sotho.1763.yourfamily_parent
KOTSI
YA TV...
Dilemo tse pedi tsa pele bophelong ba ngwana ke tsa bohlokwa haholo kgolong ya kelello, ho ithuteng dintho haholoholo ho wena jwalo ka motswadi. Theleveshene ke mokgwa wa boithabiso wa ka lapeng, empa ha ngwana a se a e shebella haholo, le teng e ka thefula kgolo ya ngwana. Kwala TV le bale, le bine, le bapale, o mo phetele dipale, le ithabise le ngwanahao.
Cristine Scolari e se e le dilemo tse 10 e le ngaka ya kelello ya bana mme o re bolella ka moo dipapadi tsena tsa dikhomputara di ka amang kgolo ya ngwanahao ka teng.
Ekaba dipapadi tsa TV le video ha di a loka baneng?
Ha se hore ke mananeo le tsona dipapadi tsohle tsa TV tse sa lokang baneng, empa o tlameha ho di shebisisa jwalo ka motswadi. Mananeo a mang a TV a a ruta, bana ba ka ithuta letho ho ona ha a mang e le a boithabiso. Ka lebaka leo, ke tsena dintlha tseo o tlamehang ho di hlokomela:
Hore ngwana o shebella TV le ho bapala dipapadi tsa TV nako e kae. Re ka etsa mohlala ka hore a qete dihora tse tharo a shebeletse lenaneo la thuto, empa le seo se ntse se le kotsi hobane ha a sa tla ba le nako ya ho etsa dintho tse kang mosebetsi wa sekolo le ho bapala le ba bang. Bana ba ja haholo ha ba shebeletse TV, e leng se etsang ba none tlolo.
Ngwana o shebella eng. Ho na le mabaka a etsang hore mananeo a behwe ho ya ka dilemo mme seo se tlameha ho latelwa. Ka mokgwa oo, o tla lokoloha hore ngwanahao o shebeletse lenaneo le mo tshwanetseng.
Bana ha ba a tlameha ho ba le TV dikamoreng tsa bona. Sena se ka etsa hore ba se dule le ba lelapa. Ntle le seo, o ke se kgone ho laola seo ba se bohang kapa hore ba shebelle nako e kae, ba tsebe ho ya robala.
Re tlameha ho hopola hore ho shebella theleveshene nako e telele ho ka ba le ditlamorao tse kang:
Mekgwa ya kgokahanyo: Kgokahanyo ke ketso e amang batho ba babedi. Bana ba shebellang TV nako e telele, ba lahlehelwa ke monyetla oo wa ho tseba ho mamela le ho bua le ba bang. Seo ba se etsang feela ke ho dula ba shebella feela. Bana ba ithuta ho bua le ho mamela hona moo ho TV. Ena ha se ntho e nepahetseng, haholoholo jwalo ka ha ho na le dintwa tse ngata moo ho TV.
Kgolo ya mmele: Bana ba shebellang TV haholo, ha ba be mafolofolo. Bana ba tlameha ho mathaka, ba itsharolle hore mmele e tsebe ho hola - le mesifa le yona e sarolohe hantle. Ho se itsharolle hona ha bona ho ka etsa ba none haholo, e leng se ka ba kudisang, ba fellwe ke botshepo, ba bang ba ba ba tshehe.
Ho bapala: Bana ba tlameha ho bapala le metswalle le ba lelapa hore ba kgone ho ba le boiphihlelo ba bophelo. Ba tlameha ho tswa ba bapale le ba bang. TV ha e ba nehe monyetla ona, ngwana o qetella a se a sa bapale le ba bang. Bana ba qetella ba se ba sa kgone ho bontsha maikutlo a bona ha ba thabile, ba ferekane, ba halefile kapa ba hloname.
Ho tsepamisa kelello: Bana ba se ba atisa ho ithabisa ka TV le dipapadi tsa yona, e leng se etsang hore ba be botswa. Bana ba shebellang TV haholo, ba phakisa ho kgathala ka phaposing ya borutelo. Ha ba kgone ho tsepamisa kelello ya bona nako e telele.
