sotho.1698.letters
RE NGOLLE
Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fax: 031-912-2720 e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso leo e seng la nnete bakeng sa phatlalatso empa re ngolle la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatalatso.
Tshepo Mzansi
Pele-a-pele ka mamello! Pele-a-pele!
KE HOTSE ka thata hobane ke le motho ya motsho, e ne e ka ke mokgelo. Bohle ba ne ba re ha ke monna wa sebele. Mohlomong hobane ke holetse lapeng le neng le se na motho wa mosadi. Ka nako eo taba ya botabane e ne e sa tsejwe hohang.
Leha matitjhere a mang a ne a leka ho ntshireletsa, a mang a ne a dumellana le barutwana ka hore ke setabane. Ba bang ba nkotla nako le nako ba re ba batla ho ntiisa pelo, ke be monna wa sebele.
Ho boetse hape ho na le bashanyana ba bang ba nthatang, ba iketsa metswalle hobane ba bona ke ferekane.
Ke hopola ka le leng e mong a ntshuna, mohla ho neng ho kwalwa dikolo mme a ntakaletsa mahlohonolo a bokamoso. Ka qala ho hlokomela ka moo a neng a ntsotella ka teng.
Ka mora moo ka ya lebollong ka leka ho phela ka mokgwa o tlwaelehileng empa hohang ha ho thabo.
Ke badile pale ya ditabane (Phato 2007) mme ka utlwa bohloko.
Ke kgathatsehile ka maemo a botho ba ka mme ke ne ke thabe ho hlokomela hore setjhaba sa Mzansi se kgantshetsehile. Ho a thabisa ho bona hore re ka kgona ho mamellana.
BONA, ka ho nna e ngola dipale tsa mofuta ona, ho tla thusa ho kgothatsa le ba bang hore re itlwaetse ho phela mmoho. Modimo O le hlohonolofatse!
Vuyolwethu Mfumbe, Mossel Bay
BONA
Ohhh, BONA, o naledi e kganyang. O motswallaka. Ke natefelwa ke ho paqama le wena. BONA, ke tla dula ke o rata. Ke a leboha ka ho dula o le teng ha ke o hloka!
PL, Soweto
Tse tshosang tsa 2010
E fedile nako, 2010 e fihlile mme maemo a bolo sehlopheng sa naha a a swabisa! Ho re nkile dilemo tse 14 re leka ho lokisa le jwale re sa maketse hore ho etsahetseng ka ntshetsopele ya bolo? Re tla fetoha ditshehisa e le ka nnete!
FB, Boipatong
Ho baithuti bohle ba materiki ba 2008
Thuto ke tshiya ya setjhaba se atlehileng. Ntle ho thuto ha re letho.
Ditholwana tsa hosane, di jalwa kajeno, mme ditholwana tseo, ke thuto.
Ke lakaletsa baithuti bohle ba materiki ba 2008 katleho le mahlohonolo ditlhahlobong tsa bona - le bokamosong ba bona, ke re ba itlhokomele, ba pheme meleko e ka nnang ya ba kenya tsietsing.
Johannes Mlangeni, Sebokeng
Na OBE e fela e sebetsa?
Na ha se nako ya hore re shebe leano le leng la thuto le ka re tswelang molemo ho feta lena la (OBE)? Ho fedile dilemo jwale, re sebetsana le lona empa ha ho katleho, ke sefe seo re se lebelletseng ho lona?
Ke ikutlwa ke bile lehlohonolo ka ho pasa materiki pele le kenngwa tshebetsong. Di ne di le ngata diphoso ka leano leo la kgale empa di ngata dintho tseo re ithutileng tsona.
OBE e bonahala ekare e na le molemo ha e hlaloswa empa ha e se e kenngwa tshebetsong, o bona hantle hore matitjhere a tla tshwana le bahlokomedi ba bana. Le bana ba nkwa ba hodile ho lekana hore ba ka kgona ho ikgethela dithuto tse ba di batlang.
OBE e hloka ho boela e shebisiswa ka pele le hona ka ha re tobane le maemo a mabe a ho hlahisa setjhaba se nang le thuto e maemong a tlase haholo.
