SOTHO.1085.paraffin
TJHEFO
KITJHENENG TSA RONA
KITJHENE ke sebaka sa bohlokwa lapeng, moo lelapa le atisang ho kopanela teng, e boetse hape ke sebaka se kotsi baneng ba rona - hobane hona pela dijo mona, re boloka ditjhefo tse kang bleach, tjhefo e bolayang lehola le dikokonyana - empa re a leboha hobane tsena tsohle di se di na le dibotlolo tsa tsona tseo re kgonang ho di hlokomela hantle ka tsona. Empa parafine ke e nngwe ya dintho tse kotsi tse bolayang tse sa natseheng lapeng.
Parafine ena e atisa ho tshelwa dibotlolong tsa dino kapa lebese, o boletse jwalo Dr Saadhna Panday le Sibongile Mafu wa HSRC.
Taba e bohloko ke hore parafine e bolaya bana ba bangata Afrika Borwa hobane ha ho mang ya ba hlokometseng.
Hlokomela dipalopalo tsena:
Ho rekiswa dilitara tse ka bang dimilione tse 700 tsa parafine ka selemo naheng ena. Ho bolelang hore ho rekiswa tse ka bang dimilione tse pedi ka letsatsi - mme ho belaelwa ha lenane lena le nyoloha jwalo ka ha motlakase o haella tjena, le o teng, o bitsa haholo.
Bana ba ka bang 80 000 naheng ena ka selemo - e leng ba ka bang 220 ka letsatsi, ba robong ka hora - ba nwa parafine ka phoso.
Ba batlileng ho ba etsa halofo - e leng ba ka bang 40 000 kapa 110 ka letsatsi ba kenwa ke nyomonia e bakwang ke khemikhale ya parafine.
Ba 1 000 ka selemo ba a hlokahala - e leng se bolelang hore ho hlokahala ba fetang ba bararo ka letsatsi ka lebaka la ho nwa parafine.
Ho tlameha ho lemale kapa ho shwe bana ba ba kae hore re tle re tiise ho lwantsheng tjhefo ena e kitjheneng tsa rona?
"O ka latola ha o rata, empa nnete e a sala, parafine e ntse e le ntho ya bohlokwa dimilioneng tsa Maafrika Borwa," ho bolela Patrick Kulati, MD wa Paraffin Safety Association of Southern Africa (PASASA). "Leha e le bohlokwa hakana, empa e fetohile kotsi e kgolo maphelong a Maafrika Borwa a mangata."
Bana ba bane ho ba bahlano ba nwang parafine, ke ba dilemo di ka tlase ho tse nne. "Boramabenkele ha ba na molato hobane bana ha ba ilo reka parafine, ba tshwara maphaka ao ba a nehwang lapeng," ho rialo Glenn Truran wa PASASA.
"Ha ho molao o behilweng hore parafine e tshelwe dibotlolong tse jwang, tse ngotsweng eng," o ne a bolele jwalo Neliswa Ndabankulu wa Lefapha la ditaba tsa Mmuso wa Lehae dilemong tse pedi tse fetileng. Ho tloha nakong eo ha ho seo mmuso le bahlahise ba parafine ba kileng ba se etsa ho sireletsa setjhaba.
"Ke parafine e ka tlase ho 10 lekgolong Afrika Borwa e rekiswang e le dibotlolong tse bolokehileng," ho bolela Truran.
E nngwe taba ke ena, ho tloha ka 2001, mmuso o ne o fedise VAT parafineng, empa barekise ba parafine ha ba e theole mme ba ha PASASA ba sa tswa fumana hore mabenkele a mang a rekisa parafine ka lenane le phetilweng habedi.
Ke nahana hore tjhelete ena ya "VAT" e tlameha ho sebedisetswa tlhahisong ya dibotlolo tse bolokehileng, e leng ntho e sa etsahaleng."
"Ha ho natswe letho ka diketekete tsena tsa bana tse bolawang ke parafine ena," ho rialo Thami Bolani wa National Consumer Forum.
Ha o bone hore batswadi le bona ba na le boikarabelo tabeng ena?
Ba e fumana jwang tjhefo ena
Jwalo ka ha parafine e se tjhefo feela, empa e le tjhefo eo re phelang le yona ka matlong, batswadi ba tlameha ho ba sedi tlhokomelong ya bana ba bona, o boletse jwalo Sayo Skweyiya, motlatsi wa mookamedi wa masepala wa eThekwini.
