sotho.1720.hair
TJHEBEHO E NTJHA,
ya selemo se setjha!
MORIRI
Tjhentjha tjhebeho ya hao ka wiki ena mme o tla bona phapang hanghang...
DIWIKI di o neha tokoloho ya ho ba mosadi ofe kapa ofe eo o batlang ho ba yena leha o batla ho shebahala jwalo ka naledi. Empa ela hloko, o se nke diqeto tseo o tla ikwahlaya ka tsona. Ho bohlokwa ho latela dintlha tse latelang pele o reka wiki.
1ETSA QETO: Pele o reka wiki nahana ka setaele seo o se batlang, mofuta wa moriri, boholo le mmala o tla o tshwanela.
2 Tjhelete: Sheba pele hore o tla kgona ho reka ya bokae. E entsweng ka human-hair e bitsa ho feta tse ding kaofela. Empa o kgona ho e ntlafatsa haholo ho feta mefuta e meng. Ha e otlolohile, o ka harahanya moriri wa yona ho ya ka ho rata ha hao. O e tjhentjhe mmala kapa o e kute.
3 RERA: Ha ho bonolo ho kgetha wiki e ntle mme hape ho nka nako, ha ho kgoneha buisana le molokise wa moriri, o utlwe maikutlo a hae. Eya lebenkeleng la diwiki moriri wa hao o hlwekile o bile o kanngwe hantle hore o tle o tsebe ho lekanya diwiki hantle.
4ITLHOPHISE: Ha ho kgoneha, tsamaya le khamera kapa o sebedise ya mohala hore o tsebe ho nka ditshwantsho mme o bone phapang. Kgetha e shebahalang e tlwaelehile ho feta haeba o batla batho ba tsamaye ba supana ka wena. Diwiki tse ding di hloka ho ntlafatswa hanyenyane hore di tshwanelane le sefahleho sa hao.
5TLHOKOMELO: Diwiki di na le ditaelo tsa tlhokomelo haeba ya hao e se na tsona, botsa ba lebenkeleng kapa molokise wa moriri bakeng sa ka moo o ka e hlokomelang ka teng. Ho bohlokwa ho latela dikeletso tsa tlhokomelo. Ha ba re o pheme mofuthu, se e futhumetse ka blow dry kapa tong hohang. Ha e hlatsuwa ka metsi a fofo, etsa jwalo ntle ho moo e tla senyeha.
6KGETHO E NTLE: Bongata ba barekise ha ba di dumele ha di kgutliswa, ka hoo etsa bonnete ba ho etsa kgetho e ntle. Ho na le wiki e ka tshwanelang mosadi ka mong, ka hoo iphe nako ha o kgetha ya hao. Re lekile tsena tse mmalwa. [s]
Pale: Faith Seuoe
Ditshwantsho: Ivan Naude
Moriri, mokgabiso wa sefahleho le setaele:
Faith Seuoe
Sebontshi: Nancy, G3
Afro e ntle
Tsena tsa afro di shebehala eka di ka rwalwa ha motho a jele koto empa nnete ke hore di loketse dinako tsohle ka ha di lokolohile hantle. Di loketse matsatsi ohle ha o sebetsa sebakeng seo o kgatholohang ho sona.
E otlolohileng
Diwiki tse ding di ka o neha moriri o molelele hanghang - o leketlele le ka mahlong ha o rata. O ka o tlama ka morao motsheare mme wa o otlolla bosiu. Kapa o bope lefito ka morao kapa lehlakoreng.
E kgutshwane
E ntle haholo bakeng sa ba qalang ho rwala diwiki ka ha ha e boima mme ho bonolo ho e tjhentjha ditaele. O ka e rwala e le tjena ha o eya mosebetsing kapa o e hule hanyane ka menwana kapa kama ho e tlisa mahlong, e ntle bakeng sa mekete ya maemo.
