sotho.1742.parenting
Botswadi
tataiso ya ho hodisa bana hantle
KGATELLO e hodimo ya madi e bakwa haholo ke ho ja dijo tse mafura dilemolemo motho a sa ikwetlise, empa hape e bakeletswa ke boimana, e leng se behang motswetse le lesea la hae kotsing.
E qala jwang"
O tla bona ka hore moimana a ruruhe a be le kgatello e hodimo ya madi le moroto wa hae o be mosehla.
Maemo a na a beha bophelo ba mme le lesea la hae kotsing e kgolo. Mathata a na a tswelapele le ka mora ho beleha moo motswetse a tlang ho tswelapele le ho lwantshana le kgatello eo ya madi.
Maemo a na a fokotsa phallo ya moya o lebang popelong e leng se fokotsang matla a phepelo ya dijo le moya leseeng.
Matshwao
Ho ruruha menwana, maqaqailana le maoto ke ntho e tlwaelehileng boimaneng. E tlwaelehile haholo dikgweding tse tsheletseng ho ya ho tse robong tsa boimana e leng se bakelwang ke ho ema ha lero mmeleng.
Empa he ho ruruha mmoho le ho nona haholo ho tsamaisanang le hlooho, ke letshwao la hore moimana a ka nna a akgeha ka lebaka la kgatello e hodimo haholo ya madi. Ha o bona matswao a na bonana le ngaka.
Ke mang ya kotsing"
Ho idibana ho etsahala dipersenteng tse ka bang robedi tsa baimana mme ho matla haholo ho ba qalang ho ima. Ba bang maemo a bona a ba kotsi ho feta ba bang, ke ka hona o tlamehang ho boloka matsatsi a ho bonana le ngaka ya baimana ka tshwanelo hore mathata a kang ana a behwe leihlo.
O ba kotsing haholo haeba:
u O le dilemo di ka tlase ho tse 20 kapa tse ka hodimo ho tse 35;
u O nonne haholo;
u O na le mafu a sa alafeheng jwalo ka lefu la pelo kapa kgatello e hodimo ya madi;
u O imme mafahla;
u O kile wa batla o idibana boimaneng ba pele.
Kalafo
Ha se maemo a alafehang ka bonolo. Ngaka e tla o eletsa hore o dule ka tlung ho qoba ho beleha pele ho nako.
Haeba ho phomola hoo ho sa o thuse ka letho, o tla robatswa sepetlele haufi le dingaka ho fihlela o beleha. Hangata motho wa teng o beleha ka opereshene.
E thibelwa jwang"
Nako le nako ha o etela ngaka, ba tla hlahloba kgatello ya madi hore ba tsebe ho o thusa pele o ka akgeha. Kgatello ya madi boimaneng e alafshwa ka mokgwa o arohaneng le bathong ba bang, ka hoo, ikopanye le ngaka ya hao pele o sebedisa kalafo efe kapa efe - kapa o tjhentjha dijo. Batho ba nang le kgatello e hodimo ya madi ba eletswa ho qoba letswai, empa boimaneng ho na le tlhokeho e itseng ya ho fumana letswai tsatsi le leng le le leng. Ka hoo, netefatsa hore o buisana le ngaka ya hao ka mekgwa ya tshireletso.
BONA SESOTHO - October 2006
Ya bomme le bontate....
Se ipehe kotsing
Ho tobana le kgatello ya madi boimaneng
ka NONHLANHLA KHUMALO
BONA SESOTHO - October 2006
Ho qeta ngo-ngo-reho
Boimana bo ka nna ba thefula maikutlo. Ho fetofetoha ha di-hormone ho ka o etsa o ikutlwe ka nako e nngwe o kgathetse, o tetebetse maikutlo hobane o ntse o ingongorehisa ka taba ya hore e be sephetho sa boimana ba hao le lesea la hao se tla ba monate kapa tjhe. Ngongoreho boimaneng e tlwaelehile mme ho e thibela ho ka thusa ho theola kgatello.
Ke ena mekgwa e bobebe ya ho tobana le ngongoreho ya boimana e le hore o tsebe ho thabela boimana ba hao.
1. Phefomoloha: Ho ithuta ho phefomoloha ho tla o thusa nakong ya ho beleha. Sena se tla kokobetsa maemo ha o qala ho ba le kgatello. Hemela hodimo metsotso e mmalwa kapa ho fihlela o ikutlwa betere.
