SOTHO.1084.legaljul
BONA SESOTHO - July 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ke ntshitswe beseng
Haufinyane ke ne ke palame bese le monna e mong ya neng a lwantsha mosadi a ba a mo hlaba ka thipa letsohong. Ka leka ho namola hore a se ke a mo hlaba hape.
Mokganni wa bese a emisa mme a ntsha monna eo ka beseng. A latela ka nna leha ke lekile ho hlalosa hore ha ke tsebe batho bao bobedi ke ne ke thusa mosadi eo feela hore a se bolawe ka thipa. Mokganni a se ke a nnatsa a ntahlela kantle beseng ka ba ka robeha leoto.
Mokganni e mong ya fetang ka tsela a mpalamisa koloi a nkisa sepetlele. Ha fela dibeke tse tsheletseng ke sa sebetse, ke opelwa. Nka kgona ho buseletswa ditshenyehelo tsa ka jwang-
GG, Soweto
lMokganni o ne a sa lokela ho o tshwara jwalo. Ketso eo ya hae, ke tlhekefetso. Ha o a lokela ho mo qosetsa ho o lefella ka bohloko boo o bo utlwileng feela empa o lokela ho kenyeletsa le ditshenyehelo tseo o keneng ho tsona le tseo o sa ntseng o tla kena ho tsona le kamoso le tahlehelo ya moputso wa hao wa matsatsi ao o neng o sa sebetse ka ona. Hape o na le tokelo ya ho mo qosetsa ho o tlotlolla hara batho.
O lokela ho qosa ba khampane ya bese eo a e kgannang - bona ba tla ba le tjhelete eo o e hlokang. Nyewe ya hao e a utlwahala empa o tla lokela ho fumana thuso ya leqwetha hobane ho tla hlokahala hore ho batlwe dipaki tse neng di le teng ha seo se etsahalang.
Tjhelete ya phaello
Nna le motswallaka re butse spaza shop mme ra lefa R2 500 motho ka mong ho reka thepa le ho renta. Kgwebo ya tsamaya hantle mme ra qetella re rekile ntlo eo re sebeletsang ho yona. Ntlo eo ya ngodiswa ka mabitso a rona bobedi. Ra bula lebenkele le leng hape lehlakoreng empa lona ra le rentisa. Tsohle tsa tsamaya hantle ho fihlela ke kenwa ke Lefuba mme ke dula sepetlele dikgwedi tse tsheletseng.
Ha ke kgutla ka fumana motswallaka a se a lelekile motho eo ya neng a hirile mme a kenya e mong. O hana ho mpha seabo sa phaello eo a e fumaneng tjheleteng ya rente. Na ha ke a lokela ho fumana letho tjheleteng eo. Nka etsa jwang hore ke e fumane-
JK, Port Elizabeth
lO tlameha ho fumana seabo sa tjhelete ya phaello. Empa qala ka ho tseba hore ke bokae eo ho buuwang ka yona. Kopa motswallao ho o neha dibuka tsa kgwebo, o bale hore o entse bokae ka nako eo o leng sepetlele.
Mohlomong ho bile le ditshenyehelo tse ding tseo a keneng ho tsona tse jwalo ka ho lefella ntlo, ha re etsa mohlala, kapa hona ho e penta kapa ho e hlwekisa. Tjhelete e setseng moo ke yona eo le arolelanang ka yona.
O ka boela wa kopa thuso ya setsebi sa ditjhelete, se o balle hore ho bokelleditswe bokae, ha sebediswa bokae le hore ho setse bokae, o tle o tsebe hore o mo qose ho o lefa karolo ya yona. O tla hloka thuso ya leqwetha ho bula nyewe. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
