sotho.169.katlego
Katlego o a fola
Ke
fodile!
BONA SESOTHO - June 2007
Ho hlaselwa ka thipa ke senokwane ho ne ho tiise pelo ya Katlego Danke empa o pelo e nolo karolong eo a e bapalang ho Generations mmoho le moratuwa wa hae Rantebeng Makapan
O NE A tshose setjhaba karolong ya Keketso, mosadi ya neng a hlanya ho Backstage. Empa Katlego Danke o re ha ho karolo eo o ka e bapalang e ka o thusang ho lebella ho hlaselwa bophelong ba hao ba nnete.
O re o a thothomela ha a hopola bosiu ba mohla senokwane se mo siyang a dutla madi ka mora ho mo hlaba ka thipa ka hodima leihlo. Ho bua nnete, jwalo ka ha leqeba la hae le se le fola, ke hona a qalang jwale hore a se ke a dumella bonokwane ho mo tetebetsa moya le ho senya bophelo ba hae.
"Nke ke ka bua letho ka taba eo ha jwale hobane e matsohong a sepolesa," ho hlalosa yena. "Hape ha ke rate ho bua ka yona - ha ke batle ho dumella moya o mobe ho senya bophelo ba ka. E, ho a tshosa empa ke ntho e etsahalang bathong ba bangata. Ke lehlohonolo hobane le leqeba la ka le a fola."
Le ba ha BONA ba ne ba iponele mohla ba kopanang le Katleho. Leqeba la hae le ka hodima leihlo le fola hantle. Ha a sa tshaba letho jwale hobane o dutse a ena le sehanyata se Rantebeng, se a mo aka mme se mo tiisetse hore ha ho letho le tla mo atamela.
Katlego le Rantebeng ha ba se mosebetsing, ke metswalle ya sebele, ba a tshehetsana ke ka hona le mosebetsing ba kgonang ho sebetsa ha monate. Empa leha ho le jwalo ha ho moo mathata a leng siyo.
Bophelo ba bona bo sentswe ke batho bana ba sa kgoneng ho utlwisisa phapang pakeng tsa dipapadi le bophelo ba nnete jwalo ka ha e le Dineo le Thomas ho Generations ba shebellwa ke dimilione tsa babohi. Bonneteng, Katlego le Rantebeng ba ne ba sa kgone ho itshwara hore ba qete mosebetsi ho TV.
"Ha ke rate ho bapala karolo ya ho ratana ho TV. Ke thabela karolo eo ke lwanang ho yona ho feta ho ratana le ho nna ke sunwakaka!" ho bolela Katlego. Ho nkile dikgwedi tse 10 pele lerato lena le hlahella ho TV. Empa eitse ha sephiri se fihla ditsebeng tsa rakgwebo ya pele Kenneth Mashaba, ka mohatsae le morahae ya ratang basadi, a kwala ditjhelete tsa hae tseo ba neng ba ithabisa ka tsona.
"Haesale ke qala ho bapala ho Generations ho tloha ka Phato ngwahola ke phela ka ho hlekefetswa ke babohi. Ba tenwa ke ka moo Thomas a lelekisanang ka teng le Dineo. Ba a mphoqa ba re: 'O ka etsa jwang lehlatso le lekaalo"' Ba dutse ba lebelletse ka thata hore ke utlwiswe bohloko. Ba ne ba re paqe ha monate. Ke se ke tla dula ke rwetse kepisi hore batho ba se mpone ha bonolo!"
Metsi a belang
"Babohi ba bang ha ba mpona ba re: 'Wena o ngwana ya seleng hampe, o a tseba, Dineo!'" o boletse jwalo Katlego a bile a tsheha. "Ba bona hantle hore ba mpaqile, ba emetse feela hore ke tshwarwe, ke tshelwe ka metsi a belang, ke tsebe ho sotleha. "
Le nna jwalo ka sebapadi, ke tatetse ho fihlella karolong eo. Ho bona mosadi enwa ya ipatlang mafureng a tshwarwa ka mora dikgwedi tse ngata a thabetse ho phela ka bolotsana ho a thabisa!
Leha Katlego a thabela ho bapala karolo ya Dineo, empa o re ha a tshwane le yena hohang. Bophelong ba hae ba nnete o ne a ke ke a lahla monna ya mo ratang hakaalo, a mathe ka mora Thomas.
"Dineo ke mosadi ya ratang banna ba babedi," ho bolela yena. "Hoja ebe o ne a bapala ka bona jwalo hobane feela a batla ho ithabisa, karolo ya hae e ne e tla ba monyebe. Babohi ba kgathatseha haholo ka yena hobane ba tseba tshotleho ya hae."
Rantebeng le yena o bona Thomas ka mokgwa o jwalo. "Di tloha feela ha nka ba ka bapala karolo ena jwalo ka ngwana wa morui ya tefiswang," ho bolela yena. "Re a lekana ka dilemo mme hape bobedi re Batswana. O rata Dineo feela ha a na taba ka se tla etsahala ka mora moo.
"Ntle ho moo, ke mohlankana ya nang le boikarabelo, ya tsebang ho phela ntle ho ditjheletehadi."
Dikarolo tse thata
Ho ne ho le thata batjheng bana, ba sianang haholo ka seemo. Ka nako e nngwe o ne a tlameha ho kakasa Dineo ha a batla ho mo suna ka lebaka la bokgutshwane ba hae.
