sotho.1687.triviasept
maqephe a boithabiso a
Tsohle ka...
LEMPETJE
u Mampetje ke o mong mofuta wa mekgodutswane. Makiriki a le bitsa tau ya lefatshe."
u A fumanehang mona Afrika a bolelele bo tlohang ho 2,8cm ho ya ho 68cm.
u A na le menwana e mehlano mme e mmedi e kopane le e meraro kopane. Ka lebaka lena, mampetje a kgona ho itshwarella ka bonolo makaleng a difate.
u Monwana ka mong o na le lenala le bohale leo ka ona e kgonang ho itshwarella hantle.
u Lempetje le letshehadi le behela mahe ka mora dibeke tse tharo ho isa ho tse tsheletseng le fumane poho. Le tjheka mokoti o botebo ba 10 ho ya ho 30cm mme le behella ka hara ona, le qete le a kwahele ka mobu.
u A mang a behela mahe a fihlellang ho 100 ka nako e le nngwe.
MAHLO... Dinama tsena tse kwahetseng mahlo di kopantswe ke namanyana tse nyane. Mahlo a lona a kgona ho pelekana le bone mahlakoreng a mabedi ka nako e le nngwe.
LELEME... Lempetje le na le leleme le le lelele (ka nako e nngwe le be le fete le mmele wa lona ka bolelele). Le kola dikokonyana ka lona. Mathe a lona a a kgoramela, ka hoo, le kgona ho kola dikokonyana ka bonolo. Hang ha le qeta ho tshwasa kokonyana, le le kgutlisetsa ka hare ka potlako mme le hlafune phofu eo ya lona. Le lempetje le lenyane haholo le a kgona ho ja lerutle le leholo.
MEBALA YA LONA... Mampetje a tumme ka ho fetofetola mmala. Mmala ke ona o bolelang "maikutlo" a mokgodutswane. Mmala ona o boele hape o be bohlokwa haholo tabeng ya puisano. Sena se a etsahala leha ho na le ba dumelang hore lempetje le ke se iphetole mmala!
BONA SESOTHO - September 2007
Dikolobe, walruses le dipere tse mmala o kganyang di ka tjheswa ke letsatsi
Dipapadi tsa mefutafuta
BONA
Iteke tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala, ke eng seo o se bonang?
Batla lentswe
Ho dumedisa...
... ke ntho e bobebe. Kapa o nahana jwang. Empa he haeba o bua Seyoruba, puo e buuwang Afrika Bophirima, dintho di ka ba thata. Ha o dumedisa, ho ya ka nako, hore motho eo o etsang le hore o ne o mo qetele neng...
Hoseng: E kú àárò
Mantsiboya: E kú òsán
Ka phirimana: E kú ìròle
Pele ho kgitla: E kú alé
Ka mora kgitla: E kú áísún
Mothong ya lapeng: E kú alé
Ya mosebetsing: E kú isé
Mothong ya kgutlang: E kú
àbò
Mothong ya dutseng: E kú
ìjokòó
Eo e leng kgale o mo qetetse:
E kú àmójúbà
E nngwe tsela ya hoseng: O
kú àárò
E nngwe tsela ya mantsiboya:
O kú òsán
E nngwe ya phirimana: O kú
ìròle
E nngwe ya pele ho kgitla: O
kú alé
E nngwe ka mora kgitla: O kú
áísún
Fumana lentswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase kapa o tshekalla. Se tlole tlhaku, o tsikelletse lentswe leo o le fumanang mme o le hlakole lenaneng la a ka thoko.
Dikamele di na le dinama tse tharo tse kwahelang mahlo ho thibella ho fahlwa
Bopa lentswe
BONA SESOTHO - September 2007
Bopa lentswe le Senyesemane le ditlhaku di nne kapa di hlano o sebedisa ditlhaku tse masakaneng. Tlhaku e hare (e kgubedu) e tlameha ho sebediswa mantsweng ohle. Tlhaku ka nngwe e sebediswa ha nngwe.
