sotho.1703.circumcision
BONA e a fuputsa
Ka lebaka la letsholo la twantsho ya HIV le EITSI, Afrika Borwa e ikemiseditse ho bolotsa banna bohle - ekaba ke ho fela ha lebolla la thabeng?
LEBOLLO ke moetlo wa kgale wa bontatemoholo, empa jwale dintho di fetohile, mmuso o kenelletse ho tla laola moetlo ona ka lebaka la bahwera ba hlokahallang mephatong. Kajeno, ngwana ya batlang ho ya lebollong, o se a tlameha ho fumana tumello ya batswadi. Leha batswadi ba ka dumela, ngaka e tlameha ho hlahloba maemo a bophelo ba hae pele. Ditumello tsena ka bobedi di a tsamaisana. Ka lebaka la maemo a teng matsatsing ana, ditsebi tsa bophelo bo botle di phephetsa diphetoho moetlong ona wa baholoholo ba rona. Ho bonahala ha mmuso o ile wa mamela sello sa ba tsa bophelo bo botle ka tsebe e lethwethwe.
Sebokeng sa boraro sa leano la mmuso la twantsho ya bohloko ba HIV le EITSI mmoho le mafu a tshwaetsanang ka thobalano le bitswang HIV, AIDS and STI National Strategic Plan 2007-2011 le sa tswa thakgolwa mona Thekong, ho phepheditswe hore banna bohle ba bolotswe. Baeti ba fetang 4 000 ba neng ba le sebokeng sena ba bile ntswe leng ntlheng ena.
Taba ena e hlile ha e jese banna ba bangata ditheohelang jwalo ka ha motho a tla tlameha ho utulla lekunutu la hae la hore o bolotse kapa tjhe. Ha se kgetlo la pele BONA e hatisa taba ya lebollo selemong sena, ka Hlakubele, re ne re bolele ka katleho ya leano le kang lena mane naheng ya Kenya le ya Uganda. Kajeno re bua ka Afrika Borwa.
Dipotso
Ena e bile yona potso eo ho ileng ha phehisanwa haholo ka yona sebokeng sena.
Ho tla etsahala eng ka moetlo ona wa baholoholo? Ho tla etsahala eng ho basadi? Lefapha la Bophelo bo Botle lona le tla kgona sena jwang?
Ho thwe sena se etswa molemong wa tshireletso tshwaetsong ya HIV.
Ho bolelwa ha lebollo le fokotsa HIV ka 60 lekgolong.
Leha taba ena e sa jese ba bang ditheohelang, empa e monate haholo ditsebeng tsa ba bophelo bo botle.
Le mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle mmoho le ba leano la twantsho ya EITSI Matjhabeng a Kopaneng le bona ba dumellana le sena.
Ditsebi tsena di rialo tlasa mabaka a mabedi:
Lebollo le tla sebediswa nakong ena eo ho ntseng ho tsongwa pheko ya HIV:
Lebollo le tlameha ho sebediswa mmoho
le tsona ditsela tse tlwaelehileng tsa ho itshireletsa tse kang dikgohlopo, botshepehi esitana le ho ila thobalano.
Ditsebi di dumela hore lebollo le tla nka karolo ya bohlokwa dinaheng tse hahlametsweng haholo ke HIV, moo ho bonahalang di-ARV di sa sebetseng hantle jwalo ka mona Afrika Borwa.
Dilemong tse leshome tse tlang, dibakeng tse haufi le lehwatata la Sahara mona Afrika, e leng moo ho phelang batho ba etsang 63 lekgolong palong ya batho ba phelang le bohloko ba HIV le EITSI Afrika, lebollo lena le tla thusa haholo.
Ka lona ho ka thibelwa ho tshwaetswa ha batho ba dimilione tse pedi ho thibelwe ho timela ha ba ka bang 300 000.
Ke mang ya tlamehang ho bolotswa?
"Banna bohle ba sa bollang ho sa natsehe dilemo tsa bona," ho rialo Profesara Bertram Auvert, setsebi le radipatlisiso wa UNAIDS. O re basadi ba tlameha ho tshehetsa leanong lena ka hore ba hane ho etsa thobalano le banna ba sa bolotswang.
Empa ha a bolele hore lebollo lena le tla nka sebaka sa mekgwa ena e tlwaelehileng ya ho itshireletsa, e leng dikgohlopo, botshepehi le ho ila thobalano.
Hona jwale, banneng bohle ba Afrika Borwa, ba 30 lekgolong ba bolotse. Empa he ho thweng ka bao lebollo e seng moetlo ho bona?