"Ba ne ba hana ho nneha lebokose leo ke tla ema hodima lona mme ho ema ka ditsetsekwane ha ka ho etsa hore dikamano tsa rona di shebehale ekare tsa nnete," ho bolela Katlego.
"Ha o kgone ho iketsisa. Ha lerato la lona le sa bonahale mahlong, babohi ba le bona hantle.
"Ha ke rate hore seo se etsahale empa ke etsa matsapa ohle a ho lebala ka bophelo boo ka mora mosebetsi."
Ha a se mosebetsing, o apara di-jean le dikipa, diaparo tsa kakanyo le mekgabiso ya sefahleho ha a batle le ho di bona. "Ke motho ya monyemo haholo mme ke ka hona le batshehetsi ba sa atiseng le ho ntlhokomela," ho bolela yena.
"Ke kgona ho tjhentjha ke se be seo ke leng sona ho TV mme hape ha ke ithorise ka seo. Sekolong ke ne ke tsebisahala ka bobe empa ke rata ho dula hara banana ba batle hobane ba ne ba ratana le bahlankana ba pele."
Menyetla yona" Katlego, ha a kgahlwe ke menyetla e tsamaisanang le mosebetsi wa TV. Ha a rate ho dula a hlahella ditabeng mme o sa ntse a intsha le metswalle ya hae ya kgale ya sekolong.
"Ho a makatsa hobane ka nako eo ke neng ke etsa dithuto tsa drama, ke ne ke rata meketjana haholo mme re dutse re nahana ka se tla etsahala ha re se re bapala difiliming tse pele tsa TV.
"Empa le kajeno ke sa ntse ke kganna koloi eo ke neng ke e reke ha ke qala ho sebetsa. Ke dula foleteng, ke a iphehela."
Ditlelapong, batshehetsi ba banna ba mo bitsa ka mona le ka mane. "Bang ba kopa hore ke ba kenye ho Generations le bona ba bapale. Ha ho bonolo jwalo ka ha ba nahana. Ke ithutile drama dilemo tse tharo hore ke fumane sekgeo sa ho bapala difiliming empa bona ba nahana hore ha ba fumane nomoro ya motho ya mohala ho fedile." [s]
KA HODIMO: Jwalo ka ha re ne re tlamehe ho hatisa ditshwantsho tsena mohla Letsatsi la Malapa, mohlophisi wa BONA, Force Khashane o ile a tla le bana ba hae: (ho tloha ho le letshehadi): Thuli Khashane (10), Force Khashane, Maphoko Khashane (6), setsebi sa setaele: Thandi Mngqibixa, mokgabisi wa sefahleho: Faith Seuoe, Khashane Khashane (13), Rantebeng Makapan le Katlego Danke.
pale ka DOUG GORDON & PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka IVAN NAUDE
setaele ka: THANDI MNGQIBIXA
moriri le mekgabiso ya sefahleho: FAITH SEUOE
mohokahanyi: PATRICIA McCRACKEN
diaparo tsa setshwantsho sa kantle le dintho tsa ho ikgabisa: Fashion Studio
BONA SESOTHO - June 2007
KA TLASE: "Ke rata setshwantsho seo!" ho boletse Rantebeng ka boswaswi.
Katlego: mose: Lojas de Moda; reng: Fashion Studio; Rantebeng: top Fashion Studio; jean: ke ya hae; dieta kaofela: Europa Art
u
t
Leha a ne a le mobe, o a ratwa kajeno
"Difiliming ke rata ho lwana ho feta ho nna ke sunwakaka!" ho bolela Katlego - empa jwalo ka sebapadi, ha ho boikgethelo.
BONA SESOTHO - June 2007
Rantebeng o hlwa mekwalaba
Bophelo ba Rantebeng Makapan (29) bo ne bo qale ho tjhentjha ho tloha ka nako eo a neng a qala ho bapala difiliming tse kgolo.
"Ha ke motho wa mokgatlo, ke itulela foleteng Sandton. Ke ne ke hlola ke iketse mabenkeleng ho ya reka bohobe empa haesale ke kena ho Generations ha ke sa kgona.
"Batshehetsi ba dutse ba batla ho bua le nna ba mpotsa ba re: 'Helang Thomas, e kae koloi ya hao ya majabajaba"'"
Ha a ba nyatse ka seo. Le yena haesale a rata difilimi tsa marato ho tloha ka nako eo ho neng ho sa ntse ho bapala bo Sello Maake wa Ncube (Archie Moroka).
"Sello o bile le tshusumetso e kgolo ho nna mosebetsing ona," ho bolela Rantebeng. Yena le Katlego ba phetaphetha karolo ya bona pele e ka hatiswa. Re a lekana empa o na le boiphihlelo bo boholo ho TV ho mpheta. Ke ne ke hlola ke mo shebelletse ho Backstage, ke kgahlwa ke ka moo a bapalang ka teng".
"O se a mpitsa 'Ran' jwale mme nako le nako o hlaha le mehopolo e metjha ya ho etsa hore karolo ya rona e be monate."
"Katlego ekare ke mokwetlise wa ka," ho bolela Rantebeng. "O na le maikutlo a matle a ka moo nka natefisang karolo ya rona ka teng."
Katlego: mose: Lojas de Moda; dikausi le masale: Fashion Studio; Rantebeng: top Fashion Studio; jean: ke ya hae.
