sotho.1755.project dec
Maqephe a projeke ya Bona
BONA SESOTHO - December 2006
Qoba batho ba ka nyahamisang ditabatabelo tsa hao. Bana ba atisa ho etsa jwalo, empa he seo se etsa o kgone ho bona hore le wena o ka ba motho bathong. - Mark Twain
Mekgwa ya ho sebetsa e fetohile ha ho bapiswa le nako ya batswadi ba rona mme e ntse e tswelapele le ho
fetoha. O tla lebellwa ho ikemela, o itshepe mme o be le boikarabelo ho feta bohle. Tegniki ya kajeno e o
bebofaletsa mosebetsi wa ho fihlela sohle seo o se lakatsang.
Kgatisong ena re sheba temana ya ho sebetsa le hore ke se fe seo o tlamehang ho se lekola ha o ithutela
mosebetsi.
Dintlha tsena di qotsitswe bukeng ya Life Orientation letotong la TODAY le phatlalatswang ke Maskew Miller
Longman.
Letoto la TODAY ke la bana ba Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Re lekola bophelo
Ke se fe seo re se tsebang-
Bokamoso
Re rata ho ithuta ka:
Ditabatabelo le bokgoni ba ka.
Mesebetsi le dithuto tse fapafapaneng.
Di kae ditabatabelo le bokgoni bo ka nyalanang le mesebetsi esitana le dithuto tse fapafapaneng.
Se hlokehang bakeng sa mesebetsi le dithuto tse fapafapaneng.
Ke eng sepheo sa ho sebetsa-
Hobaneng ke tlameha ho sebetsa-
Ke e fe melemo ya ho sebetsa-
Ke tla kgola melemo e fe bophelong ka ho sebetsa-
Ke kgetha jwang mosebetsi oo nka o etsang-
Ke di fe ditabatabelo tsa ka-
Ke bo fe bokgoni ba hao-
Ke di kgetha jwang dithuto tse tsamaisanang le mosebetsi oo ke ratang ho o etsa-
E loketse
bana ba
dilemo di
8-14
Hobane re na le bokgoni le ditabatabelo tse fapafapaneng, ka hoo, re tla rata mesebetsi e fapafapaneng. Lekola ditsela tseo tsena tsohle di ka etsahalang ka tsona mme o bokeletse dintlha tse ngata ka moo o ka kgonang ho ka fumana seo O ka ratang ho se etsa. E mong motho ya tummeng ya ithutileng ka mesebetsi e fapafapaneng ke John Halland. O hlalositse mefuta e tsheletseng ya batho le mesebetsi.
Mefuta ya batho ka ho ya ka John Holland
BATHO ba sebele ha ba ikgelle fatshe, ba rata dipapadi. Ba rata ho bua ka diketso. Ba rata ho sebetsa ka metjhini, disebediswa, dimela le diphoofolo.
BA DIPHUPUTSO ke batho ba ratang ho rala, ho rera le ho utlwisisa. Ba kgona ho rarolla mathata hape ba batle dipalong. Ba rata ho sebetsa ba le notsi athe ba dihlong.
BA BONONO ke batho ba iponahatsang ka mesebetsi ya matsoho. Ba hloile melao e laelang ka moo dintho di ka etswang ka teng. Ba rata ho pepesa a bona maikutlo ho ena le a ba bang.
Temo-thuo
- Mosebetsi o pele
Re fana ka dibuka tse hlano tse ntjha tsa Life Orientation
Today Career Guide!
Romela dintlha tsa hao ho:
Life Orientation Today Career Guide Giveaway
Maskew Miller Longman
PO Box 396
Cape Town
8000
Se lebale ho romela lebitso, aterese, mohala le lebitso la sekolo sa heno.
Raditshwantsho
- Mosebetsi wa bonono
Ho ruta
- Mosebetsi wa bodulo
BA TSA BODULO ke batho ba rutang ba nang le thuso. Ha ba rate dintho tse ngata ntle le haeba di kenyeleditse ho ruta.
BA SETSO ke batho ba sa e tswafeng melao. Ba rata dintho tse tsamayang ka theko. Ba rata ho ba maemong.
BA TSA KGWEBO ba molomo o monate, ba tseba ho hapa maikutlo a ba bang, e seng ho ba tshehetsa. Ba na le ditoro mme ba rata dintho tsa maemo.
BONA SESOTHO - December 2006
Ho hlokomela bana
- Mosebetsi wa bodulo
Dimpho!
Ke bo fe bokgoni ba HAO-
