sotho.1756.health (2)
NNETE:
Tsa bophelo bo botle
Tlohela 'Menyaka!'
O rata ho ba le ngwana ya tla atleha bophelong le sekolong" Menyetla ya seo e ka ba meholo haeba o sa nwe jwala boimaneng ba hao.
Bana la batho ba baholo ba ka bang milione ho kgollwa hore ba se ba hahlametswe ke Foetal Alcohol Syndrome (FAS).
Lesea le so kang le belehwa le utlwela haholo, ka hoo, boko ba lona bo dula bo hahlamelwa ke tahi boimaneng, e leng se behang bophelo ba lona kotsing.
Ditho tse ding tsa mmele di ameha ka dinako tse sa tshwaneng. Dikgweding tse tharo tsa pele, ho ameha masole a mmele, e leng se ka etsang ditho tse kang sefahleho, pelo le matsoho kapa maoto di holofale.
Ho tloha dibekeng tse 12-24, jwala bo ka etsa hore motho a senyehelwe. Ho tloha dibekeng tse 24 ho ya hodimo, bo ka ama kgolo ka kakaretso.
Ithabise - o fokotse mafura!
Ka tsela ena, o ka kgona ho lwantshana le cholesterol, ho bolela setsebi sa dijo, Priya Lalla pele ho letsatsi la Matjhaba la tsa Bophelo mohla 24 Loetse.
"Kgothaletsa bana ba hao ho fokotsa nako ya ho shebella TV ba atise ya ho bapala kapa hona ho ikwetlisa," ke yena eo. "Ithabise mmoho le bona. Etsa sena bonyane metsotso e 30-45 ka letsatsi kapa e be dikarolwana tse tharo tsa metsotso e leshome karolwana ka nngwe."
Sena se tla o thusa ho fokotsa mafura mmeleng - a fumanehang dijong tse kang nama hobane a baka cholesterol e bakang lefu la pelo.
BONA SESOTHO - September 2006
Ha o thimola, kokwanahloko ya mokgohlane e ka matha ka lebelo la 160km/h.
GREAT STOCK!
Enwa lebese, o ime
Se ka ingongorehisa ka dihlahiswa tsa lebese haeba o na le mathata a ho ima - nwa lebese le lengata, o je le kase e ngata mme o ka iphumana o bile o beleha mafahla. Ka mora ho fumana hore ho belehwa ha mafahla Amerika ho ne ho eketsehile ka dipersente tse 75 dilemong tse 25 tse fetileng, ba dipatlisiso ba fumane hore dijo tsena di nyolla di-protein tse ahang mahe.[s]
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
NNETE:
GREAT STOCK!
Tshwarella moetlong wa heno
Lebala ka ho sebedisa tami, ho bolela boradipatlisiso ho latela sephetho sa dipatlisiso tse 20 tse bontshang hore tami e theola thahasello ya ho nyanya ha lesea.
Haeba o rata ho thodisa lesea la hao, le koeetse. Masea a sa koeetsweng, a lla ho feta a koeetswang ka dipersente tse 50, sena ke se fumanweng dipatlisisong tsa dikgwedi tse 12 kaofela. Hobaneng ba sa botse bonkgono"
Basadi hangata ba ya dinakong makgetlo a 400 bophelong ba bona.
