sotho.1689.yourlifeguide_motivation
Ho se tsebe ke
LEBOTE
Ba re seo o sa se tsebeng se ke se o utlwise bohloko. O se ka kgolwa ntho eo! O dutse o utlwiswa bohloko ke seo o sa se tsebeng kamehla
KE sa tswa bala ka monna wa Amerika ya bitswang Chris Gardner. Ke pale e kgothatsang! Chris o ne a sa mo tsebe ntatae ho fihlela e eba monna. Ntatae o ne a tshwarwe makgetlo a mabedi mme a tlameha ho holela mahaeng a dikgutsana. O ne a betwe ke monna e mong mme ntate eo a neng a mo hodisa, le yena o ne a mo hloile, a mo hlekefetsa, a mmolella hore o tla mmolaya.
Chris o ne a se na moo a ka patang hlooho teng mme a dula le matlwaneng a setjhaba le morahae.
Haeba Chris o ile a lahla tshepo, a dumella maemo, o ne a tla nyatsa mang?
Empa seo Chris a neng a se etse, o ne a iqalle kgwebo eo kajeno e etsang dibilione tse ditolara. Kajeno o thusa ba bang ho lwantsha bofutsana (ho bile ho entswe le filimi ka bophelo ba hae, The Pursuit Of Happyness, eo sebapadi se pele ho yona e leng
Will Smith).
Ke a tshepa hore Chris Gardner o teng ho rona bohle. Ke bolela hore o na le bokgoni ba ho etsa dintho di etsahale.
Ke a rapela hore o ke o bulehe mahlo, o bone hore o na le bokgoni ba ho etsa dintho.
Re na le bokgoni bo makatsang boo Modimo a re nehileng bona. Ha a re etsetsa hore re hlolehe. Re ka ba le dineo tse fapafapaneng, empa ka tsona Modimo o re nehile bokgoni ba ho ikatlehisa. O mamedisise, ha ke bolele hore o "tume" empa o atlehe.
Haeba o tseba seo o ka kgonang ho se etsa, le wena o ka kgona ho etsa mehlolo eo o boneng batho ba bang ba kgona ho e etsa ho fetola maphelo a bona.
Nkare ho wena ho se tsebe, ke sebetsa se seholo sa Ramautla. Ho se tsebe, ke bomadimabe boo o iphang bona ka bowena, mme ke hona ho o hulelang morao.
O ke o utlwe batho ba bolela hore o ke se utlwiswe bohloko ke seo o sa se tsebeng? O se kgolwe ntho e jwalo!
O dutse o utlwiswa bohloko ke hona kamehla.
O a tseba hore diterata tsa makeishene, metse le ditoropo di kgabisitswe ka kgauta? Empa e le hore feela batho ha ba e hlokomele. Ba mmalwa ba e hlokomelang, ke bana ba dutseng ba batla tsebo. Ke ka hona o fumanang le setjhabeng se futsanehileng ho na le batho ba adimanang ka tjhelete, ba kgonang ho e sebedisa, ba siye eo ba ka adimanang ka yona.
Mathata a hao a maholo ona jwale, ke ho se tsebe.
Ho ka bonahala e ka o na le mathata a tjhelete, lenyalo kapa a kgwebo, empa mothapo wa bothata ka bong, ke ho se tsebe.
O na le tsela ya ho intsha bothateng boo. O na le tsela ya ho phethisa ditoro tseo tsa hao.
Ho teng seo o ka se etsang ho pholosa lenyalo la hao, ho na le mokgwa o ka o etsang hore o se adime tjhelete, empa e be wena ya adimanang ka yona - ipotse o iphumane hore o ka etsa eng feela.
Maemo a hao ha se a ikgethang. Batho bohle lefatsheng ka bophara ba fetile mathateng a kang a hao - empa ba a hlola.
Ke se ke badile ka batho ba hlahileng ba se na matsoho, empa ba kgona ho etsa tsohle tse etswang ke bohle, ba a ikuta, ba kganne, ba tjhentjhe le bana maleiri ka maoto a bona. Ho na le batho ba pentang ka molomo hobane ba se na matsoho.
Kajeno naha e hlontjhwang lefatsheng ka bophara e na le mopresidente wa motho e motsho. Dilemong tse 60 tse fetileng, ntatae o ne a sa kgone ho kena lebenkeleng la dijo a reke le kopi ya kofi; dilemong tse 200 tse fetileng, e ka be e le lekgoba, a ruuwe ke motho e mong, a rekiswe le ho rekiswa.
Metswalle ya ka: bofutsana ha bo bolele ho hloka tjhelete kapa dintho tse itseng - empa ke ho se be le toro kapa yona tjhebelopele ho tswa ho Modimo. Sefofu se betere ho feta motho ya iphoufatsang.
Fatshe lena ke la ba nang le ditoro. O ka tloha moo o leng teng, o be moo o ratang ho ba teng. Sohle se a kgoneha! [S]
Moruti George
Sefofu se betere ho feta motho
ya
iphou-fatsang
KGOTHATSO
