SESOTHO.174.trivia
Mahlohonolo, Trevor
TREVOR Manuel, o keteka letsatsi la hae la tswalo kgweding ena jwalo ka ha a hlahile mohla la 31 Pherekgong, 1956. Letona lena la Ditjhelete le ne le kene dipolotiking ka selemo sa 1981 e le mongodi kakaretso wa Cape Areas Housing Action Committee. Ka mora moo, e ne e be setho sa komiti e kgolo ya United Democratic Front (UDF).
Ka Loetse 1985, o ne a tshwarwe, a kwalwa molomo ho fihlela ka Phato 1990. A lokollwa ka Hlakubele 1986, a boela a tshwarwa hape ka Phato hona selemong seo tlasa melawana ya tsa tshohanyetso mme o ne a qete dilemo tse pedi a le moo tjhankaneng. O ne a lokollwe ka Phupu 1988, empa a boela a tshwarwa ka Loetse hona selemong seo ho fihlela a lokollwa ka Hlakola 1989.
Ka mora ho bulwa ha ANC molomo, Manuel o ne a kgethelwe ho ba motlatsi wa mohokahanyi mane Kapa Bophirima. Ka selemo sa 1996, mopresidente wa ka nako eo, Mopresidente Mandela, o ne a mo kgethele ho ba Letona la Ditjhelete.
World Economic Forum e ne e tlotle Manuel ka boetapele ba hae ka kgau ya "Global Leader For Tomorrow" ka 1994, a boela a fumana tse ding dikgau boemong ba matjhaba ka boiphihlelo ba hae.
Mohla la 23 Loetse 2008, o ne a itokolle mosebetsing wa hae ka mora hore Mopresidente Thabo Mbeki a itokolle mosebetsi, empa mohla la 25 Loetse Mopresidente Kgalema Motlanthe o ne a mmusetse mosebetsing wa hae.
MAQEPHE A BOITHABISO
Tsohle ka...
Ke diphoofotswana tse nyane tsa lewatle tse kang ditjhaka mme di-stingrays tsena di fumaneha dibakeng tse mabopong, tse tjhesang tse bileng di leng mongobo. Diphoofotswana tsena tsa metsing di boele di fumanehe Asia le Afrika.
Di-Ray tsena di sebedisa mapheo a tsona a kang a ditlhapi ho sesa.
Di-stingray ha di kgone ho bona diphofu tsa tsona hobane mahlo a ka hodima mmele, mme ka lebaka lena, dijo di di fumana ka ho fofonela le ho sheba hore metsi a phallela ka nqe efe.
Lesapo la mokolla le bohale haholo mme le qala mohatleng moo le nang le meutlwa. Meutlwa ena e salla leqebeng ha e o otla ka ona, e boela e mele hape. Sebohodi sa theleveshene ya Australia, Steve Irwin, o ne a longwe ke stingray mohla la 4 Loetse 2006 mme a hlokahala nakwana ka mora moo.
Tse ding tsa diphoofotswana tsena di ba boholo bo fetang letsoho, ha tse ding di ba bolele ba 2m esitana le ba 5m.
di-STINGRAYS
Fumana ntho
Sheba setshwantsho mme o fumane ntho e nang le lebitso la Senyesemane le qalang ka tlhaku B. Sheba a mang o ka a fumanang a dipuo tse ding.
Sehlopha sa Santos se ne se thehwe mane Heideveld, Cape Flats ka 1982, se reneketswa ka la "The People's Team," mme se sebedisa lebala la Athlone.
Ha jwale mokopoteni wa sona ke Musa Otieno Ongao, wa Kenya ya neng a qale ho bapalla sehlopha sa naha ya habo a le dilemo di 19 ka 1993 kgahlano le Zaire.
Ya ba hulang pele ka dintlha sehlopheng sena ke Erwin Isaacs. Sebapadi sena ke setsebi sa di-free kick mme se ne se hlabe dintlha tse 11 selemong sa 06/07, tse 12 ho sa 07/08/
Duncan Crowie o ne a tswepele ka dintlha tse 19 ka 1991.
Tse monate?
Lebenkele la dijo le Stockholm, Sweden, le rekisa dijo tse entsweng ka garlic feela. Le bile le na le garlic cheesecake
NA O NE O TSEBA?
Sebete ke yona tlhala e kgolo mmeleng wa motho. Ke sona se ntshang nyoko e thusang tshilong ya dijo.
Ena ke kgwedi ya pele ya selemong almanakeng ya Maroma le ena e ntjha. Ena hape ke e nngwe ya dikgwedi tse supileng tse nang le matsatsi a 31 mme ke kgwedi e batang ho di feta dinaheng tsena tse ka leboya, e be e tjhesang ho di feta ho tse ka borwa.
Lebitso lena January le reheletswe ka Janus, "modimo wa sethatho," jwalo ka ha kgwedi ena e le yona e qalang selemo.
NALANE YA KGWEDI ENA NAHENG ENA
1957
January 30: Matjhaba a kopaneng a ne a kope Afrika Borwa hore e boele e lekodisise leano la yona la kgenthollo.
1974
January 11: David, Elizabeth, Emma, Grant, Jason le Nicolette Rosenkowitz ba ne ba hlahele Kapa. Ke ona mafahla a pele a tsheletseng a hore a phele kaofela lefatsheng.
1976
January 5: SABC e ne e bule seteishene sa pele sa televeshene.
1991
January 9: Bana ba batho ba batsho ba ne ba qale ho amohelwa dikolong tseo e neng e le tsa ba basweu feela.
January 29: FW de Klerk, Mopresidente wa Afrika Borwa, Nelson Mandela, motlatsi wa Mopresidente wa African National Congress, le Mangosuthu Buthelezi, moetapele wa Inkatha Freedom Party, ba ne ba kopane bakeng sa dipuisano tsa kgotso.
1994
January 16: PAC e ne e behe dibetsa fatshe.
2002
January 29: Doctors Without Borders, mokgatlo wa matjhaba o hlokomelang batho, o ne o qale ho tlisa mofuta wa dipidisi tse thotofatsang bohloko ba EITSI Afrika Borwa. Sena seo ba neng ba se etsa, se ne se le kgahlano le molao wa Afrika Borwa.[s]
Sheba sekgeo
Sheba sekgeo se nepahetseng seo ho sona o tlang ho tlatsa mantswe ana a mafubedu a lehlakoreng
