sotho.1736.parenting
BONA SESOTHO June 2008
BOTSWADI
BOIMANA bo tsamaisana le maemo a sa tsitsang a bophelo le a thabo. Empa leha ho le jwalo, ha se hore motho a ka iphapanyetsa mathata ao a a utlwang mmeleng dikgweding tseo tse robong. Leha ho le jwalo, ho a thabisa ho tseba hore mathatanyana ao, a tlwaelehile.
Hlokomela, leha mathata a tlwaelehile o se ke wa tswafa ho buisana le ngaka ya hao ka ona leha o nahana hore a manyenyane ho le ho kae...
Ho hlohona ha letlalo
Basadi ba bangata letlalo la bona le a hlohlona haholoholo mpeng ka nako ena eo e ntseng e hola. Le hona hoo ho tlwaelehile.
Ho hlohlona hona ho bakelwa ke ho omella ha letlalo.
Leka ho itlotsa ka setlolo sa mongobo se seng bohale, haholoholo se entsweng ka metswako ya tlhaho. Hlapa le ka sesepa se seng bohale mme o pheme dintho tsa ho hlapa tse kang bath salt.
O ka boela hape wa lokoloha ha o tena diaparo tse bulehileng mme o pheme mofuthu o matla.
Ha ho hlohlona haholo dibekeng tse 10 tsa boimana, mme le direthe le matsoho di hlohlona ho feta, e ka nna yaeba sesupo sa mathata a hlokang kalafo ya dingaka.
Mokgathala
Basadi ba bang ba kgathala tlolo ya molao boimaneng. Athe ba bang ba kgathala ka nako e itseng, ho boele ho fete. Ho kgathala ha ho bolele phoso ya letho - empa ha ho se ho le matla, bontshana le ngaka ka hona.
Ho opelwa ke hlooho
Basadi ba kgathatswang ke hlooho, ba ba le boimana bo monate hobane mathata ao a a fela! Ho ba bang teng, e ba matla le ho feta, ha ba bang bona e ba matla hang feela, e fele.
Ha e se e opa nako e telele le hona karolong ya bobedi ya boimana, sesosa eka nna yaeba kgatello e hodimo ya madi. Ha hlooho eo e tsamaisana le mathata a kang ho se bone hantle kapa ho ruruha, buisana le ngaka ka pele.
Ho ruruha
Ho ruruha maqaqailana, maoto le menwana ke ntho e tlwaelehileng boimaneng haholoholo ha ho tjhesa kapa ka mora letsatsi le le lelele. Ho bakelwa ke ho tlallana ha lero mmeleng, hoo sesosa e leng phallo e matla haholo ya madi mmeleng, o leke ho hlokomela le lesea le inngweng.
Phomola ka hohle ka moo o ka kgonang. Ha feela kgatello ya madi e ka dula e le maemong a yona a tlwaelehileng, mme le diteko tsa moroto di sa bontshe ho ba le diproteine tse ngata, ha ho letho leo o ka ikgathatsang ka lona. Empa leka ho dula o hlahloba phallo ya madi e sebe mohlomong ke yona sesosa sa ho ruruha maoto.
Ho nyekelwa ke pelo
Ho nyekelwa ke pelo ke ntho e tlwaelehileng baimaneng haholoholo dikgweding tse tharo tsa pele, mme ka mora moo ho iphelle. Athe ho ba bang ho tswelapele dikgwedi tsa boimana kaofela empa ha feela o sa theohe mmeleng ho ebe ho se letho le phoso, haholoholo leha maemo a bophelo ba hao ka kakaretso a sa tjhentjhe, ha ho kgathatso hobane le lesea le ke ke la ameha hampe.
Ho ya nakong
Ho ya nakong boimaneng ke ntho e lokelang ho emelwa ka maoto empa dikgweding tse tharo tsa pele teng, ke ntho e tlwaelehileng haholoholo ha e se matla empa ha e le matla, e bontsha tshwaetso e itseng sethong sa bosadi kapa ha ho ena le mathata a mofuta ofe kapa ofe feela popelong.
Leha ho le jwalo, ho ya nakong ka matla dikgweding tsa pele tsa boimana, e ka nna yaeba sesupo sa ho senyehelwa kapa hore lesea le holela ka thoko ho popelo.
Ho ya nakong ka mora dibeke tse 28 tsa boimana, le hona ho lokela ho emelwa ka maoto hobane ho ka bontsha hore lesea leo le batla ho hlaha pele ho nako, kapa hore karolo ya lelana le fepang lesea e tswile tseleng.
Tlhokomediso ya bohlokwa ke hore maemong afe kapa afe a boimana, o lokela ho tsebisa ngaka hang ha o eya nakong.
