sotho.107.parenting
Ente ke eng?
Ke ha motho a sireletswa kgahlano le tshwaetso e ka nnang ya mo bakela mafu ka ho nweswa moriana o monyenyane.
Meriana ena e thusa mmele hore o tsebe ho ntsha ka matla disele tse tla thusa twantshong ya mafu le pele a ka kodisa motho.
Sena se bolela hore tshwaetso e hlasela disele tse sireletsang mmele.
Ho bohloko?
Ente e bohlokonyana - maseeng, baneng le bathong ba baholo - ka hoo, dumella ngwana hore a lle ha a ikutlwa ho etsa jwalo empa mo kgothalletse ho tiisetsa hore a hlajwe.
Ngwana a ka nna a tshoswa ke batho ba bangata le ho utlwa bana ba bang ba lla. Mo koeetse, o mo kgothatse, a hlokomele hore tseo tsohle ke lefeela.
Ho mo lebatsa ka ho mminela ka nako eo nale e lokiswang ho ka nna ha mo thusa.
E na le ditlamorao?
O ka lebella:
Feberu
Ho tefa
Ho opelwa karolong e entilweng.
Mo alafe jwalo ka ha a kenwe ke mokgahlane o tlwaelehileng ka ho mo nwesa paracetamol syrup, o mo hlokomele haholo, o mo ake.
Ha a hlokofala haholo, mo ise ngakeng kapa tliliniking hore a alashwe a tsebe ho tswelapele le diente tse ding hape.
Ente ke eng?
BCG (Lefuba):
E rehelletswe ka mothehi wa yona, Bacille Calmette-Guerin mme bana bohle ba hlahetseng SA ba tlameha ho fumana BCG hang ka mora tswalo. Ka mora dikgwedi tse tharo, haeba ho se ho sa bonahale moo ho entilweng teng, lesea leo le lokela ho phetwa hape.
OPV (Oral Polio Vaccine):
O nweswa lerothodi la moriana ka mora tswalo, ha a le dibeke di 6, di 10, di 14, leha a le dikgwedi di 18 le ha a qeta dilemo tse hlano. Marothodi ana a na le kokwanahloko ya polio e hlapollotsweng.
o DPT (Diptheria, tetanus le pertussis kapa mokgokgothwane le DT (Diptheria le tetanus):
Diptheria ke lefu le tshwaetsanang haholo mme ngwana o ruruha mahanana le mmetso, a kwalehe dinko le mmetso, hoo a qetellang a hema ka thata. Bohloko bona ba mmetso, bo kotsi, bo bakelwa ke dikokwanahloko tse fumanehang mobung, leroleng le metsing. Kokwanahloko ena e kena mmeleng ka leqeba ha motho a ena le lona mme e ntshe tjhefo e honyetsang mesifa. Mmetso ke lefu le sa kgetheng dilemo baneng mme le matla ho ba banyenyane. Mokgokgothwane ona o bakelwa ke dikokwanahloko tse utlwisang methapo ya ho hema bohloko mme o kotsi haholo maseeng a so kang a qeta kgwedi hobane o etsa hore a heme ka thata.
o Hep BV (Hepatitis B):
Hepatitis B ke lefu le kotsi haholo le amang sebete le sa alafeheng, le ka nnang la bolaya ngwana kapa la mo kgathatsa leha a se a le moholo. Naheng ya Afrika lefu lena le matla mme ke ka hona bana ba tlamehang ho le entelwa.
o Hib (Haemophilus influenza group B) kapa meningitis:
E sireletsa ngwana kgahlano le mafu a mangata haholoholo la hlooho e matla e bakelwang ke ho ruruha ha letlalwana la boko le la lesapo la mokolla.
o Measles/MMR (Measeles, mumps le rubella kapa German measeles):
Mmokonyane ke lefu le tshwaetsanang haholo le bakelwang ke kokwanahloko mme le lona le bohloko ebile le kotsi haholo bophelong ba bana, ke ka hona ba lokelang ho le entelwa ha ba le dikgwedi di robong, di le 15 leha di le 18.
Hlalefa...
mo ente!
Efa ngwana wa hao mpho ya bophelo ka ho netefatsa hore o fumana diente tsohle le hona ka nako e loketseng
BONA SESOTHO - April 2008
LENANEO LA ENTE
DILEMO
BCG
OPV
DPT
Hep BV
Hib
Mmokonyane
DT
Tswalong
P
P
6 dibeke
P
P
P
P
10 dibeke
P
P
P
P
14 dibeke
P
P
P
P
9 dibeke
P
15 dibeke
P
18 dikgwedi
P
P
P
5 dilemo
P
P
BONA SESOTHO - April 2008
BOTSWADI
tse 10 tse monate ka ho ba le ngwana
1 Ho tloha o bolela hore o imme, bohle ba qoqa le wena ka tsa boimana mme ba etse hore o ikutlwe o le motho wa bohlokwa. O tla tsotelleha - natefelwa ke hona!