Bokgoni ba kgokahanyo: Ho shebella TV nako e telele ho etsa hore bana ba se be le bokgoni ba kgokahanyo, e leng se fumanehang dipapading. Dipapadi, haholoholo bolo, e nepahetse ho ntlafatseng kgokahanyo ya mahlo le matsoho jwalo ka ho kapa bolo e akgetsweng ho wena. Bana le bona ba tlameha ho qeta nako ba akanya, ba ngola, ba seha ho ntlafatsa bokgoni ba bona.
Pono: Jwalo ka mesifa yohle ya mmele, bana ba tlameha ho sebedisa mahlo. Ho shebella TV ho etsa mahlo a shebe nqa e le nngwe nako e telele. Ho molemo hore ba bapale dipapadi tse kang morabaraba tseo ho tsona o kgonang ho tsamaisa mahlo.
Nako ya ho shebella
Bana ba dilemo di ka tlase ho tse tharo ha ba a tlameha ho dumellwa ho shebella TV. Ba baholwanyane bona ba ka nehwa hora ka letsatsi, ha fela e le lenaneo le ba tshwanetseng.
Ho ba kenang sekolo, molao e tlameha ho ba wa hore ba se shebelle TV pele ho mosebetsi wa sekolo, mme e be ha ho le teng seo ba ka se shebellang.
Dipapadi tsena tsa TV ha di a tlameha ho dumellwa hara beke mme ka mefelo a beke e be dihora tse pedi feela. [s]
E bokeleditswe ke: Kamogelo Sebola
Ekaba ngwana wa hao o qeta nako e ngata a shebeletse TV? Ekaba dipapadi tsena tsa TV di etsa a se dule le ba lelapa le ka mafelo a beke? Ke nako ya hore o laole ho shebella ha hae TV
Bana ba hloka ho itsha-rolla hore ba hole
BOTSWADI
DIKELETSO KA BOITHABISO BA BANA
Ke tsena dintho tseo bana ba ka di etsang ho ithabisa bakeng sa ho shebella TV. Ha o a tlameha ho sebedisa tjhelete e ngata dinthong tsa ho bapala kapa dipapading tsa dikhomputara mme dikeletso tsena di tla ba thusa ho dula ba le maphathephathe. Ke tsena tse ding dintho tseo bana ba ka di etsang ho ena le hore ba nne ba bapale ka dintho tsa ho bapala kapa tsona dipapadi tsa dikhomputara.
Dibuka di nepahetse mme bana ba a rata ho ballwa tsona. Ho ba balla, ho tla ba kgothaletsa hore le bona ba bale ha ba se ba hodile, e leng sa bohlokwa molemong wa sekolo. Laeborari ke ona mohlodi o motle wa dibuka, mme o mahala!
Nahana ka dipapadi tseo o tlwaetseng ho di bapala le ngwana wa hao. Hopola nako eo le neng le bapala kgati le boleki ka yona.
Dintho tsa ho bapala tse kang dipopi, diterene kapa dilori di ka tshwarella bana dihora.
Ho akanya le ho taka ho ka thusa ho ntlafatsa bohlale ba ngwana esitana le hona ho loha le ho roka. Dintho tse kang mabokose a mahe, dibotlolo tsa polasitiki, dikhatebote, ke tse ding tsa dintho tse sa bitseng tse ka sebediswang ho etsa dintho tsa molemo tsa ho kgabisa.
Bolo ke e nngwe papadi e molemo e sa hlokeng dintho tse ngata. Bolo leha e le a kae feela e ka etsang bana ba mathe dihora tse ngata.
Hopola hore bana le bona ba tlameha ho hlahisa a bona maikutlo ka dintho tse ba bolokang ba le maphathephathe. Ba tlameha ho kgona ho ithuta ho iketsetsa dintho ka bobona kapa le metswalle ya bona.