Lephela le leholo ho feta lefatsheng le fumaneha Australia mme le ka ba bolelele ba 9cm le boima ba 30g.
maqephe a boithabiso a
MAHODIOTSWANA
Marangrang a ditshwantsho
BONA SESOTHO - September 2007
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola dikgeong.
BONA
Lehodiotswana ke setsokotsane se matla se thetsang marung, se boele se tlo thetsa fatshe.
Mahodiotswana ana a tla ka boholo bo sa lekaneng, a ba maholo hodimo a qetelle ka ho ba manyane tlase.
Hangata, mona qetellong ya lona ho na le leru la matlakala.
Bongata ba ona bo matha ka lebelo la 175km/h, le nke bophara ba 75m mme le matha dikilomitara tse mmalwa pele le qhalana. Ho na le a mang a mathang ka lebelo la 480km/h, le be bophara ba 1,6km mme le mathe sebaka sa dikilomitara tse 100.
Mahodiotswana a fumaneha dikontinenteng tsohle ntle le Antarctica. Mahodiotswana a ratela haholo United States.
NA O NE O TSEBA?
Catfish e tona e boloka mahe a molekane wa yona ka hanong ho fihlela a qhotswa. Ha e je fihlela mahe ao a qhotswa ka mora dibeke tse mmalwa.
NA O NE O TSEBA?
Lengau le lona le etsa lerata le kang la ntja mme le utlwahala bohole ba kilomitara!
GUAVA
Ho na le mefuta e fetang 100 ya guava, e kang ditlamatlama le difate. Mane Asia, guava e tala e kengwa letswaing pele e ka jewa mme tholwana ena ya teng mmoho le mahlaku a sebedisetswa ho etsa tee. Mahlaku a guava a boele hape a sebediswe e le moriana wa letshollo.
Dipapadi tsa mefutafuta
Tshwene e ka itshwantsha seiponeng ha api yona e sa kgone.
Bontsha bokgoni ba puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala, ke eng seo o se bonang?
Dimakatso tsa Microwave
SENA ke selemo sa bo 60 microwave e le teng. Ke ntho e ntle - sesebediswa sena haesale se bebofatsa maphelo a batho malapeng dilemong tsena kaofela.
Dr Percy LeBaron Spencer, ke yena ya neng a qale ho hlahisa microwave, o ne a ithute mosebetsi wa botegniki nakong eo a neng a sebetsa Raytheon Corporation.
O ne a le tshebetsong ya ho etsa diteko tsa lethopo le letjha la vacuum, empa a fumana tjhokoleiti e neng e le ka hare ha e ne e qhibidihile. Ka mora moo, o ne a etse diteko tse ding ka popcorn. O ne a behe popcorn haufi le lethopo leo la vacuum, poone eo e ne e qhome ya tlala ntlo!
Diteko tsa 1945 le tsa 1946 ke tsona tseo e neng e be katleho e kgolo mme ya re ka 1947, microwave ya pele ya rekiswa.
E ne e le boima ba 340kg le bophahamo ba 1,5m. E ne e sebediswa haholo diketjhineng tsa dikepeng le mabenkeleng a dijo.
Ka ho ya ka Louis Bloomfield, profesara ya physics mane yunivesithing ya Virginia, ho la USA, microwave ke sona sesebediswa se sireletsehileng sa ketjhineng ha se sebediswa ka nepo.
Dintlha re di fumane ho Whirlpool. Bakeng sa dintlha, dikeletso le diresepe, etela www.whirlpool.co.za. [s]
BONA SESOTHO - September 2007
Se nwa madi
"Leech" ke seboko se jang madi. Se phunya letlalo la phofu ya sona, se itshetle ka madi a fetang boima ba sona ho ya boneng. Ka mora moo, se tla dula dikgwedi se sa je. Diboko tsena di kile tsa sebediswa ke dingaka ho monya "madi a mabe" bakuding.