Joseph Thabiso,
Bloemfontein
Sebedisa kelello ya hao
Kelello ya hao e tjhatsi e ka o beha maemong a matle. Ke sebetsa sa hao empa e tla ba mafome mme e fokole ha o sa e sebedise ka mokgwa wa boikarabelo. Ntho ya bohlokwa ke ho nka boikarabelo ba bophelo ba hao! Ho fumana thuto e maemong a hodimo mme o sebetse ka matla ho phethisa ditoro tsa hao.
Andrew Noge,
Jukskei Park
Ithate!
Ba bangata batho ba sa thabeleng seo ba leng sona. "Hoja ke ne ke le molelele," "Hoja ke ne ke le mokgutshwane," ba bang ba lla seo. Bang ba lla ka hore ba nonne, ha ba bang ba re ba basesane jwalojwalo.
Ha re a thaba hobane re dutse re lakatsa ho tshwana le batho ba bang. Tseba hore o ke ke wa ba le dintho tse ntle feela. Ithate mme o ikamohele o le seo o leng sona.
Seemo le letlalo la hao ha se tsa bohlokwa ho o hlalosa. Botle ha bo tsamaye ka boholo ba diaparo tsa hao! Tiisa karolong eo o leng matla ho yona, ikamohele mme o tla ipona, o tla ba motle, hape o ratehe.
PN, Randfontein
Iketsetse
Jwalo ka motjha, ke rata ho kgothaletsa batjha ba bang ba Maafrika Borwa hore ba eme ka maoto, ba iketsetse dintho ka bo bona! Ke nnete, re na le dintho tse ngata tse re sitisang, tse kang leqeme la mesebetsi empa dipatlisiso tse nyenyane di ka re thusa hore re hlokomele menyetla e metle eo mmuso o re thehetseng yona ho re ruta bokgoni ba mesebetsi mme re e sebedise.
A re sebediseng mekgatlo e kang Jipsa, Asgisa, National Youth Services le e meng hore re tsebe ho atleha. Ho molemo ho ena le ho dula feela.
TM, Phalala
Lerato kapa tjhelete?
Lerato le fedile. Ke kgathatseha ka batho ba dumelang hore lerato le itshetlehile tjheleteng. Ke mang ya qadileng eo taba?
Re phela lefatsheng leo ho dutseng ho sebeletswa ho nyolohelwa maemong a hodimo. Tjhelete e se e laola bophelo ba rona mme re lebetse le dintho tsa bohlokwa, jwalo ka hore lerato la nnete ha le na dipehelo, le thabo ya ho amohela dintho tsa bohlokwa bophelong.
Empa kajeno ha o sa kgona ho bona le mohla motho a buang nnete kapa leshano. Lefatshe le tletse makanyane - banna le basadi ho a tshwana - motho ka mong o dutse a etsa matsapa a ho qhekella ba bang ka tjhelete.
Samkelisiwe Mhlongo,
e-mail
Ba tla o supa!
Ke kgathatsehile ka basebetsi ba mmuso ba iketsetsang boithatelo ka tjhelete ya pei. Mmuso o lahlehelwa ke tjhelete e ngata ka bobodu ba bona.
Re qadile leano la ho se hlole re mamella mekgwa eo e mebe, ba tla e bona toosa. Ba nyopisa merero ya mmuso ya ho thusa bafutsana. Tjhelete ya pei e hlophiseditswe ho ntlafatsa maemo a bophelo ba bafutsana, re ke ke ra shebella batho ba sotleha, ditjhelete tsa bona di jewa ka bolotsana!
Zokwana Papikie, Zebediela
Dikoranteng ho dutse ho buuwa ka batho ba etsang bobodu mmusong - re reng ka ditho tse ding tsa setjhaba? Na o kile wa kena bobodung le wena? Re ngolle o re bolelle! [s]
Lengolo la mobadi ya hapileng moputso kgweding ena, le tla hapela monga lona Motorola W230 music-phone e bitsang R700!
MANGOLO
Fumana MotoSharp-Sharp e nang le Motorola W230 music-phone le lethathama la ditlhoko tse ikgethang tsa mmino. E hatisa hona radiong ya yona ya FM kapa o ka mamela mmino ho 1GB MP3 player e nang le dipina tse 300.
u
Dula o phela
BONA e re...