2 Molekane wa hao le yena eba e mong wa bona. Ha le rerile ngwana eo, le tla thaba hobane le tla be le nkile bohato ba pele ba ho fihlela e nngwe ya ditoro tsa lona. Hona ho tiisa dikamano tsa baratani ba bangata.
3 Ho itlhokomela boimaneng, o hloka ho kgatholoha. O iphe nako ya phomolo, o intshe, o paqame o phahamiseditse maoto hodimo mme o natefelwe le ke ho shebella difilimi tsa marato.
4Basadi ba bangata ba rata ho reka mme jwale o na le motho ya hlokang ho rekelwa diaparo. Eba sedi ha o reka, o hopole hore le ba bang ba sa ntse ba tla o rekela dimpho ha o qeta ho beleha.
5 Ha ho motho ya nang le dikeletso tse ntle boimaneng ho feta tsa mmao. Ke mohlodi wa tsebo le dikeletso tsa nnete, mme o tla dula a o tshehetsa. A boele a o thuse ho hodisa bana. Thabela thuso ya hae.
6 Ho raha lekgetlo la pele ke seo baimana ba bangata ba tatelang ho se utlwa. Ke tiisetso ya hore tsohle di tsamaya hantle, leha ka nako e nngwe ho sa be monate empa baimana ha ba kgathatsehe!
7Kgetha lebitso. Ela hloko...ke bohato ba pele ba ho supa tsela ya ngwana wa hao.
8 Ka mora ho beleha, o tla makala ka moo o tlang ho ba le metswalle e mengata ka teng. Le tla eletsana le thusane hantle jwalo ka ha metswalle e etsa.
9Ho monate ho kgutlela hae le lesea la hao ka mora ho beleha. Ha le sa le baratani jwale le lelapa.
10 Mo phuthele! Monate o mokaalo, ha o se o phuthela leseanyana la hao - o ka boela wa batla eng hape!
u
t
Ho bapalla...
boithabiso!
Ho bapalla sehlopha sa sekolo, ho lokela ho etsetswa mabaka a matle
DIPAPADI ke karolo ya bohlokwa bophelong ba rona SA. Boemo ba lehodimo bo botle, re na le neo e ntle...re shebile 2010 ka mahlo a matala.
Lerato la dipapadi le qala sekolong, empa ke ngwana ya lokelang ho ikgethela, e seng motswadi.
Mme wa Dumi o batla a sese sekolong hobane o re ho bohlokwa ho tseba ho sesa athe ntatae yena o batla a bapale bolo kapa rugby. Mmae yena o batla a se bapale rugby hobane o tshaba hore a ka nna a lemala. Dumi yena seo a se batlang ke ho ithabisa, ke phetho!
Boithabiso ke motheo wa ho kgothalletsa ngwana ho natefelwa ke dipapadi. Kgothalletsa ngwana ho bapala empa o se mo hatelle.
Bana ba bang ba thabela ho shebella mme ba kgothatse metswalle ya bona ha e bapala. Selemong se tlang mohlomong ba ka nna ba fumana monyetla wa ho kena sehlopheng.
Tseo o ka nahanang ka tsona...
n Ho bapalla sehlopha ho o thusa ho ba le dikamano tse ntle le batho ba bang. Ngwana a ka nna a ba le bokgoni bo botle bolong empa ha dibapadi tse ding di le siyo, bokgabane boo bo ke ke ba hlahella. Setho sa sehlopha se tseba ho tshwarisana le ba bang bakeng sa katleho. Bokgoni ba tshebedisanommoho e ntle bo qala moo.
n Ha ba hlolwa teng! Ha a tseba ho thaba leha ba hlotswe mme a natefelwe ke papadi, hoo ho bolela hore ke bahlodi kaofela.
n Ho bapala ho thusa ngwana ka boikwetliso, ho feta hore a dule a shebelletse TV.