"Ha ho na le mabaka a utlwahalang, batho ba bohlale, ba a e fetola menahano ya bona," ke yena eo.
Nnete ke hore, ho na le naha e sa tswa fetola dintho tsa yona morao tjena. Ha re etsa mohlala, Korea, ho ne ho se na monna ya neng a bolotse ka 1940, re ngola tjena, ba 60 lekgolong ba bolotse.
Bana ba tla bolotswa neng?
Ho ka sebediswa tsela ya Majuta, ba bolotswe matsatsing a mmalwa ba hlahile, e leng nako eo ba sa tlo utlwa bohloko haholo ka yona. Ba bang ba boletse hore ba bolotswe pele motho a qala bophelo ba thobalano.
Empa he potso ke hore marena a tla e nka jwang taba ena jwalo ka ha lebollo le nkwa e le tsela ya ho kena bonneng?
Ho dumellanwe hore ho tla buisanwa le dingaka tsa setho tse iphedisang ka ho bolotsa, hore na jwale di se di tla iphedisa jwang.
Empa ba tlameha ho hlalosetswa hore di-ARV ha di molemo ho fella hobane ha di thibele tshwaetso. Re tlameha ho sebedisana twantshong ya bohloko bona.
Ekaba ho bolotsa ho molemo?
Dipalopalo di bontsha ha lebollo le fokotsa tshwaetso ka dipersente tse fetang tse 50. Empa he lebollo lena le ke se o sireletse mafung a mang a tshwaetsanang ka thobalano.
Kgohlopo e ntse e sebetsa. Ho dumella ho tshwaetswa ha bobebe ke mafu a thobalano, ke ho ipeha kotsing ya ho tshwaetswa le ke HIV.
Ho tshwana leha o ka etsa thobalano e sa bolokehang o so ka o fola hantle ka mora ho bolotswa, o ka nna wa tshwaetswa ke HIV ha bobebe.
Nnete ke hore lebollo ke e nngwe feela tsela ya ho itshireletsa thobalanong, ha le kene sebakeng sa o mong wa mekgwa ya tshireletso. Motho a le mong ho ba bararo ha a tsebe maemo a hae bohlokong bona ba HIV e leng ntho e sa amoheleheng.
Ho thweng ka basadi?
Setho sa sesadi se tshwaetseha ha bonolo haholo ke HIV mme ke ka hona basadi lefatsheng ka bophara ba tshwaetsehang ka bonolo ke HIV. Mona Afrika sena se etsahala haholo hobane teng ho sa ntse ho ena le banna bana ba kenang thobalanong ka dikgoka le mahahapa.
Dr Mickey Chopra wa Medical Research Council, le Dr Olive Shishana wa Human Sciences Research Council, ba bolela hore ka ho ya ka dipatlisiso, banna ba dilemo di 20 ho ya ho tse 50, ho sa natsehe hore ba nyetse kapa tjhe, ke bona ba etsang thobalano e sa bolokehang haholo.
Dipatlisiso di bontshitse hore basadi ba 81 lekgolong, ba rata ha bara ba bona ba ka bolotswa mme ba 69 lekgolong bona ba rata ha ho ka bolotswa balekane ba bona molemong wa tshireletso.
Ho tla bolotswa jwang?
Dingaka tse ngata di rata ha ho ka bolotswa ka mokgwa wa opereshene molemong wa ho theola kotsi ya tshwaetso ka HIV le ho shwa, e leng ntho e etsahalang kgafetsa mephatong. Sena se bolela hore ho tla ba le diopereshene tse ngata.
Banna ba sa bollang ba tlameha ho ya bolotswa ka opereshene ho fokotsa kotsi ya tshwaetso, mahloko esitana le ho tswa madi haholo.
Bana ba tla bolotswa ba sa le banyane ntle le haeba batswadi ba bona ba bolela ho hong.
Lefapha la Bophelo bo Botle le na le tjhelete e ekeditsweng, ho bolela Mark Bletcher wa National Treasury. Lebollo lena le tla bolokela lefapha tjhelete hobane ho tla fokotseha batho ba tshwaetswang ba tla hloka kalafo.
Ena hape ke e nngwe ya ditsela tsa hore banna le bona ba itlwaetse ho ya ditsing tsa bophelo bo botle jwalo ka basadi ba tlwaetse ho ya teng bakeng sa dithibelapelehi, boimana leha ha isa bana, ho bolela Rodney Fortuin wa Cape Town's EngenderHealth.
