sotho.1747.BEC feedback_2
Lepetjo la Telecoms le utlwahetse
LEPETJO LA rona la Motsheanong la tsa kgokahanyo la ha SAICOM South Africa le ne le tjhaelwe monwana mane Pyramid, Joburg.
Ya neng a bule sebaye phirimaneng eo ke Joyce Skefu, a latelwa ke mohlophisi ya ka sehloohong wa BONA, Khashane.
Pinky Didibeng, ya tlwaetseng ho tla dibokeng tsena le hona ho hlahella le dipapatsong tsa SAICOM SA, le yena o ne a le teng.
Dintlha tse ding ka SAICOM...
uSAICOM e tswa pele kgwebong ya mehala ya setjhaba mme hape e tswa pele tlhokomelong ya bareki.
uKhampane ena e netefatsa hore bareki ba yona ba etsa phaello e ntle ka ho sebedisana le bona esitana le ho ba etsa borakgwebo ba atlehileng.
u Bareki ba ha SAICOM ba ka kgola molemo wa ho iqalla dikgwebo tseo e leng tsa bona mme ba ha SAICOM ba bebofatsa sena: ha ho ditumellano tsa letho, o lefa ka bobebe, ha ho dipehelo tse itseng mme SAICOM o na le mohala wa ditlhakisetso bakeng sa bareki naheng ka bophara.
BONA SESOTHO - August 2006
KA HODIMO: Sehlopha sa SA sa ha SAICOM: Dimakatso Merafe, Pinky Didibeng le Cheenty Letsoalo mmoho le Joyce Skefu.
KA HODIMO: Bahlodi ba diphuthelwana tsa ha SAICOM kopanong e neng e le mane Joburg.
KA HODIMO: Pinky Didibeng (le letshehadi) o ntsha mpho e tswang ho ba ha SAICOM!
KA HODIMO: Mandy Fromont, SAICOM SA, Khosi Mdlalose, Peter Tlholoe, Aranda Textiles le Karin Fritz ho tswa Mageu Number One.
LE LETONA: Ditho tse tshepahetseng tsa Empowerment Club: James Tsotetsi (ba ne ba le teng mmokeng o neng o le mane Joburg!), Lydia Tsotetsi le Lefa Tsotetsi.
KA HODIMO: Christine Marot wa ha BONA le Rebecca Masilo morupelli wa Bake and Cook For Profit.
BONA SESOTHO - August 2006
KA HODIMO: Setho sa tlelapo se a di bitsa le Mzet.
MONYETLA WA KGWEBO
uKgwebo ya mehala ya setjhaba e nang le phaello e hodimo e se nang ditjeho tse kae.
uKe kgwebo eo e leng hloma-o-hlomole e bobebe eo o ka kgonang ho e isa dibakeng tseo e hlokahalang haholo ho tsona.
uMehala ena e tla le sekgele, bibi ya papatso, boto ya ho bapatsa, kepisi mme hape o fumane le thupello.
O QALA JWANG
PIthekele mohala wa hao wa SAICOM ka lenane le tlase la R1 899.
PHa ho tumellano e hlokahalang.
PE tla le tiisetso e phethahetseng ya tlhokomelo ya mohala wa hao ka theko e tlase.
PO ka sebeletsa kae kapa kae feela jwalo ka ha mohala e le hloma-o-hlomole.