n Ngwana ha a na tseba papadi a e ratang ntle a leke ho e bapala. A ka nahana hore o tla ba hlwahlwa karateng empa ka mora ho e bapala makgetlo a mararo feela, a bone hore o itshenyetsa nako. Ha ho phoso - bonyane o itekile. Empa se etse phoso ya ho mo nyahamisa pelo nako le nako ha a batla ho leka e nngwe e ntjha. Ke sona se tla o kgathatsa moyeng, se o senyetse tjhelete, o be o qabane le yena. Ela katleho ya hae hloko, ha ho hlokahala, mo rekele diaparo tse seng di sebeditse tsa boikwetliso ho fihlela o reka tse ntjha ha a se a kene motjheng.
n Se mo hatelle ho bapala papadi e itseng hobane motswallae a e bapala. Ke ha batswadi ba qala ho etsa ditlhodisano ka bana mme ba bapadisetswa mabaka a sele.
n Ha se dinaledi tse ngata tsa dipapadi tse qadileng ho bapala ho tloha bonyenyaneng. Ba bangata ba qadile dipapadi ba le dilemong tse ka tlase ho 20.
BONA SESOTHO - April 2008
BOTSWADI
"Se hatelle ngwana ho bapala sekolong. Ke ne ke se jwalo...ke ngwana ya lokelang ho ba le lerato la papadi e seng motswadi. Etsa hore ebe boithabiso. "
-Tiger Woods
u
t
MOTJHESO wa mmele wa ngwana o pakeng tsa 36°C le 37°C. Motjheso o ka hodimo ho 37,5°C o nkwa e se e le mokgohlane. Mokgwa o bonolo wa ho utlwa motjheso wa ngwana ke wa ho sebedisa thermometer, empa ho na le seetswa se seng se ka sebediswang se bitswang fever strip.
Ha motjheso wa lesea o fihlella ho 40°C kapa ka hodimo ho moo, ikopanye le ngaka hanghang.
Ke tsena tse ka o thusang ho theola motjheso:
Boloka ngwana a phodile, ka ho mo hlobodisa ha ho kgoneha.
Mo robatse ka phaposing e phodileng moo ho sa keneng moya.
Mo kenye bateng ya metsi phodileng kapa o inele sepontjhe metsing mme o mo thobe ka sona phatleng.
Kgothalletsa ngwana ho nwa metsi a mangata le dino.
Moriana wa masea wa paracetamol o a thusa ho theola motjheso empa a nweswe ho latela ditaelo tse ngotsweng pakaneng kapa ho ya ka moo ngaka e boletseng.
BONA SESOTHO - April 2008
Alafa
mokgohlane
NA O NE O TSEBA?
Ho ya ka dipatlisiso, e ka ba 10% feela ya masea a pakeng tsa dikgwedi tse 6 a kgonang ho robala bosiu kaofela.
O ka bala hore ngwana o tla ba bolelele bo bokae ha a se a hodile ka ho kopanya disentimitara tsa bolelele ba ntatae le ba mmae. O di arole habedi mme o kopanye le 7cm ha e le moshemane, o ntshe 7cm ha e le ngwanana.
BOTSWADI
Mokgohlane baneng ke kgathatso batswetseng ba bangata. Ke tsena dikeletso tse hlano tse ka o thusang ho o alafa
Lema sefate sa hao se MOLEMO
O KGATHATSEHILE. O se o kopile, wa laela, wa ikokobetsa, wa halefa, wa ba wa tshepisa thupa. Empa ho bonahala ekare ha ho katleho hohang ya hore ngwana wa hao a dumele ho etsa seo o mo laelang sona... Phutha dintho tsa ho bapala ha ho etswa mosebetsi wa sekolo, a borosole meno mme hape a o thuse ka mosebetsi wa lelapa.
Ke hona mona moo "sefate se molemo" se kenang. Rala sefate se seholo pampiring.
Rala diapole tse 20 ho sona kapa dilamunu, o se ke wa di etsa mebala. Di kgorametse ka phaposing ya hae ya ho robala kapa sehatsetsing.
Nako le nako ha a entse mosebetsi wa sekolo hantle, a borosotse meno kapa a entse eng feela eo a neng a lokela ho e etsa, a dumellwe ho kenya mmala setshwantshong seo sa tholwana.
Ha di se di ena le mebala kaofela, a fumane moputso (oo le dumellaneng ka ona).
Maikemisetso ke ho fedisa mekgwa e mebe empa batswadi, hlokomelang! Sebedisang sefate sena se molemo ka hloko. Bana ba bang ba bohlale mme ba ka se sebedisetsa molemong wa bona, ka ho hlapa, le ho etsa dintho tsohle tseo a neng a tlameha ho di etsa ntle le ho lebella ho putswa ka tsona!