Re qetella ka ho reng
Re ka thaba ha banna bana ba sa bollang ba ka ithaopa ba lebe ditliliniking. Re rata ho utlwa bontata bana ba bolela ka bobona hore masea a bona a bolotswe pele a ntshuwa moo sepetlele.
Afrika Borwa ke naha e hlomphang meetlo ya habo yona haholo mme e e lwanele ha ho hlokahala hore e etse jwalo.
Ho na jwale motho ohle o ntweng kgahlano le bohloko bona. Re bua tjena bathong ba bane ba hlokahalang Afrika Borwa, ba dilemo di 15 ho ya ho tse 49, ba bararo ho bona ba bolawa ke EITSI.
Motho ohle o dumetse hore ha ho sa tla ba bobebe jwale ho arohanya banna bashanyaneng.
Hopola hore lebollo e ne e le lona phapang pakeng tsa banna le bashanyana. [s]
Lebollo e se e tla ba tlameho bophelong
BONA SESOTHO - August 2007
pale ka PATRICIA McCRACKEN
Mehla e fetohile, le dintho tse kang manyalo di fetotswe, ekaba phephetso ya mmuso ya ho bolotsa banna bohle e tlisa diphetoho moetlong ona wa kgale wa lebollo?
BONA SESOTHO - August 2007
u
Le molemo ka eng?
Lebollo le thusa monna hore a se tshwaetswe ka bonolo ke HIV nakong ya thobalano. Letlalwana lena la bonna ke lona le tshwaetsehang ha bobebe ke HIV thobalanong, ka hoo, le a tloswa. Ho ba teng letlalwana le leng le bobejana haholo le melang ka morao leo e leng lona le thibelang botona tshwaetsong.
t
BONA SESOTHO - August 2007
Basadi ba 81 lekgolo ba rata ha bara ba bona ba ka bolotswa
Ho thweng ka kalafo?
Ho na le diteko tse fetang tse 24 ditliliniking tsa dinaha tse fetang tse 20 lefatsheng ka bophara ho balwa le Afrika Borwa tseo ka tsona ho lekwang ho fumana pheko ya bohloko bona ba HIV. Ho bonahala ho se letshepa la ho fumana pheko pele ho fela dilemo tse 20 ho ya ho tse 25. Letshepa le teng ke la hore e tla re ho fumaneha pheko eo, ho tla be ho se ho fumanehile moriana o bo kokobetsang mme le ba tshwaeditsweng ba hlaphohelwe.
"Ke a dumela ke monna ya motle..." - empa o na le balekane ba bangata, ha a itshireletsi le thobalanong, sena se bonahala e le e nngwe ya ditsela tsa ho hasanya kokwanahloko ena ya HIV/AIDS.
u
DITSHWANTSHO © 2007 The Population Council, Inc.
t
BONA SESOTHO - August 2007
Basea a tla bolotswa a sa le manyane
Ho thweng ka microbicides?
Microbicide ke tsona tse thibelang tshwaetso, ho hlalosa ba ha Global Campaign For Microbicides. Tse ding tsona di kgona ho thibela ho hasana ha tshwaetso ha e se e kene mmeleng.
O ka sebedisa yona bakeng sa ditlolo tse ding tse neng di sebedisetswa ho thibeleng ho hasana ha HIV le mahloko a tshwaetsanang ka thobalano.
Empa he diteko tsa di-microbicide tse neng di qalwe mathwasong a selemo sena, di ne di emiswe hobane di ne di hlile di sa sebetse hantle.
Ba dipatlisiso ba bolela hore ho sa ntsane ho tla fela dilemo tse leshome kaofela pele microbicide e ka qala ho sebediswa hape. Ha di se di sebetsa, di tla ba molemo basading bao balekane ba bona ba hanang ho sebedisa dikgohlopo. Sena se tla ba sireletsa tshwaetsong feela, e seng ho imeng.
Tse ding ditsela
Dikgohlopo ke tsona tse tswang pele, empa ho ntse ho na le ditsela tseo "basadi" ba ka di sebedisang. Dikgohlopo tsa basadi di teng, empa ha di fumananehe ka bonolo - hape ha ho bobebe hore basadi ba bue ka tsona. Ho ntse ho etswa diteko mona Afrika Borwa tsa hore mokgwa wa kgale wa diaphragm, o boele o sebediswe ho thibela tshwaetso ya HIV.
Ho ka ba bohlokwa hore e sebediswe jwalo ka ha dinama tsena tsa molomong wa popelo di le boi haholo mme di tshwetseha ka bonolo.