"Ha ho mang ya hlokomelang sena," ho bolela Nelmarie du Toit wa Child Accident Prevention Foundation SA (CAPFSA). "Ha o se o rekile parafine, ke boikarabelo ba hao ho e hlokomela."
Ba mmalwa ba pholohang.
"Ke ne ke hlokomele hore ngwanaka o nwele parafine ha ke ne ke mo tjhentjha leleiri ke se ke utlwa lephoka la parafine morotong wa hae," mme e mong o boleletse Mafu jwalo. "Parafine ena e ya morotong."
Ba bang batho ba na le tse ding dipale tse tshosang.
"Ho na le ngwana e mong wa Mthwalume, ka borwa ho Thekong eo le kajeno a ntseng a na le mathata a sefuba ka lebaka la ho nwa parafine," ho bolela Thembile Hlengwa wa Inanda.
"Ke hopola ngwana wa ausi a kgohlela," ho bolela Mangele Mthethwa wa Nongoma. "Ke ne ke hlokomele hore o nwele parafine e neng e siilwe ke ntatae lekaneng la Coke.
"Ke ne ke hwelehetse mme baahisane ba mphallela. Ba ne ba eletse hore re mo nwese lebese, re be re mo hlatsise.
Ho ba hobe haholo ha ngwana a nwele parafine hobane ho bolelwa ha e baka nyomonia ya dikhemikhale. Pafarine e leba matshwafong e etse a ruruhe, ho hlalosa e mong wa baoki ba baholo ba sepetleleng sa King Edward VIII, mona Thekong. Hobane matshwafo a ngwana a bonojwana, le lerothodi le lenyane le a ama haholo.
"Ho boima ho ba le letshwao leo o ka le kenyang dibotlolong tsa parafine le tla etsa hore ngwana a se nahane hore ke seno," ho bolela Du Toit. CAPFSA.
Le leng letshwao ka parafine, ke lephoka la yona. Empa ha ho so ka ho etswa dipatlisiso ka sena.
Ba sireletse, o se ba bolaye
Parafine e ba kotsi haholo ha e se e le ka tlung. Ho na le melao e tiileng ho thothweng ha yona esitana le ho bahlahise ba yona. Ha parafine e se e le ho ba e sebedisang, ha ho sa na melao e behilweng. Molemo wa ho fediswa ha VAT parafineng, ha ho bonahale jwalo ka ha ho se mehato e nkuwang mabapi le polokeho ka parafine.
Ho roba moya ho fumana hore mmuso o sebedisa diranta tse
fetang dibilione tse 100 ho tsa bophelo bo botle esitana le ho timeng mello e bakwang ke ho sebediswa ha parafine bohlaswa. Tjhelete ena e ne e ka sebetsa ntlafatsong ya tsa thuto ya bana ba rona, kahong ya matlo, dipalangweng, tsa bophelo bo botle... jwalo jwalo. Tjhelete ena ha e thuse letho, ha e kgone le ho tshedisa batho bana ba lahlehelwang ke bana ka lebaka la yona parafine ena.
"Ha e a tlameha ho kgellwa
fatshe taba ya polokeho ka
parafine," o ne a bolele jwalo Nonhlanhla Ndebele wa Lefapha la Mahakwe le Matla nakong e ka etsang selemo e fetileng. "Lefapa lena le ikemiseditse ka maano a ho theola mathata ana ka ho etsa dipontsho tsa dikeletso ka tshebediso ya parafine ka tsela e bolokehileng molemong wa ho fokotsa temalo le mafu a bakwang ke yona."Ha ho le jwalo, ho sa emetsweng? [s]
BONA E A FUPUTSA
Parafine ke tjhefo e nkang maphelo a ba bangata Afrika Borwa - empa hobaneng re dumella sena? Pale ka Patricia McCracken
"Ke bana ba ka bang 80 000 ba nwang parafine ka phoso naheng ena - ke ba ka bang 220 ka letsatsi, ba robong ka hora! Ba fetang ba bararo ho bona, ba a shwa!"
BONA SESOTHO November 2008
SE KA ETSWANG HA NGWANA A NWELE PARAFINE
1. Nka bohato ka potlako! Isa ngwana tliliniking kapa sepetlele ka potlako hobane parafine e a bolaya ha motho a sa fumane kalafo ka potlako.
2. Se mo nehe LETHO le nowang kapa le jewang.
3. Se mo HLATSISE.
4. Mo hlobodise diaparo haeba e mo tshetse hore e se mo hahlamele.
FREE POISON ADVICE LINE:
0800-333-444
PARAFFIN SAFETY:
Sharecall 0861-22-44-22;
www.pasasa.org
