sotho.171.cup (2)
Papadi e ntle e se nang dintlha
Jwalo ka
papadi ya bona
e bonahetse Jeremane,
dinaha tsa Afrika
ha di so bo fumane bokgoni ba ho hlaba dintlha
ka MARK GLEESON
ditshwantsho TOUCHLINE PHOTO
MAAFRIKA le ona a fihlile le mebala ya habo ona le dinoko tsohle ho tla natefisa dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe empa ha a ya fihlella ho makgaolakgang. Dibapadi tsa rona di na le setaele, di mafolofolo empa dinaha tse kang Cote d'Ivoire le Ghana di ikgapetse batshehetsi Jeremane leha Maafrika kaofela a ile a phakisa ho oroha.
Ghana ke yona feela naha ya Afrika e ileng ya fetela mokgahlelong wa bobedi wa mantshano moo ho neng ho se ho setse dinaha tse 16.
Papadi ya bona e ntle kgahlano le Brazil, e ile ya kgahla batshehetsi ba bona haholo, empa Black Stars e ka be e ntse e ile ya hlahela hoja ebe e ile ya sebedisa menyetla e mengata eo e neng e e nehwa ke Brazil mane Dortmund. Empa ba ne ba e senye ba qetella ba hlotswe ka 3-0.
Bokgoni ba ho phetha mosebetsi e sa ntse e le pharela dibapading tsa Afrika. Di na le setaele se setle, di kgona ho theha menyetla, ho hlasela le ho sesaseka bolo ka makgethe, empa dintlha ha di bonwe.
Kontinente ena ke lehlatsipa la ho se be le kwetliso e ntle le ho se rupellwe ha dibapadi tse nyenyane ka tshwanelo athe hape e na le pale ya ho senya menyetla ya ho fihlella maemo a hodimo a ditlhodisano. Ho se atlehe ha dihlopha tsa Afrika ho thefula lerato la batshehetsi la bolo.
BAKWETLISE le dibapadi ba tswa ba kena dihlopheng, e leng se etsang hore sehlopha sa naha se se kgone ho tlwaelana - ke ka hona ba sa kgoneng ho hlophisa maano a nako e telele mmoho.
Sehlopha sa Ivory Coast, ha re etsa mohlala, se bile le bomadimabe ba ho kenngwa sehlopheng se thata se nang le (Argentina, Netherlands, Serbia le Montenegro), athe ke sehlopha se setle seo ka nako e tlang se ka nnang sa ipeha maemong a hodimo. Naha ena hape e shebilwe ka a ntjhontjho hore e boele e kene le Mohopeng wa Lefatshe wa 2010 kwano Afrika Borwa.
Leha Ivory Coast e ile ya hlola papadi ya yona ya ho qetela kgahlano le Serbia Montenegro, ya ba sehlopha sa pele Mohopeng wa Lefatshe hore e re se latela morao ka lehe dintlheng tse pedi se boye sekwele mme se qetelle se hlotse papadi - empa mokwetlise wa sona, Henri Michel, o ile a siya sehlopha sena ho ya kena ho se seng se emeng hantle moruong sa Middle East.
Ghana le yona ho bonahala ekare e ke ke ya kgona ho boloka mokwetlise wa Serbia, Ratomir Dujkovic, leha a ile a se etsetsa mehlolo, a se kenya lekgetlo la pele Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA.
Ha Dujkovic a ne a fihla mane Accra ka Tshitwe 2004, sehlopha sena se ne se eme maemong a boraro, se hlolwa le ke Bafana Bafana, empa ka mora hore Dujkovic a bontshe bokgoni ba hae ba hore ha a hlolwe, Ghana ya ballwa hara dihlopha tse 32 tse neng di ilo bapala Jeremane, ya etsa seo ka ho shashara Afrika Borwa ha bohloko.
A kopanya dibapadi tse nyenyane mme a hlola Czech Republic le USA, empa a hloleha ho tswelapele. Sena se ile sa utlwisa Ghana bohloko bo tshabehang hobane tlhodisano ya Mohope wa Dinaha tsa Afrika o tla bapallwa teng ka 2008.
TUNISIA e tla dumella Roger Lemerre wa Fora ho tswelapele le sehlopha leha e bapetse hampe. Ba bapetse ka ho lekana le sehlopha se le seng feela dipapading tse tharo e leng seo ba dumelang hore se bakilwe ke ho lemala ha sekwankwetla sa bona, Francileudo dos Santos. Angola e neng e makatse ba bangata ka ho kena tlhodisanong ena, e motlotlo hobane bonyane e ne e bapale ka ho lekana makgetlo a mabedi, ya hloleha qetellong mane Jeremane e itekile leha ho ne ho sa lebellwa letho ho yona. Togo e ne e shebetswe tlase mme ya fela ya iphoqa jwalo ka ha ho ne ho lebelletswe.
Mathata a Togo a mangata a ne a se ka lebaleng, e ne e qabane le baokamedi ho tsekwa tjhelete ya bonase mme seo sa duka moya wa boinehelo dibapading. Lerato la tjhelete Afrika le senya boinehelo ba dibapadi. Dibapadi di nyatsa baokamedi ka manyofonyofo mme di qetelle di batla ho nyahlatsa mosebetsi ka nako ya ditlhodisano tse kgolo e leng se seng sa dintho tse neng di tene mokwetlisi wa Jeremane, Otto Pfister.
Afrika e shebile ho 2010 jwale mme ho lebelletswe dikgolo - empa ho ya ka seo re se boneng Jeremane, letshepa ha le yo hohang. [s]
BONA SESOTHO - September 2006
Re ya ho 2010
Ghana ke yona feela ya Afrika e ileng ya fetela mokgahlelong wa bobedi wa dipapadi mane Jeremane.
LE LETONA: Moustapha Salifou (le letshehadi) le Jean-Paul Abalo ba Togo ba nkankana le Thierry Henry wa Fora.
BONA SESOTHO - September 2006
KA TLASE HO LE LETSHEHADI: Mokwetlise wa Ghana, Ratomir Dujkovic.
LE LETSHEHADI: Aruna Dindane wa Cote d'Ivoire.