Lesokolla/ho pipitlelwa
Hangata lesokolla le tsamaisana le ho bohlisa. Baimana ba ba le lesokolla ka lebaka ka kgatello popelong hape le tshilo ha e sebetse hantle ka nako ya boimana.
Phema dijo tse mafura le tse hadikilweng kapa tse ding feela tseo o nahanang hore di ka o bakela lesokolla.
Ho molemo ho ja dijo tse nyenyane kgafetsa le hona butle ho ena le ho ja tse ngata ka nako e le nngwe kapa hararo ka letsatsi.
Phema ho ja masiu a se a rwalellane o ka mpa wa nwa kgalase ya lebese, haeba o lapile.
Ho opelwa ke mokokotlo
Ana ke mathata a tlwaelehileng a bakelwang ke ho tjhentjha ha seemo sa mmele ka lebaka la ho hola ha mpa. Dikgweding tseo kaofela tsa boimana mesifa e sebetsa ka thata ho boloka seemo sa mmele se le maemong a tlhaho. Ha o phahamisa ho hong, leka ho koba mangolo bakeng sa mokokotlo.
Hape o iphe nako e ngata ya phomolo hape o otlolohe ha o ema!
Ho ikutlwa eka o tla idibana
Boimaneng, madi a yang hloohong ka nako e nngwe ha a be mangata ho lekana. Ha o ka raoha ka potlako kapa wa re hlasi! ha o tsoha diphateng, o ka nna wa fiifala mahlo, o ikutlwe ekare o tla idimana.
Fetola mmele butlebutle mme o hlape ka metsi a tjhesang.
Ho hlobaela
Baimana ba bangata ba a hlobaela bosiu. Ke ntho e tlwaelehileng mme ha ho letho leo o ka ikgathatsang ka lona. Ho bua nnete, ha o ikgathatsa haholo ka hona, o tla hlobaela le ho feta.
Leka mekgwa e metle ya ho ikgatholla pele o kena diphateng, o ka bala buka kapa o nwe seno se tjhesang seo o se ratang haholo hape o leke ho robala diphateng tse butshabutsha ha monate.
O ka nna wa lakatsa ho eketsa mesamo hore o robale betere - ho robala ka lehlakore le ho kenya o mong pakeng tsa maoto ho ka nna ha o tswela molemo.
Ho phofa le hona ho tlwaelehile boimaneng mme ha ho letho le phoso, ke sesupo sa tlhaho feela se bontshang hore mosadi eo o ngongorehiswa ke boimana.
Kgatholoha...ha ho letho leo o ka kgathatsehang ka lona.
Ho nyekelwa ke pelo, mokgathala le ho hlohlonelwa, ke a mang a mathata a boimana...
Nthuse! Mokokotlo wa ka
O A OPA!
BONA SESOTHO June 2008
BONA SESOTHO June 2008
Dikeletso tsa ho beleha hantle
Ho mamela mmino o phodileng ho ka o thusa hore o kgatholohe mme o be o lebale ka mahloko.
Metsotsong ya pele ya pelehi, o ka nna wa hlafuna seneke se nang le phepo ho matlafatsa mmele. Leka dijo tse nang le di-carbohydrates tse ngata tse jwalo ka bohobe kapa pasta, kapa ditholwana tse nang le tswekere e ngata jwalo ka morara.
O ka kopa molekane wa hao ho o sidila thekeng ka baby oil. Ho sidila ho ntsha khemikhale e bitswang endorphins - e etsang hore mmele o ikutlwe o kgatholohile ha monate - mohlomong e fokotse le mahloko.
BOTSWADI
TSA MASEA
PKe a itsibula mme ha ke tsebe hantle hore nka tlwaetsa lesea ho robala ka nako efe. Metswalle ya ka e mpolella dinako tse fapaneng, tseo tse ding tsa tsona di phehisana le seo nna ke se etsang. Ke kopa thuso.
KKa mora ho fepa lesea, le fe nakwana ya ho bohlisa. O le tjhentjhe leleiri hore o tle o se le kgathatse ha le se le robetse. Dibekeng tse mmalwa tsa pele, le thabela ho phuthelwa ka mapae a mofuthu feela. Le phuthele hantle hore le se ka nna la phuthuloha. Netefatsa hore le dula le le mofuthung o seng ka tlase ho 20°C, hobane ha ho bata, le ke ke la robala.
Batswetse ba bangata ba kgetha ho robala le masea empa ke mokgwa o mobe oo lesea le sa lokelang ho o tlwaetswa. Ha ho kgoneha, le rute phapang pakeng tsa sebaka seo le robalang ho sona motsheare le bosiu. Ha re ka etsa mohlala, bosiu le robale ka hara bethe ya lona haufi le dikgareteine ka phaposing ya lona ya ho robala. Athe ha o ena le pram teng, le ka robala ka hara yona motsheare.
