sotho.172.legalmar
Ya hao ka molao
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
Ke a hlekefetswa mosebetsing
BOTHATA: Motshwari wa ka mosebetsing o dutse a nkomanya nako e kgolo le e nyenyane. Ke ne ke bue le setho sa mokgatlo wa ka wa basebetsi empa se ne se hlolehe ho nthusa. Sena se etsa hore ke be ke nahane ho itokolla mosebetsing. Empa jwale ke hloka tjhelete.
Setho sena sa mokgatlo wa basebetsi se boletse hore motshwari enwa o ntshotla tjena hore ke tsebe ho ngongoreha ke tetebele maikutlo mme ke se kgone ho etsa mosebetsi wa ka hantle mme e be o se a fumana leqheka la ho nteleka! Ke etse jwang"
KELETSO YA HA SCORPION: Ho itokolla ha hao mosebetsing ho tlameha ho ba tlasa lebaka la "ho lelekwa ka bohlale." Molao wa Labour Relations Act o hlalosa ha sena e le "ho kgaolwa ha tumellano ya mosebetsi ka lebaka la ho sotlwa ke motshwari mosebetsing."
Tsela e latelwang mona e hlile e boima jwalo ka ha o tlameha ho hlakisa hore motshwari wa hao o mpefaditse maemo a hao a ho sebetsa mme jwale tharollo e nngwe feela, ke ho itokolla mosebetsing.
O tlameha ho tsebisa mohiri wa hao mathata a hao ka lengolo mmoho le mehato o seng o e lekile le mokgatlo wa hao wa basebetsi ho leka ho rarolla pharela eo.
O tlameha ho neha mohiri wa hao nako e itseng jwalo ka matsatsi a mararo ho leka ho lokisa mathata ana a motshwari wa hao, o hlakise hape ho yena hore a sa etse jwalo, ha o na boikgethelo, o tla tlameha ho itokolla mosebetsing.
Ho bohlokwa ho hlakisa hore o lekile matsapa ohle pele o nka qeto ya ho itokolla. Re o eletsa ho ba le kopano le batsamaise ba ka sehloohong ba khampane mmoho le molaodi kakaretso wa teng pele o ka nka qeto ya ho itokolla.
Mabapi le ho tetebela maikutlo, molao jwale o hlokomedisa bahiri hore ba qobe ho nka diqeto tse tla tetebetsa basebetsi maikutlo.
Molao o qobella mohiri ho fuputsa sesosa sa ho tetebela maikutlo ha mosebeletsi. Haeba diphuputso di bontsha hore sesosa ke ho tshwarwa bohlaswa, (jwalo ka tabeng ena ya hao), mohiri o tlameha ho nka bohato pele a ka bolela ha o sa kgone ho etsa mosebetsi wa hao ka nepo.
Haeba o ba le mathata a ho fumana leqwetha le ka o thusang, o ka ikopanya le kantoro ya ha Scorpion e haufi le wena mme bona ba tla ba motlotlo ho o fumanela leqwetha le tla o
thusa. [s]
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - March 2007
DI NKILWE KE DIBONTSHI