KE Keresemese - nako ya ho phomola, ya boithabiso. Ho a swabisa hore ebe ho ba bangata ena ke nako ya mafu. E, ke nako yane ya selemo eo mebila ya habo rona e fetohang selakga.
Ho ipiletswa diradiong le ho TV ho rapelwa bakganni hore ba se kganne ba tahilwe, ba kgathetse hape ba hlonephe melao ya tsela hore bohle ba fihle moo ba yang ba phetse hantle.
Ke be ke nahane hore hoja ebe ena e ne e le papatso ya ho rekisa seetswa sa khampane e itseng, e ne e tla ba kgale e wele, hobane ho se motho ya tla batlang ho utlwa letho ka yona. Hobaneng? Batho ha ba batle ho eletswa - ho mamela molao o sireletsang bona?
Sena se bolelang ka rona Maafrika Borwa?
Re lla ka bobodu ba boradipolotiki le mapolesa, le dinokwane tse sehloho empa...
Ke mona le rona re hlolwa ke ho etsa phapang... Ha ho letho le re thibelang hore re se hlonephe molao empa re sa ntse re etsa boithatelo.
"Ke yena ya phoso!" Le wena o rialo. Nahana! Ke makgetlo a makae o bona mokganni ya sa tsotelleng matshwao a tsela hobane a tatetse ho ya kena ka pela koloi e nngwe e kwaletsweng ke mabone? Bakganni bohle, re sesosa sa dikotsi kapa re mahlatsipa.
O tla hlokomela hore ke boitshwaro ba rona feela boo batho ba kgonang ho re bona ka bona hore re batho ba jwang. Re bonahala ka moo re sa nahaneleng ba bang ka teng.
Bakganni ba bangata le bona ba ebe ba tatetse ho ya fihla moo ba yang mme re lokela ho suthelana hantle hore motho ka mong a fumane monyetla.
Ho na le batho ba nahanang hore ditlhoko tsa bona di bohlokwa ho feta tsa ba bang...mme ba batle ho hatella ba bang.
Le dinokwane tseo re llang ka tsona di nahana jwalo ka rona, le tsona tsa bona ditlhoko ba bona e le tsa bohlokwa ho feta tsa batho ba bang bohle...
BONA October 2008
u
Q
Na mmuso wa SA e sa le wa demokrasi ka mora tsela eo Mbeki a ntshitsweng ka yona?
E. "Ba entse hantle. Zuma o lokela ho busa jwale. Mbeki le yena o se fumane sa hae sebaka, nako ya hae e fedile."
Thandazile Mtjale (56)
E. "Re lwanne ka thata hore e be baetapele empa jwale ha ba sa re thusa ka letho. Rona re kgathatsehile ka maemo a setjhaba, bona ha ba na taba. Ha ba tsamaye."
Abigail Shange (48)
TJHE. "Ha se toka hore Mopresidente Mbeki a se ka dumellwa ho qetela nako ya hae. Ebe Zuma o tla etsa phapang ya eng? "
Patience Gumede (41)
E. "Mokga o busang o ne o tlameha ho etsa phapang. Ha ke bone ekare ho na le letho leo e le entseng ntle ho nna ba tlola molao feela."
Tshabang Mpko (23)
E. "Re na le mmuso wa demokrasi. Mbeki o bonahala a kgathatsehile haholo ka maemo a Zimbabwe ho feta a Afrika Borwa."
Someone Ngubo (22)
E. "Hantle haholo! Ha mokgatlo o bona motho eo a sa phethe mosebetsi wa boetapele ka tshwanelo, o lokela ho mo leleka."
Ntembiso Magocobu (35)
TJHE. "Ha ho demokrasi hohang. Ha ho letho leo batho ba ka le buang, Mbeki o ne a lokela ho dumellwa ho qeta nako ya hae ya puso."
Bryan Sipho Dube (21)
E. "Mopresidente wa Afrika Borwa e lokela ho ba Jacob Zuma."
DM Msweli (60)
