sotho.1750.hearing
Ebe lesea la hao le utlwa hantle"
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
MASEA a mangata a a utlwa, hape a mamela batswadi ho tloha a hlaha feela. A ithuta ho bua ka ho etsisa batho ba haufi le ona jwalo ka batswadi le bao ba a hlokomelang. Empa hona ha ho etsahale ho ona kaofela. A mang a tswalwa e le ditholo, a sa utlwe hohang. A mang a kwaleha ditsebe ha a ntse a hola.
Nka hlahloba kutlo ya ngwana neng"
Lesea le tlameha ho hlahlojwa botsebetutu le le kgwedi le hlahile. Haeba ho le teng se belaetsang ka kutlo ya lona, netefatsa hore o le isa ngakeng ya ditsebe (audiologist) pele ho fela dikgwedi tse tharo. Haeba ho hlile ho bonahala hore ngwana ha a utlwe, ho bohlokwa ho fumana keletso le thuso e nepahetseng pele ho dikgwedi tse tsheletseng.
Hobaneng ho le bohlokwa ho etsa diteko tsa kutlo ya lesea e sa le nako"
Nako ya bohlokwa eo ngwana a ka ithutang ho bua ka yona ke dilemong tse tharo tsa pele bophelong ba hae. Nnete ke hore ngwana o tlameha ho ithuta ho bua dikgweding tse tsheletseng a hlahile. Dipatlisiso di bontshitse hore bana ba fumanang thuso e sa le nako ba kgona ho bua kapele ho feta ba sa e fumanang.
Ngwanaka a ka hlahlojwa kutlo kae"
Dipetlele tse ngata di hlahloba kutlo ya masea ohle a hlahileng. Tse ding di hlahloba masea a hlahileng a na le mathata jwalo ka a hlahileng a fokola mmeleng kapa a ena le kgolofalo e itseng. Leha o sa belaetswe ke letho, ho bohlokwa hore a hlahlojwe hobane ka nako e nngwe ngwana a ntse a sa bontshe letho le phoso e ka nna ya ba o tsebetutu.
Botsa hore sepetlele sa heno se ka o thusa ka eng. Haeba o sa nepe hantle hore na ngwanahao o ne a etswe diteko tse ka reng tseo, ho betere o botse sepetlele kapa yona tliliniki eo a hlahetseng ho yona. Haeba a sa ka a etswa diteko, etsa kopo ya ho etswa jwalo pele kgwedi e fela.
Ha ngwana a ena le mathata"
Ha ngwana a le tsebetutu, bohato boo o ka bo nkang ke ho mo isa ngakeng ya ditsebe, yona e tla hlahloba sesosa sa mathata le hore a se a le mabe ho le ho kae. Haeba o etsa sena nakong eo ngwana e sa leng lesea, o mo neha monyetla wa hore a kgone le ho rutwa ho bua le ho utlwa.
Nka kgona jwang ho bona lesea le tsebetutu"
Ha ho bobebe ho bona matshwao a ho se utlwe maseeng. Bana ba tsebetutu hangata ba sebedisa matsoho le mahlo bakeng sa kutlo e leng se etsang hore ho se be bobebe ho hlokomela hore ha ba utlwe.
Ha ho bobebe ho bona mathata a kutlo leseeng pele le fihla dikgweding tse 12-18 e leng nakong eo ka yona le tlamehang ho qala ho bua. Batho ba potlakang ho hlokomela mathata a kang ana, ke batswadi kapa ba ba hlokomelang jwalo ka bonkgono.
Le haeba ngwana a ile a etswa diteko, empa dula o ntse o hlokomela hore o fela a utlwa hantle.
Matshwao o belaetsang hore lesea le tsebetutu
Ha le sa tshoswe ke lerata le leholo ha le le kgwedi kapa le sa qamake ka moo lerata le leng ka teng leha le se le le dikgwedi tse tharo ho ya ho tse nne.
Le sa hlokomele motho ya pela lona pele le mo bona ka mahlo.
Le bua ka thata, le sa utlwisise ha o bua le lona, le sa kgone ho bitsa lentswe le kang mme, ntate le ka mora selemo.
Le sa arabele ha le bitswa.
Ha ho ena le lerata leo le le utlwang, le leo le sa le utlweng.
Le bontsha ho se utlwe hantle, hlooho ya lona e sa tsitse kapa le dieha ho tsamaya kapa ho dula.
Ngwana ya tsebetutu a ka thuswa jwang"
Kalafo e tla ya ka sesosa sa mathata a hae. Dingata dintho tse ka thusang ngwana ya tsebetutu. Ngaka ya ditsebe ke yona e ka bolelang se ka thusang ngwana. Tse ding dintho di thusa ngwana hore a utlwe hantle, ha tse ding di mo thusa hore a kgone ho utlwa mohaleng kapa a tsebe ho utlwa se bolelwang televesheneng.
Nka mo thusa jwang hore a tsebe ho qoqa le batho"
Batswadi ba tlameha ho buisana kgafetsa le bana ba ditholo kapa ba tsebetutu. Le ba salang le bana, ba ka thusa haholo, ka ho bonya ha ba mo sheba. Bana ba jwalo, ba hloka lerato, tlhokomelo le kgothatso ho batho ba ba hlokomelang.
Dingata ditsela tsa ho thusa ngwana ya setholo mme haeba di sebediswa ka nepo, ngwana o tla kgona ho utlwisisa se bolelwang ke ba bang mme hape le yena ba mo utlwisise.
Nka mo thusa jwang ngwana ho emelana le mathata a ho se utlwe"
Ha ngwana ya tsebetutu kapa ya setholo a ka phakisa ho thuswa, a ka kgona ho ithuta puo ya ditholo mme a kgone ho bua ka bolokolohi le ho feta bana ba utlwang hantle.
Batla sebaka se haufi le heno se ka thusang ngwanahao mme o fumane hore ba fana ka thuso ya mofuta ofe.
O tla ba le mathata sekolong"
Jwalo ka bana bohle, bana ba ditholo le bona ba ka atleha bophelong, dithutong, maikutlong esitana le sekolong. O tlameha ho netefatsa hore le wa hao o a atleha. Fumana hore sekolo sa heno se ba thusa jwang bana ba ditholo mme hape o ikopanye le batswadi ba bana ba jwalo.
Nka thusahala kae hape"
Mokgatlo o bitswang Deaf Federation of South Africa (DEFSA) o ka o hlaha thusong, ba letsetse nomorong ena, 011-482-1610. [s]
Mathata a botholo
u
Haeba lesea la hao le sa utlwe hantle, le fumanele thuso ka potlako hore le tsebe ho rutwa ho bua le ho buisana le batho ba bang ka bolokolohi
Masea ohle a lokela ho hlahlojwa ditsebe dikgweding tse tsheletseng tsa pele tsa bophelo ba ona.
BONA SESOTHO - December 2005
t
E mengata mekgwa e ka thusang ditholo
BONA SESOTHO - December 2005
