sotho.1737.cleaning
BOLOKA TJHELETE
NETEFATSA hore o dula o ena le tsena tse latelang ka kitjheneng ya hao hore o se hloke dietswa tsa ho hlwekisa tse theko e tlase:
Asene e tshweu: E tlosa mafura, e nkgise ha monate hape e bolaye le dikokwanahloko.
Bicarbonate of soda (bicarb): E a hlwekisa, e nkgise ha monate, e nolofatse metsi.
Sirilamunu: E bolaya dibakteria, e hlwekise, ho be foreshe.
Borax: E hlwekisa le ho qeta maphoka a mabe - e bolaya le dikokonyana. (Ela hloko: Leha ho le jwalo, borax e ka nna ya eba tjhefo baneng le diphoofolong, ka hoo, e bolokwe hole le bana.)
Dietswa tsa ho hlwekisa lapeng
E hlwekisa tsohle: Kopanya halofo ya kopi ya asene le kotara kopi ya bicarb, lero la halofo ya sirilamunu le dilitara tse pedi tsa metsi. O ka hlwekisa hohle ka tlung le fatshe. (Ela hloko: Se tswake le asene ha o hlwekisa granite.)
Ho hohla: Kopanya dikgabana tse nne tsa bicarb le tse nne tsa metsi o dube ho etsa hlama.
Pholetjhe ya fenetjhara: Tshela karolo ya lero la sirilamunu ka hara dikarolo tse pedi tsa olive oil (e sa phehweng, e rekiswang dikhemesing) kapa vegetable oil.
Ho hlatswa difenstere: Kopi e le nngwe ya asene e tshweu le dilitara tse tharo tsa metsi - o tshele lero la sirilamunu hanyenyane le la sesepa sa dijana o di tshele botlolong ya senyanyatsi.
Hlwekisa ntlwana/ ho bolaya dikokwanahloko: Kopanya kopi ya borax le dilitara tse nne tsa metsi a tjhesang.
BONA SESOTHO July 2008
Bicarb, asene e tshweu le sirilamunu - ke ditlhoko tsa motheo tsa ho hlwekisa.
hlwekisa
sohle ka lapeng
la hao
Dietswa tsa ho hlwekisa matlo le ho tlosa matheba di boloka matlo a rona a hlwekile, empa ho na le tse ding tsa tlhaho tse sa bitseng tseo re di lebalang leha di le molemo haholo... Pale Grace Khuzwayo Ditshwantsho Alexis Diack
Boloka lelapa le hlwekile
Sehatsetsi: Se hlwekise kantle le ka hare kgafetsa, ka dietswa tse tlwaelehileng tsa ho hlwekisa.
Beha lebokose le butsweng la bicarb ka sehatsetsing hore e monye monko. (E tjhentjhe nako le nako ka mora dikgwedi tse mmalwa.)
Moqomo wa dithole: O fafatse ka bicarb hore e monye monko. Athe ha o batla o dule o hlwekile, o se na dikokonyana, fafatsa borax.
Khaphete: E fafatse ka bicarb o e tlohele nakwana pele o e fiela ka motjhini.
Nkgisa moya ha monate: Ka lero la sirilamunu le metsi a lekaneng - o tshele le mefuta ya dioli tseo o di ratang.
Iketsetse mokedikedi wa ho hlwekisa difenstere, ka ho kopanya kopi ya asene e tshweu le litara tse tharo tsa metsi, o tshela lero la sirilamunu le sesepa sa dijana mme o tshele botlolong ya senyanyatsi.
Ho
HLWEKISA TOASTER
E atisa ho lebalwa ho hlwekiswa ho fihlela mafoforetsane a qala ho tuka!
Qala ka ho ntsha toaster polakeng hore e fole. Ala pampiri ho qoba dithole. Ha e ena le terei e tswang, e ntshe, o hlohlore mafoforetsane a bohobe pele o e hlatswa ka metsi a tjhesang a nang le sesepa, o e omise. Athe ha e sa tswe, o ka e tonamisa mme o e hlokohle hanyenyane hore mafoforetsane a tswe kaofela. Mahoho ona a tswa hantle le ka borashe ba meno kapa ka seetswa sa ho hlwekisa diphaepe. Se sebedise dietswa tsa tshepe hobane di ka e senya.
BONA SESOTHO July 2008
Fedisa matheba
Ka bomadimabe ha se matheba ohle a tlohang.
Sa bohlokwa seo o lokelang ho dula o se hopola ke ho leka ho tlosa letheba leo hanghang pele le omella. Hape o se sebedise metsi a tjhesang mme o le hlatswe ka mokgwa o tlwaelehileng. Ka lesela le hlwekileng le metsi, leka ho monya letheba leo ntle le hore o le suwe ka thata pele o pudutsa ka metsi a batang.
