eba pelo nolo! Re mmoho, re tlameha ho thusana.
Andrew Mothatsi, Potchefstroom
Le hapileng R100
Molaetsa batswading ba rona
BATSWADI ba bangata ba ntse ba nka thobalano jwalo ka ntho eo ho sa buuweng ka yona - ka hoo, bana ba hola le bowatla boo.
Batswadi ba rona ba tseba le leino la pele le metseng baneng ba bona, empa ha ba rate ho tseba letho ka bophelo ba bona ba thobalano.
Ke ka hona bana ba bangata ba tswang tseleng. Ha ba tsebe moo ba tlamehang hore "E" kapa "Tjhe".
Matsatsing ana ha e sa le lehlatso ho bua le bana ka tsa thobalano.
Batswadi buang le bana ba lona ka tsa thobalano. Tlohelang bowatla, le etse e ka dintho tse kang tsena ke dintho tse siyo. Le lona bana, mamelang batswadi. Tlohelang bowatla.
Petunia Senong, Marble Hall
Mangolo
Eba motlotlo
Molaetsa wa bohlokwa...
EBA motlotlo ka seo Modimo O o fileng sona. Modimo o tseba seo a re hloletseng sona. Ha a hloye motho jwalo ka ha ba bang ba bolela. Batho ba bolela hore batho ba kang nna tjena, bao e leng maswefe, ba rohakehile. Tlohelang kgenthollo! Re a tshwana, re batho kaofela jwalo ka bohle.
Ke rata ho kgothatsa baena le dikgaitsedi, ba tshwanang le nna tjena hore ba itshepe. Modimo a ka be a sa re hlola ha a ne a sa re rate. Re tlameha ho tseba hore bophelo bo na le maima le manolo a bona.
SM, Newcastle
BONA SESOTHO - November 2005
Pele-ya-pele BONA Empowerment!
Re a leboha ka projeke ena e re thusang. Ke lakatsa eka e ka tla mona Kapa Bophirima hobane re hole le dibaka tse kang Joburg le Thekong. Re rata hape ho thusahala ka di-workshop tsa bake and cook for profit sebakeng sena sa habo rona.
MP, Paarl
u
Mangolo
t
BONA SESOTHO - November 2005
Hlaha
Batho ha ba tlohele ho nna ba tjhesa hlaha, hobane ba bolaya tlhaho.
Ke bothata bo boholo bona mahaeng. Di ngata dintho tse tjheswang ke hlaha ena jwalo ka matlo, difate, dithupa tsa motlakase esitana le diphoofolo.
Hlaha ena e kotsi le bakganning ba dikoloi hobane mosi o etsa ho be lerotho.
Ha o ka bona motho a tjhesa hlaha, mo tlalehe sepoleseng!
TT, Queenstown
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
KE THABELA ho bala makasine ya lona. E nngwe ya dipale tseo ke di thabetseng ke ya ngwanana wa Ethiopia ya neng a pholoswe ke ditau (Phato 2005). Leha e ne e utlwahala e ka ke tshomo, empa e ne e le monate.
AD, Bloemfontein
HO bala ka maikutlo a Simphiwe Dana ka botswadi (Phupjane 2005) ho a kgothatsa. Ho monate ha dinaledi tsa rona di utlwesisa bophelo ka mokgwa o tjena!
PC, Butterworth
KE thabela leqephe la mopheo. Ke thabela diresepe tse bobebe, tse sa bitseng. Ke motswako o motle haholo! Hobaneng le sa hlahise buka ya mopheho ya BONA"
DF, Thekong
RE A leboha ka ho re tlisetsa ditaba tsa lepato la Makobo Caroline Modjadji VI (Phato 2005). Ho bolelang hore re na le seo re ka mo hopolang ka sona.
AK, Tzaneen [s]