2. Ikwetlise: Ho dula o le mahlahahlaha ho thusa ho theola mokgathala e leng se thusang ho ntsha endorphins (hormone e thusang hore o dule o hlaphohetswe) e tlang ho o boloka o matlafetse nakong ya pelehi. Hore na o ka ikwetlisa jwang, ha kae, ho tla ya ka hore o ne o kwenne kapa tjhe pele o ima. Buisana le ngaka pele o ka qala ho ikwetlisa. Ho otlolla maoto le ho ikwetlisa ke ntho tse bobebenyana tseo o ka di etsang boimaneng ba hao.
3. Bua ka yona. Arolelana maikutlo a hao le molekane kapa motswalle wa hao e le hore ba utlwisise seo o se utlwang. Bua le baimana ba bang ka ngongoreho le tshabo ya hao.
4. Eja dijo tse phepo: Ho ja dijo tse fapafapaneng ho tla o boloka wena le lesea la hao le phetse. Re bua le ka dijo tse nang le iron jwalo ka nama hobane ho fellwa ke iron mmeleng ho baka mokgathala.
5. Iphahamele: Ithekele dintho tse monate, kapa o etele salune ho ya etsa setaele se setjha sa moriri - se tla o etsa o ikutlwe betere.
u
t
BONA SESOTHO - October 2006
Mo hlophisetse sekolo
Leha ho ka bonahala e ka lepotlapotla le ja podi ho wena, ka ho hlophisetsa thuto ya ngwanahao e sa le jwale, empa seo ke sona se nepahetseng matsatsing ana. Ho rera ka nepo ho etsa hore letsatsi la pele sekolong ho ngwanahao, e be le monate leo a sa tlo le lebala.
P Keretjhe e bohlokwa.
Dikolo tse ngata tsa poraimari di hloka hore ngwana a ye keretjhe pele a ka qala sekolo. Ka seo o tla be o mo thusitse haholo jwalo ka ha e le moo a fumanang motheo o motle bakeng sa sekolo.
P Ho rera e sa le nako.
Beheletsa ngwanahao sebaka sekolong ka ho kenya kopo selemong se etellang pele seo a tla bala ka sona. Ho molemo ho sheba e sa le jwale hore na o tla rata ho mo isa sekolong se fe, o shebe hore se ho kae (se haufi kapa hole) le hore se bitsa ha kae. Sena se tla o thusa ho nka qeto e nepahetseng.
P Tseba ka lenaneo la thuto.
Lenaneo la thuto ya rona le fetohile haholo dilemong tsena mme ho molemo hore o tsebe ka moo le sebetsang ka teng. Matsatsing ana ngwana o se a tlameha ho qala Grade 1 a le dilemo di supileng, empa o tlameha ho qala Grade R selemo pele a ya "sekolong."
Jwalo ka ha mmuso o kgothaletsa hore bana ba ithute dikolong tse haufi le malapeng a habo bona, ho molemo ho fumana e sa le nako hore leano la hao la ho kenya ngwanahao sekolong se sele ke ntho e amohelehileng kapa tjhe.
Tsamaya ka setaele
Kgethela ngwanahao "sepalangwang"
O TLA hloka pram ha o intsha le hona ho otlolla maoto le ngwanahao. Masea a hola kapele mme ngwana o phakisa ho ba boima hore o ka nna wa tsamaya o mo pepile letsheare kaofela - ka hoo, pram e ka o tswela molemo. O ka e sebedisa ha le ikotlollela maoto, le eta kapa o le koeetsa. Ho na le mefuta e mengata ya di-pram. Ho na le tsa masea a sa tswa hlaha le a seng a hodile.
Pram
Ho na le pram e hanngwe le e habedi mme di ka kgona ho sebedisetswa ho tloha leseeng le sa tswa hlaha ho fihlela ho le dilemo di pedi.
Haeba o rekela lesea le lenyane, le batlele ena eo le kgonang ho robatswa ho yona hobane le ebe le so ka le kgona ho dula.
Tse ding di bobebe mme o tla tlameha ho nahana ka tsona haeba o se na koloi. E tlameha hoba e kopetswang.
Di-stroller le di-jogger
Haeba o le motho ya dutseng a tsamaya, stroller ke mofuta o o loketseng. Stroller e bobejana, e etseditswe masea a seng a hodile.
Jogger, e ntse e tshwana le pram le stroller, empa yona e kgolwanyane, o ka e kganna le kantle esitana le hona ho e nyolla ditepising.
O kgetha e jwang
Ela hloko dilemo tsa ngwana. Sheba hore na e kganneha ka bobebe kapa tjhe. O shebe boima ba yona le hore e a kopetswa. Tse ding di tla le disebediswa tsa ho eta jwalo ka setulo sa lesea ka koloing seo o ka se sebedisang ho fihlela le eba dikgwedi tse tsheletseng. Di a siyana ho ya ka dilemo tsa masea. [s]
Ya bomme le bontate....
BONA - September 2006