Ka lehlohonolo ho na le lethathama la dietswa tsa ho tlosa matheba. Latela ditaelo ka hloko pele o hlatswa seaparo, hape o hlokomele e se be se hlatsuwang dry clean feela.
Ha o tshelwa ke dijo o intshitse, letswai le ka thusa ho monya matheba a mafura diaparong.
Dula o ena le botlolo ya soda water ho tlosa matheba khapeteng. E tshele hanyenyane lethebeng, o ntano e monya ka lesela hore e ome.
Mafura a kerese ona o ka a tlosa ka aene, o behe paper towel hodima moo e qhalanetseng. Ha a le manganga, o ka a kgwakgwatholla ka thipa e bothithi. (Ha a le bonolo, o ka a hwamisa ka leqhwa.) Beha lesela pakeng tsa dipampiri (paper towel) mme o e aene o ntse o tjhentjha mahlakore ho fihlela e tloha kaofela.
O ka e tlosa jwalo leha e qhalanetse khapheteng.
O ka tlosa tjhepisi ka: Ho e beha leqhwa ka polastiki hodima yona. Ha e se e tiile o ka e kgoromolla ka thipa e bothithi. [s]
Bebofatsa mosebetsi
Bate
Hlama ya bicarb, eo re sa tswa bua ka yona e hlwekisa dibate le dijana tsa ho hlapa matsoho hantle haholo.
Dijana
Tshela kgaba ya bicarb le lero la halofo ya sirilamunu metsing. (O ka nna wa tshela le disirilamunu tseo o seng o di montse lero; di tla tlosa mafura le metsi a be foreshe.
Ho hlwekisa drain
Tshela halofo ya kopi ya bicarb le halofo ya kopi ya asene e tshweu mme o kwaele. E tla nka nakwana e bela. Ka mora halofo ya hora, o ka bulela metsi a batang hore ho qhalane. (Hlokomela, asene ha e a lokela ho kopanngwa le bleach kapa seetswa se seng sa ho hlwekisa drain, kapa hang ka mora hore di sebediswe hobane e ka nna ya kubelletsa mosi o kotsing.) Ha drain e sa tsamaise ditshila hantle, kapa di tsamaya butle, tshela kopi ya letswai le kopi ya bicarb, o latedise ka ketlele ya metsi a belang.
Ketlele
O ka fedisa mmala o mobe ka hara yona ka ho e tlatsa metsi a nang le asene e ngata o a bedise. Hopola ho e pudutsa ka thata pele o ka qala ho e sebedisa hape, o qale ka ho bedisa metsi a mang pele o ka bedisa a tee hore o se ke ya nkga asene!
Diaparo
Tshela halofo kotareng tse tharo tsa kopi ya bicarb diaparong ho di nolofatsa le ho tlosa matheba - o ka boela wa eketsa lero la sirilamunu bakeng sa monko.
Microwaves
Ntsha matheba a dijo ka hlama ya bicarb, kapa ka seetswa se seng se hlwekisang dintho tsohle. Kapa o sehe halofo ya sirilamunu, o pepete lero la yona mme o le tshele sejaneng se nang le metsi, o bedise ka microwave. Matheba a tla fela le microwave e nkge ha monate. E hlakole.
Dikgareteine tsa shwawareng
Di hlatswe ka motjhini o sa suwe ka matla kapa ka letsoho o tshetse kopi ya bicarb kapa ya asene sesepeng sa ho hlatswa.
Steam iron
O ka e thibolla jwalo ka ketlele, o e tlatse metsi a nang le asene o e tjhesise ho fihlela metsi a fela. E pudutse ka a hlwekileng.
Ntlwana
Hlwekisa matlwana ka ho tshela kopi ya borax mme e robale moo ho fihlela ka le hlahlamang. E hohle pele o bulela metsi.
BONA SESOTHO July 2008
Dikeletso tsa ditsebi
Wenzile Mpanza, sephehi se pele hoteleng e nngwe ya Thekong
"Re koropa ka metsi a nang le asene letsatsi le letsatsi re hlwekisa le ka kitjheneng ka yona. Ho dula ho hlwekile ho bile ho benya hape e bolaya le dikokwanahloko. (O ka tshela dikopi tse pedi tsa asene dilitareng tse pedi tsa metsi.)
Athe ha re hloka ho hlwekisa dibaka tse kgolo teng, re sebedisa dietswa tsa ho hlwekisa.
Bakeng sa matheba diaparong tsa ho sebetsa, motho o qala ka ho inela letheba leo letswaing.Le kgona ho monya matheba a dijo hantle."
Lindiwe Kuzwayo, seakanyi sa feshene sa matjhaba seo hape se nang le B&B
"Ke qala ka ho tlosa matheba ka seetswa sa teng, ho ya ka mofuta wa lesela, ke kopanya letswai le lero la sirilamunu mme ke sidile letheba ka motswako oo."