YA HAO YA MAHALA
Re fana ka dikhopi tse 40 tsa Perfect Steps ka Sister Lyn Wade, e bitsang R96 ka nngwe. Ke e ikgethang bakeng sa batswadi ba itsibulang, mme bukana ena, e na le tataiso ya kgodiso e ntle ya lesea selemong sa lona sa pele - ho tloha ho nyanyeng ho ya enteng, ho le qadisa dijo tse thata esitana le dikeletso tsa polokeho, ditlhalosetso tsa kgolo ya lona, mehala eo o ka letsetsang ho yona tlasa maemo a tshohanyetso le tse ding tse ngata tsa bohlokwa.
Bakeng sa monyetla wa ho ba e mong wa ba lehlohonolo la ho hapa buka ena, re romelle lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Perfect Steps Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS PARENTING ho 35919. (SMS e bitsa R3). Letsatsi la ho kwala ke la 30 Phupjane, 2008.
Ba rute ho itshireletsa
HO TLOHA dilemong tse tharo, bana ba qala bohato bo boholo ba ho tswa ka lapeng, ba ithute ho ikemela. Jwalo ka motswadi, o tla dula o kgathatsehile ka polokeho le maemo ao a matjha, a ho bapala le bana ba bang le ho kopana le batho bao a sa ba tsebeng.
O ka kgathatseha le ka hore a ka nna a kwetelwa. O ka buisana le yena ka mekgwa ya ho itshireletsa tlasa maemo ao. Empa leha ho le jwalo, se mo tshose ka hore batho bohle bao a tla kopana le bona ba ka nna ba mo hlekefetsa.
Mo hlokomedise hore ho na le batho ba bang ba ka nnang ba batla ho mo hlekefetsa, ke ka hona ho leng bohlokwa hore a dule a o tsebisa nako le nako ha ho ena le moo a yang, hape o se bue letho le ka nnang la mo tshosa. Ke ena mekgwa eo o ka e lekang:
Kgothalletsa ngwana ho o bolella ka eng kapa eng e entseng hore a ikutlwe a sa lokoloha. A tsebe hore diphiri ha di a loka.
Mo kgothalletse ho emella thokwana le batho bao a sa ba tsebeng ba batlang ho bua le yena. Ha a iphumana tlasa maemo ao, a bokolle hore a tsebe ho fumana thuso bathong ba bang.
Mo tsebise hore batho ba bang ba ka nna ba mo tshepisa dintho di hana ho fela hobane ba batla hore a dumele ho tsamaya le bona. Leha ba mo tshepisa dintho tseo a di kgallang e le ka nnete, a hane.
A tsebe hore ka nako e nngwe motho ya moholo a ka nna a mo thetsa ho se morero o mobe wa letho - jwalo ka ho mo aka - athe ho na le mekgwa e meng e sa rateheng. Sa bohlokwa ke hore a tsebe ho hana haeba a ikutlwa a sa lokoloha.
Ho bontsha ngwana seo o se bolelang, le ka bapala papadi ya "o ka etsa jwang?" le yena. Mohlala ke hore o mmotse hore a ka etsa jwang ha monna eo a sa mo tsebeng a mo tshepisa dimpompong ha a ka dumela hao tsamaya le yena? Kapa a re o tla mo fa mootlwana o motle? (Hana hehehe mme o balehe o ilo bolella batswadi).
Kapa a ka etsa jwang ha mosadi e mong feela a mo kopa ho kena koloing ya hae a lo mmontsha lebenkele le haufi moo? (Hana, hape o mmolelle hore ha o le tsebe mme o balehe hanghang o ye hae ho ya bolella batswadi.
BOTSWADI
Matshwao a pele a
BOIMANA
BASADING ba bangata matshwao a pele - a bileng a totobetseng - a boimana, ke ha ba se ba tlolwa ke dinako tsa bona.Ho boetse hape ho na le matshwao a mang a boimana, dibekeng tsa pele. Hopola hore: o ka ba le bonnete bo feletseng ka mora hore o etse diteko tsa boimana.
Matshwao a pele a boimana ke:
Dinako tsa hao eba marothodi feela kapa ha di be teng hohang.
O nyekelwa ke pelo kapa o ikutlwe o kula neng kapa neng le hara motsheare.
O ikutlwa eka o tla ya nakong leha o tlotswe ke dinako.
O dula o kgathetse ebile eka ha o a thaba.
Matswele a ba bonolo, a be bohloko ha a thetswa, mohlomong ha o aka e mong.
O qala ho kgetha dijo le dino.Basadi ba bang bona ba bile ba nyekiswa pelo ke menko ya dijo tse itseng.
O rota kgafetsa, motsheare le bosiu.
O ka nna wa ba le lero le lengatanyana le tswang ka tlase.[s]
