sotho.1719.cafu
E a itseka Brazil
Cafu e tla ba pale
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GETTY IMAGES/
TOUCHLINE PHOTO
BONA SESOTHO - July 2006
Bang ba re ha a maemong a matle empa mokaubere ona o bapalang morao o hanyetsa puo eo mme o ikemiseditse ho bontsha banyefodi ba hae ka ho etsa mehlolo kgahlano le sehlopha sa Jeremane...
"Mokaubere" o moyeng wa papadi.
YA LLA phala, ya kgaola kgang ya seka-makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe kgahlano le Brazil le Turkey ka 2002, mokapotene Cafu o ne a kgefutse pele a hlobolela ba direng sekipa ho keteka tlholo pele a fela mahlong.
A nka ka sekaja ho ya phaposing ya ho tjhentjha a fihla a letsetsa mohatsae le bana ba hae ba bararo mohala.
''Re kene," ho boletse yena pele a se kgitla.
Cafu, ya neng a le dilemo di 32 ka nako eo, o ne a fihlelletse toro ya hae ya dilemo. Pele le Lothar Matthaus mohlomong ba bapalletse Mohope wa Lefatshe makgetlo a mararo empa ha ho ya neng a bapalle makgaolakgang makgetlo a mararo - Cafu yena o ne a lokela ho etsa jwalo Sontaheng se latelang seo kgahlano le Jeremane.
"Ke ne ke dule monyako wa phaposing ya rona ya ho aparela ka qoqela ba lelapa la ka ka moo ke ikutlwang ka teng," ho bolela yena.
"E ne e le meokgo ya thabo." Ba shebile Mohopeng wa Lefatshe wa Jeremane wa 2006, mme o ikemiseditse ho etsa pale...
O HLAHETSE Marcos Evangelista de Moraes, mohla la 7 Phupjane 1970, a qala ho bapala sehlopheng sa habo, São Paulo FC, ka 1988. Ba hapa Copa Libertadores ka 1992 le 1993. Ka 1995 a fetela Spanish sehlopheng sa Real Zaragoza, mme ba hapa Mohope wa Winners' Cup.
Cafu a fetela sehlopheng sa AS Roma ka 1997, ba hapa mohope wa Serie A ka 2001. Ke thatohatsi ya batshehetsi, o tsebisahala ka hore ke Il Pendolino ("The Express Train").
A fetela Milan ka 2003. A hlahella makgetlo a mmalwa feela sehlopheng sa habo sa naha maqalong a dilemo tsa bo 1990, a bapala le ka 1994 Mohopeng wa Lefatshe.
Ka mora ho lemala ha Jorginho ho makgaolakgang kgahlano le Italy, Cafu a kena ho tla tiisa mekwallo ya Brazil.
Brazil ya hlola ka 3-2 dipenaleng.Ka mora moo, a bapala kgafetsa sehlopheng sa Brazil mme ba hapa le Copa América ka 1997 le ka 1999, a etella sehlopha pele ho makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa 1998 moo ba neng ba hlolwe ke Mafora.
Ka mora ho kena Mohopeng wa Lefatshe wa 2002 o ditlhodisano tsa ona di neng di le thata haholo, Cafu ya ba mokapotene ka mora ho lemala ha Emerson, ba hlola Majeremane ka 2-0.
Ke e mong wa ba babedi feela ba neng ba nke tlotlo ya bompodi ba Mohope wa Lefatshe, e mong ke Ronaldo, ya neng a sa bapala hohang ditlhodisanong tsa Mohope wa Lefatshe tsa 1994.
Ka mora ho bapala makgetlo a 141 ka Loetse, Cafu a qala ho ba mokapotene wa sehlopha sa Brazil ka makgetlo.
O tla keteka letsatsi la hae la tswalo la dilemo tse 36 matsatsi a mabedi pele ho ditlhodisano tsa Mohope wa Lefatshe empa o re o se a ho loketse ho etella pele sehlopha sa habo mane Jeremane.
Dilemo ha di bolele letho ho ya ka yena. "Haesale ke ena le maikemisetso a maholo a ho ba mohlodi."
NTLE le hore o se a bapalletse sehlopha sa naha nako e telele hakaalo - ho ba sebapadi sa matjhaba ka Loetse 1990 ha Cafu - ho mo bitsedise dinyefolo.
Batshehetsi ba bolo ba bangata ba Brazil ba dumela hore ha a sa bapala hantle - empa ho ya ka setsebi se seng sa bolo "bonokwane bo teng feela dilemong tsena tse fetileng ke ba ho theoha ha papadi e ntle ya sehloha sa Brazil."
E ne e le e mong wa ba kang Carlos Alberto Parreira ba sa ratweng hohang leha ba ne ba hlole Mohope wa Lefatshe mane United States ka 1994, lapeng habo bona ho ne ho dumelwa hore ba lahlile moetlo wa naha wa juego bonito, e leng "papadi e ntle."
Ka mora moo a bapala papadi e nngwe le e nngwe ya makgaolakgang ka 1998, moo ba neng ba hlolwe ke Mafora, ao ho neng bapallwa habo ona. Ho tloha ka nako eo, ha tshehiswa ka yena Brazil, a nyatsuwa nako le nako ha dintho di sa tsamaye hantle sehlopheng sa naha mme sena sa namela le dihlopheng tse kang tsa Honduras le Australia."
MOKWETLISE wa hae le dibapadi tse ding leha ho le jwalo ba mo ema nokeng, ba re lebelo la hae le kang la Roberto Carlos le ba thusa ho fihlella maemong ao ba neng ba sa a lebella. Ronaldo o re: ''Re ithuta tse kgolo ho Cafu. Ke monna wa pele eo ke mo tsebang, wa boiphihlelo ba hae ya sa tswafeng ho kopa dikeletso ho rona. "Luiz Felipe Scolari yena o re: ''Nehelo ya hae sehlopheng jwalo ka mokapotene ke ya bohlokwa haholo."
Cafu a lemala lengole a ba a etswa opereishene ka Hlakola. Ngaka ya sehlopha sa Brazil, Jose Luis Runco, o re lengole la hae ekare la ngwana, le tla be le fodile ka nako ya ditlhodisano tseo. Cafu le yena o ikemiseditse ho etsa pale bolong. "Re na le sehlopha se hlwahlwa lefatsheng lohle mme bohle ba a tseba hore re tla hapa mohope ona empa hoo ha ho bolele hore re tla qhanolla," ho bolela yena.
"Ke na le tjheseho ya ho bapala ka matla ke hlahise boiphihlelo ba ka. Ke nnete ha ke kgone ho matha metsotso e 90 kaofela empa ke kgetha dinako tse ntle tsa ho etsa seo ke se tsebang ka bokgabane, ke yena eo.
"Ha ho makatse hore Majeremane le ona a ikemiseditseng ho re amoha sekola. "Jeremane ke sona sehlopha seo re se tshabang. Ha ke tsebe hore ba etsa jwang empa ba sulafatsa bophelo ba sehlopha ka seng seo ba bapalang le sona.
"Ke kgalla Italy, Holland le Argentina," ke yena eo, "empa nnete ke hore ke ikemiseditse hore Brazil e fihlelle ho makgaolakgang."
Eba ho tla fela ho be jwalo? Mahlo ke ana, re tla bona! [s]
KA HODIMO: "Ke dutse ke ena le tjheseho ya ho hlola," ho bolela Cafu. "
BONA SESOTHO - July 2006
KA TLASE: Cafu le mohatsae, Regina.
